Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Thoe’ng ka Liphathi Tsa ho Jaefa Tsa Bacha?

Ho Thoe’ng ka Liphathi Tsa ho Jaefa Tsa Bacha?

Bacha Baa Botsa . . .

Ho Thoe’ng ka Liphathi Tsa ho Jaefa Tsa Bacha?

“Ke ne ke e-na le morero ha ke e-ea teng—hore ke hle ke natefeloe.”—Shawn.

“Ha re se re bua ’nete, ho ne ho le monate—li ne li hlile li boea! Re ne re jaefa hore ho khaohe moo ho khoehlang bosiu ho sa.”—Ernest.

LIPHATHI tsa ho jaefa tsa bacha li atile haholo lilemong tsa morao tjena. Bacha ba bangata ba ratang menate ba ea liphathing tse joalo kamehla.

Ke ’nete hore kaofela ha rōna re rata ho ithabisa. ’Me Bibele e re ho na le “nako ea ho thaba” esita le “nako ea ho tantša.” (Moeklesia 3:4, Today’s English Version) Leha ho le joalo, na liphathi tsa ho jaefa tsa bacha li fana ka boithabiso bo hahang? Kapa na ho na le lebaka le utloahalang la hore motho a nahane habeli pele a e-ea ho tsona?

“Liphathi Tse Hlaha”

Le hoja Bibele e sa nyatse ’moka e itekanetseng ea botsoalle, e eletsa khahlanong le “mekete e lerata” kapa “liphathi tse hlaha.” (Bagalata 5:19-21; Byington) Mehleng ea Bibele, hangata mekete e lerata e ne e fella ka boitšoaro bo tsoileng tseleng. Moprofeta Esaia o ile a ngola: “Ho malimabe ba tsohang hoseng haholo e le hore feela ba batle joala bo tahang, ba liehang ho fihlela ka shoalane hoo veine e ba tahang! Ho tla ba le harepa le seletsa se likhoele, moropa o monyenyane le lekolilo, le veine meketeng ea bona; empa ha ba talime mosebetsi oa Jehova.”—Esaia 5:11, 12.

Meketeng ena ho ne ho nooa “joala bo tahang” ’me ho letsoa ’mino o hlaha. E ne e ee hle e qalelle ’me e fele bosiu. Hlokomela hape hore na boikutlo ba batho bao ba lerata e ne e le bofe—ba ne ba itšoara joalokaha eka Molimo ha a eo! Hase feela Molimo a ileng a nyatsa mekete e joalo. Leha ho le joalo, Molimo o ikutloa joang ka se etsahalang liphathing tse ngata tsa ho jaefa tsa bacha kajeno?

Hlahloba lintlha. Ntlha ea pele, liphathi tse ling li tsoela pele ho ba le liketsahalo tseo ho tsona “motho e mong a fetisoang ka holim’a letšoele” le ho ba le jaefe e hlaha e bitsoang jaefe ea ho ithaburanya. Mohloli o mong o bolela hore “jaefe ea ho ithaburanya e qalile bohareng ba lilemo tsa bo-1980, litlelabong tse ileng tsa kena United States ka mor’a mehla ea bophanka. Jaefe ena e tsoa . . . ‘jaefeng ea thula-mabota,’ eo ho eona batho ba neng ba theselana.” Hangata jaefe ea ho ithaburanya e akarelletsa ho tlōla-tlōla, ho tsokotsa hlooho ka matla le ho e tsukutla, hammoho le ho thulana. Ho tloaelehile hore batho ba robehe maoto kapa matsoho, kapa ba tsoe maqeba, ’me hape ho ’nile ha e-ba le ba lemalang lesapo la mokokotlo kapa hloohong. Ba bang ba bile ba shoa. Ketsahalong ea ha motho a fetisoa ka holim’a letšoele, o phahamisetsoa ka holim’a lihlooho tsa letšoele, a nkeloe holimo ebe o ntse a fetisetsanoa ka matsoho a le holimo. Ba bangata ba ’nileng ba kukeloa holimo joalo, ba ile ba tlohelloa hore ba ratlane fatše, e leng ho ’nileng ha fella ka ho tsoa likotsi. Ke ntho e tloaelehileng hore banana ba phopholetsoe le ho tšoaroa-tšoaroa ka tsela e fosahetseng.

Kantle ho pelaelo, Molimo o nyatsa boitšoaro bo joalo. Etsoe Lentsoe la hae le laela Bakreste “ho hana ho hloka bomolimo le litakatso tsa lefatše le ho phela ka ho hlaphoheloa kelellong.”—Tite 2:12.

’Mino le Lithethefatsi

Nahana hape ka mofuta oa ’mino o letsoang liphathing tse ngata tsa ho jaefa tsa bacha. Tse ling li ikhetha ka ’mino oa rock e matla kapa ’mino o nang le morethetho o boima, o tsebahalang ka morethetho o matla le mantsoe a litšila. Empa liphathing tse ngata, ’mino o ratoang haholo ke oa rap kapa oa hip-hop. Ke ’mino o susumetsang ho kopanela liphate, pefo le borabele ka tsela e tšoanang. Na ebe ho ipepesetsa ’mino o joalo tikolohong e mpe joalo ho ka u ama? Setsebi sa li-nightclub, David Hollingworth, se re: “’Mino o ama batho kelellong ka tsela e makatsang. Ha u ba bokanya hammoho e le letšoele, o ka ’na oa ba susumetsa hore ba itšoare ka tsela e mabifi.” Ha ho makatse hore ebe metseng e mengata United States, ho ile ha ’na ha qhoma lintoa liphathing tsa ho jaefa tsa bacha. Batho ba bangata ba nahana hore ke phello e tobileng ea ’mino o tlotlisang mesebetsi e litšila le boitšoaro bo sehlōhō. *

Ho sebelisoa ha lithethefatsi lilemong tsa morao tjena le hona e se e le karolo ea liphathi tsa ho jaefa tsa bacha. Mofuputsi e mong o boletse hore “ho fumaneha ha lithethefatsi tse seng molaong ka mefuta-futa ea tsona le ho sebelisoa ha tsona . . . ho ’nile ha etsa hore liphathi tsena tsa ho jaefa tsa bacha li ratuoe.” Ha e le hantle, ho na le tse tummeng ka hore ke lithethefatsi tsa ho jaefa. Bacha ba bang ba tloaetseng ho ea liphathing tsena ba sebelisa le lithethefatsi tse tsoakiloeng. Mofuta o mong o ratoang haholo oa lithethefatsi tse tsoakiloeng ke ketamine (hape e bitsoa special K), e leng sethethefatsi se ka tarakanyang motho hlooho, sa mo ferekanya kelello, a ba le bothata ba ho hema le ho senyeha methapo ea boko. Methamphetamine e ka etsa hore motho a lahleheloe ke kelello, a be leqhooko, a be mabifi, ’me ho ka etsahala hore pelo ea hae le methapo ea kelello li senyehe. Ecstasy e tsoang ho amphetamine ke eona e ratoang ka ho fetisisa. E ka bakela motho pherekano, matšoenyeho, ho uba ha pelo, khatello e phahameng ea mali le feberu e matla. Basebelisi ba bang ba ecstasy ba bile ba shoele.

Ho sebelisa lithethefatsi tse seng molaong ho khahlanong le taelo ea Bibele e reng “itlhatsoeng litšila tsohle tsa nama le tsa moea.” (2 Bakorinthe 7:1) Na ebe ke bohlale ho ba sebakeng seo ho sona ho sebelisoa ha lithethefatsi ho qaphakileng?

Tloaelano e Mpe

Hopola temoso ena e qotsoang khafetsa: “Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.” (1 Bakorinthe 15:33) Joaloka barati ba meketjana e lerata ba mehleng ea Bibele, ho bonahala bacha ba bangata ba tloaetseng ho ea liphathing tsa jaefe tsa bacha ba sa ameha ka ho khahlisa Molimo. Ha e le hantle, bongata bo ka hlalosoa e le bo “ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo.” (2 Timothea 3:4) Na ke sona seo u hlileng u se batlang, ho tloaelana le mokhopi o kang oo?

Ba bang ba ka ’na ba beha mabaka ka hore ho ea le bacha ba bang ba Bakreste liphathing tsa ho jaefa tsa bacha ho ka fokotsa likotsi. Leha ho le joalo, bacha ba Bakreste bao ka sebele ‘ho ba tšepahalang e leng mohlala . . . boitšoarong’ mohlomong ba ke ke ba rata ho ea. (1 Timothea 4:12) Esita le haeba ho ka etsahala hore sehlopha sa bacha ba Bakreste se ee phathing ea ho jaefa ea bacha ’me se khone ho ipōpa ngatana e le ’ngoe, se tla ’ne se be tikolohong eo e litšila le ’minong oo o hlaha. Ba ka iphumana ba le boemong boo ba sa phutholohang kapa ba thatafalloang ha ba kōptjoa ke ba bang hore ba tl’o jaefa le bona. Bacha ba bang ba bile ba iphumana ba se ba kopanetse ntoeng! Ka hona mantsoe a Bibele ke ’nete ha a re: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.”—Liproverbia 13:20.

Jaefe e Tsosang Takatso

Ntho e ’ngoe eo u lokelang ho e nahana ke jaefe ka boeona. Mofuta o mong oa jaefe ea mohlolo e fetohile e ratoang haholo ke bacha ba United States ba ka tlaase ho lilemo tse 20. Hantle-ntle jaefe ea teng e etsoa ka ’mino oa hip-hop o nang le mantsoe a litšila a behang taba ea ho kopanela liphate puo phara. Ho feta moo, jaefe ena ka boeona e etsoa joalokaha eka ho kopanetsoe liphate. Ka lebaka lena, mokhoa oo ho jaefuoang ka oona o bile oa bitsoa ‘ho kopanela liphate ho ntse ho aperoe.’

Na mocha oa Mokreste a ka rata ho kopanela mofuteng o tjee oa jaefe? Eseng haeba a rata ho khahlisa Molimo, ea re laelang hore re ‘balehele bohlola.’ (1 Bakorinthe 6:18) Ba bang ba ka ’na ba re, ‘Haeba ke ntho eo e mong le e mong a e etsang, e ke ke eaba e mpe hakaalo.’ Leha ho le joalo, e ka ’na eaba bongata bo fositse. (Exoda 23:2) E-ba le sebete sa ho ema u tiile ka pel’a lithaka tsa hao ’me u boloke letsoalo la hao le hloekile ho Molimo!—1 Petrose 4:3, 4.

Ho Etsa Qeto

Sena hase bolele hore lijaefe tsohle li mpe. Bibele e re bolella hore Morena Davida o ile a hlōloa ke thabo ka mor’a hore a khutlele Jerusalema le areka e halalelang ea selekane hoo a ileng “a tjeka . . . ka matla a hae ’ohle.” (2 Samuele 6:14) Papisong ea Jesu ea mora ea lehlasoa, thabo e bileng teng mohla mora a khutlileng e ne e akarelletsa “konsarete ea ’mino le motjeko.”—Luka 15:25.

Ka ho tšoanang, mefuta e meng ea jaefe e ka ’na eaba ea amoheleha ho Bakreste sebakeng sa heno. Le hona mona, teka-tekano le kahlolo e molemo ke tsa bohlokoa. Ho sireletsehile haholoanyane ho thabela ’mino le jaefe ’mokeng ea Bakreste moo ho nang le taolo e loketseng le tlhokomelo ho feta liphathing tsa bacha. ’Mokeng ea Bakreste e behiloeng leihlo, bacha ba ha itšehle-thajana empa ba thabela botsoalle bo hahang le Bakreste ba lilemo tsohle.

Ke ’nete hore e ka ’na eaba ho na le lireschorente tse ling motseng tseo ho letsoang ’mino e bileng ho jaefuoang ka tsela e amohelehang. Empa pele u lumela ho ea ho se seng sa libaka tsena, e tla ba hantle ho ipotsa lipotso tse kang tsena: Sebaka see se tumme ka eng? Na se sebeletsa bacha feela? Haeba ho joalo, na ho ka etsahala hore ho be le moea o hahang? Ho tla letsoa ’mino oa mofuta ofe? Ke mofuta ofe oa jaefe o etsoang moo? Batsoali ba ka ba tla ikutloa joang haeba ke e-ea? Ho ipotsa lipotso tse kang tsena ho ka u sireletsa kotsing.

Shawn, ea qotsitsoeng qalong, o lihela likhala hamonate. Pele e e-ba Mokreste, o ne a atisa ho ea liphathing tsa bacha tsa jaefe. Oa hopola: “Ho na le boitšoaro bo hlephileng haholo liphathing tsa bosiu. Hangata, ’mino ke o hlephisang boitšoaro, jaefe hangata ke ea boitšoaro bo litšila ka ho fetisisa, ’me boholo ba batho ba eang moo ba ea ka morero o itseng—ba batla ho tloha phathing eo ba e-na le motho eo ba ka kopanelang liphate le eena.” Ka mor’a ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, Shawn o ile a khaotsa ho ea liphathing tse joalo. O fana ka maikutlo a hae, ka lebaka la phihlelo e bohloko eo a fetileng ho eona, o re: “Litlelabo tse joalo, ho hang ha lia lokela Bakreste.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 13 Bona sehlooho se reng “Lebaka Leo ka Lona ’Mino o re Amang,” tokollong ea Tsoha! ea October 8, 1999.

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Bacha ba bang ba iphumane ba selebaletsoe ha ba le liphathing tsa ho jaefa tsa bacha