Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kamoo Batho e Bang Bahlaseluoa

Kamoo Batho e Bang Bahlaseluoa

Kamoo Batho e Bang Bahlaseluoa

Monika o ne a sa tsoa qeta sekolong ha a qala ho sebetsa e le ea rupelloang ho ba tlelereke liofising tsa molao. Monika o ne a lebeletse hore ho tla ba bonolo feela ho tlohela bophelo ba sekolo a kena mosebetsing.

Horst e ne e le ngaka ea meriana lilemong tse bohareng tsa bo-30. O ne a e-na le mosali le bana, ’me ho ne ho e-na le mabaka ’ohle a ho lumela hore o tla hlahella ka mahetla a be a amohele chelete e ngata.

Monika le Horst ka bobeli e bile bahlaseluoa ba ho hobosoa.

TABA ea Monika le Horst e re ruta thuto ea bohlokoa: Ha ho bonolo ho tseba hore na ke bo-mang ba tla hobosoa mosebetsing. Ka sebele, mang kapa mang ea sebetsang mosebetsi oa mofuta ofe kapa ofe a ka hobosoa. Joale, u ka itšireletsa joang? Tsela e ’ngoe ea ho itšireletsa ke ea ho ithuta tsela ea ho phehella khotso mosebetsing, esita le ho basebetsi-’moho bao ho leng thata ho sebelisana le bona.

Ho Utloana le Basebetsi-’moho

Ho ba bangata, ho tšoarella mosebetsing ho hloka hore ba sebelisane hantle le sehlopha sa basebetsi-’moho le ho thusa sehlopha seo ho sebetsa hamolemo se momahane. Haeba basebetsi-’moho ba utloana, ho etsoa mosebetsi o tsoileng matsoho. Haeba ba sa utloane, mosebetsi ha o etsoe hantle ’me monyetla oa ho hobosoa oa eketseha.

Ke’ng se ka sitisang sehlopha sa basebetsi ho sebetsa hantle? Ntho ea pele, ho ka ’na ha fetoloa basebetsi nako le nako. Boemong bo joalo, ho thata ho theha setsoalle. Ho feta moo, basebetsi ba bacha ha ba tsebe mosebetsi, e leng se liehisang tšebetso ea bohle. Haeba mosebetsi o bokellana, sehlopha se ka ’na sa e-ba tlas’a khatello e sa feleng.

Ho feta moo, haeba sehlopha se se na lipakane tse hlakileng, se ke ke sa e-ba le boikutlo ba bonngoe. Ka mohlala, ho ka ’na ha e-ba joalo haeba mookameli ea sa kholisehang ka setulo sa hae a nka nako e ngata a se sireletsa ho e-na le ho etella pele. A ka ba a leka ho laola ka ho qabanya basebetsi-’moho. Ho mpefatsa litaba le ho feta, sebōpeho sa sehlopha sena e ka ’na ea e-ba se sa tsitsang hoo basebetsi ba bang ba sa utloisiseng hore na boikarabelo ba bona bo qala hokae le hore na bo fella hokae. Ka mohlala, ho ka ’na ha e-ba le likhohlano ha basebetsi ba babeli ba nahana hore ke bona ba nang le boikarabelo ba ho tekena li-invoice ka morero oa ho netefatsa hore thepa e ngotsoeng ho tsona e nepahetse ’me e pataloe.

Boemong bo joalo, puisano ea senyeha ’me sekhopi se lula se sa rarolloa. Mohono o senya tikoloho ea mosebetsi, ’me basebetsi-’moho baa hlōlisana bakeng sa ho ratoa ke mookameli. Ho se utloisisane ho honyenyane ho talingoa e le mahlapa a maholo. Ha e le hantle, liolo li fetoha lithaba. Joale motheo oa ho hobosoa o se o raliloe.

Ho Khetha ’Mutl’a-lintjeng

Ho pholletsa le nako e itseng, mosebetsi e mong a ka ’na a qoolloa e le ’mutl’a-lintjeng. Ntho e tjee e ka etsahalla motho oa mofuta ofe? Mohlomong motho ea fapaneng le ba bang. Ka mohlala, e ka ’na eaba ke eena feela monna ka har’a basali kapa mosali ka har’a banna. Motho ea itšepang a ka ’na a nkoa e le ea khahlapetsang, ha motho ea thōtseng a ka ’na a nkoa e le senonnori. Motho eo ho nang le monyetla oa hore e be mohlaseluoa e ka ’na ea e-ba ea fapaneng hobane a le moholo kapa a le monyenyane ho feta bohle ka har’a sehlopha kapa hobane a tšoanelehela mosebetsi ho feta ba bang bohle.

Koranta ea Jeremane ea bongaka ea mta e tlaleha hore ho sa tsotellehe hore na ’mutl’a-lintjeng ke mang, basebetsi-’moho “baa mo khesa ba bile baa mo nyelisa, ka lebaka leo ba ikutloa ba imoloha khatellong ea kelello.” Boiteko bo etsoang ke ’mutl’a-lintjeng ho lokisa boemo ha bo atlehe ebile bo ka ba ba mpefatsa lintho. Ha tšoso ena e etsoa khafetsa ebile e etsoa ka tsela e hlophisehileng, ’mutl’a-lintjeng o itšehla thajana le ho feta. Lekhatheng lena, ho ka etsahala hore mohlaseluoa oa ho hobosoa a hlōlehe ho sebetsana ka katleho le boemo bona a le mong.

Ke ’nete hore mosebetsing ho ’nile ha e-ba le monyetla oa hore batho ba tšoaroe hampe. Empa ba bangata ba ka hopola nako eo ka eona ho neng ho bonahala ho e-na le botsoalle har’a basebetsi-’moho. E ne e le ntho e etsahalang seoelo hore batho ba like e mong. Empa ho theosa le lilemo ho ’nile ha e-ba le seo ngaka e ’ngoe e ileng ea se bitsa “kobo-anela ea ho fokotseha ha moea oa ho ba ngatana-’ngoe le ho nyamela ha ho hlajoa ke lihlong.” Hona joale batho ha ba na lihlong tsa ho tšoarana ka matsoho mosebetsing.

Kahoo, ke ka nepo bohle ba hiriloeng ba amehileng ka likarabo tsa lipotso tsena: Na ho hobosoa ho ka thibeloa? Ho ka phehelloa khotso joang mosebetsing?

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Pakane ea ho hobosoa ke ho etsa hore mohlaseluoa e be molahloa