Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Talima Lenyalo e le le Halalelang?

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Talima Lenyalo e le le Halalelang?

Pono ea Bibele

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Talima Lenyalo e le le Halalelang?

KAJENO ho ka etsahala hore batho ba bangata ba bolele hore ba lumela hore lenyalo lea halalela. Joale, ke hobane’ng ha manyalo a mangata hakaale a fella ka tlhalo? Ho ba bang, lenyalo ke tšepiso e etsoang ka lebaka la ho ratana le tumellano ea molao. Empa litšepiso li ka robjoa. Batho ba talimang lenyalo ka tsela ena ba bona ho le bonolo haholo ho khaola lenyalo la bona ha ho le boima.

Molimo o talima tokisetso ea lenyalo joang? Karabo e fumanoa Lentsoeng la hae, Bibele, ho Baheberu 13:4 e reng: “Lenyalo le ke le hlomphehe har’a bohle.” Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le ‘hlompheha’ le bolela ntho ea bohlokoa le e tlotloang haholo. Ha re nka ntho e le ea bohlokoa, re etsa bonnete ba hore e lula e bolokehile ’me ha re e lahle, esita le ka phoso. Ho lokela ho ba joalo le tabeng ea tokisetso ea lenyalo. Bakreste ba lokela ho le talima e le le hlomphehang—e le ntho ea bohlokoa eo ba batlang ho e sireletsa.

Ho totobetse hore Jehova Molimo o qapile lenyalo e le tokisetso e halalelang pakeng tsa monna le mosali. Empa re ka bontša joang hore re lumellana le pono ea hae ka lenyalo?

Lerato le Tlhompho

Ho hlompha tokisetso ea lenyalo ho hloka hore balekane ba lenyalo ba hlomphane. (Baroma 12:10) Moapostola Pauluse o ngoletse Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, a re: “E mong le e mong oa lōna ka bomong a ke a rate mosali oa hae joalokaha a ithata; ka lehlakoreng le leng, mosali o lokela ho ba le tlhompho e tebileng ho monna oa hae.”—Baefese 5:33.

Ke ’nete hore ka linako tse ling molekane a ka ’na a se ke a etsa lintho tse bontšang lerato hakaalo kapa tse bontšang tlhompho. Ho ntse ho le joalo, Mokreste o lokela ho bontša lerato le joalo le tlhompho. Pauluse o ile a ngola a re: “Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong. Esita le joalokaha Jehova a ile a le tšoarela ka bolokolohi, le etse joalo le lōna.”—Bakolose 3:13.

Nako le Tlhokomelo

Banyalani ba nkang kopano ea bona e halalela ba nka nako hore e mong a phethahatse litlhoko tsa e mong tsa nama le tsa maikutlo. Sena se akarelletsa ho kopanela liphate. Bibele e re: “Monna a ke a fe mosali oa hae tokelo ea mosali; empa mosali le eena a etse ka ho tšoanang ho monna oa hae.”—1 Bakorinthe 7:3.

Leha ho le joalo, banyalani ba bang ba ’nile ba ba le maikutlo a hore monna a e’o lula sebakeng se seng ka nakoana e le hore a fumane moputso o eketsehileng. Ka linako tse ling, ho arohana hona ho ’nile ha lelefala ka tsela e sa lebelloang. Hangata karohano e joalo e entse hore lenyalo le be tlas’a khatello e khōlō, eo ka nako e ’ngoe e fellang ka bofebe le tlhalo. (1 Bakorinthe 7:2, 5) Ka lebaka leo, balekane ba bangata ba lenyalo ba Bakreste ba entse qeto ea ho tlohela menyetla ea lintho tse bonahalang ho e-na le ho beha lenyalo la bona leo ba le nkang le halalela kotsing.

Ha ho Hlaha Mathata

Ha ho hlaha mathata, Bakreste ba hlomphang lenyalo la bona ha ba potlakele ho arohana kapa ho hlalana. (Malakia 2:16; 1 Bakorinthe 7:10, 11) Jesu o itse: “E mong le e mong ea hlalang mosali oa hae, haese ka lebaka la bohlola, o mo pepesetsa bofebe, ’me mang kapa mang ea nyalang mosali ea hlaliloeng oa feba.” (Matheu 5:32) Ho khetha ho hlala kapa ho arohana empa balekane ba se na mabaka a Mangolo ho hlompholla lenyalo.

Pono ea rōna ka lenyalo e boetse e bontšoa ke keletso eo re e fang ba nang le mathata a lenyalo a tebileng. Na re potlakela ho buella karohano kapa tlhalo? Ke ’nete hore ho ka ba le linako tseo ka tsona ho bang le mabaka a utloahalang bakeng sa karohano, a kang ha molekane e mong a hlekefetsa e mong ka tsela e feteletseng kapa a sa mo hlokomele ka boomo linthong tse bonahalang. * Hape, joalokaha ho bontšitsoe ka holimo, Bibele e lumella tlhalo feela haeba molekane e mong a le molato oa bohlola. Ho ntse ho le joalo, Bakreste ha baa lokela hore ba susumetse ba bang ho etsa qeto maemong a joalo ho sa hlokahale. Etsoe ke motho ea nang le bothata ba lenyalo—eseng ea fanang ka keletso—ea tla sebetsana le liphello tsa qeto eo.—Bagalata 6:5, 7.

Qoba Moea oa ho se Tsotelle

Libakeng tse ling ho tloaelehile hore batho ba sebelise lenyalo bakeng sa ho fumana litokelo tsa ho lula naheng e ’ngoe. Hangata batho ba joalo ba etsa tumellano ea hore ba nyalane le moahi oa naha eo ’me ebe baa mo lefa. Hangata banyalani bana, le hoja ba nyalane, ha ba lule hammoho, mohlomong ha ba bile ha e be le metsoalle. Kapele ka mor’a hore e mong a fumane tokelo ea ho lula naheng eo, baa hlalana. Ba nka lenyalo la bona e le feela tumellano ea khoebo.

Bibele ha e lumelle moea o joalo oa ho se tsotelle. Ho sa tsotellehe sepheo sa bona, batho ba kenang lenyalong ba kena tokisetsong e halalelang eo Molimo a e nkang e le ea bophelo bohle. Ba kenang litumellanong tse joalo ba lula ba kopane e le monna le mosali, ’me Bibele e hloka hore ho be le tlhalo e loketseng hore motho a be le monyetla oa ho kena lenyalong hape.—Matheu 19:5, 6, 9.

Joalokaha ho le joalo tabeng ea boiteko leha e le bofe bo loketseng, lenyalo le atlehileng le hloka boiteko le mamello. Ba hlōlehang ho ela hloko khalalelo ea lona ba tela habonolo. Kapa ba ka ’na ba lumela ka lekhonono ho lula lenyalong le sa thabang. Ka lehlakoreng le leng, ba lumelang hore lenyalo lea halalela baa tseba hore Molimo o lebeletse hore ba lule hammoho. (Genese 2:24) Ba boetse baa hlokomela hore ha ba etsa hore lenyalo la bona le atlehe, ba mo hlompha e le Moqapi oa tokisetso ea lenyalo. (1 Bakorinthe 10:31) Ho ba le pono ena ho ba susumelletsa ho mamella le ho sebeletsa ho atlehisa lenyalo la bona.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 14 Bona Molula-Qhooa oa November 1, 1988, leqepheng la 22-3.