Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Keketseho ea Baahi ba Lefatše, Bibele le Bokamoso

Keketseho ea Baahi ba Lefatše, Bibele le Bokamoso

Keketseho ea Baahi ba Lefatše, Bibele le Bokamoso

KA MONGOLI OA TSOHA! SWEDEN

LELAPA la batho le hōtse ho tloha ho batho ba limilione tse likete li 1,65 mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo ho ea ho ba limilione tse likete li tšeletseng ho ea bofelong ba lekholo leo la lilemo. Na baahi ba lefatše ba tla tsoela pele ho eketseha ka lebelo le tšosang hakaale? Na sekete see sa lilemo se tla ba le sepenya sa baahi? Litsebi tsa ho eketseha ha baahi ba lefatše ba loanang le lipotso tse rarahaneng joalo ba bitsoa litsebi tsa ho eketseha ha baahi; ’me lefapha la bona le bitsoa thuto ea ho eketseha ha baahi.

Webster’s Dictionary e hlalosa thuto ea ho eketseha ha baahi e le “thuto ea lipalo-palo tsa baahi [haholo-holo] ha ho buuoa ka boholo le ho teteana ha bona, ho abjoa ha bona le lipalo-palo tse amanang le tsoalo, lefu, lenyalo, bophelo le mafu.” Litsebi li ithuta lintho tse tharo tseo ka ho hlakileng li nang le tšusumetso ho baahi—tsoalo (palo ea bana ba hlahang); lefu (palo ea batho ba shoang); le ho falla (palo ea ba fallang sebakeng se seng ho ea ho se seng).

Thuto ea keketseho ea baahi ea mehleng ea khale ke thuto ea ho eketseha le ho fokotseha ha baahi ba mehleng ea khale. Litsebi tsa keketseho ea baahi ea mehleng ea khale li ithuta haholoanyane ka tsoelo-pele ea boholo-holo ka ho phenya ka hloko boitsebiso bo ngotsoeng, lithako, masapo le lintho tse ling tse entsoeng ka matsoho. Thuto ea keketseho ea baahi ea mehleng ea khale e thehiloe boinahanelong ba batho le tsebong e fokolang e fumanoeng. Atlas of World Population History ea lumela: “Seo litsebi tsa keketseho ea baahi ea mehleng ea khale li se hakanyang maemong a kajeno a tsoetseng pele se ke ke sa netefatsoa, ’me ka hona, khopolo ea hore likhakanyo tsa tsona lia tšepahala ha ho tluoa tabeng ea lipalo-palo e hōle le ’nete.” Leha ho le joalo, likhopolo tsa ho eketseha ha baahi li thahaselloa ke liithuti tsa Bibele. Ke ’nete hore hangata likhopolo tsena li tumellanong le litlaleho tsa Bibele.

Keketseho ea Baahi ka Mor’a Moroallo

Bibele e re ke batho ba robeli feela ba ileng ba pholoha Moroallo oa mehleng ea Noe. Litsebi tsa ho eketseha ha baahi ba lefatše li nahana hore hoo e ka bang lilemo tse 1 400 hamorao, baahi ba lefatše e ka ’na eaba ba ile ba fihla ho limilione tse 50. Na ke ntho e ke keng ea etsahala hore batho ba robeli ba ate ho fihlela ho limilione tse ka bang 50 ka lilemo tse 1 400?

Taba ea pele, khakanyetso ea baahi ba limilione tse 50 ha e le hantle ke khakanyetso feela. Leha ho le joalo, ke ntho e thahasellisang ho hlokomela se boletsoeng ka Bibeleng ho Genese 9:1: “Molimo a tsoela pele ho hlohonolofatsa Noe le bara ba hae ’me a re ho bona: ‘Atang le ngatafale le tlale lefatše.’” Joale, khaolong ea 10 le ea 11, re bala ka malapa a 70 a tsoileng ho bara ba Noe—Sema, Kama le Jafeta. Ha re bala ho tsoela pele, re fihla lelokong la banna ba tsoang ho Sema ho ea fihla ho Abrahama, ba ileng ‘ba tsoala bara le barali.’ E tlameha ebe ena e bile nako eo ho neng ho tsoaloa bana ka bongata, e leng ho lumellanang le taelo ea Molimo ea ho “tlatsa lefatše.”

Ho thoe’ng ka lebelo leo batho ba neng ba e-shoa ka lona? Tsona likhaolo tseo tsa Genese li hlalosa nako ea bophelo ba motho e telele ka ho fetisisa lilemong tsa pele tse makholo a ’maloa ka mor’a Moroallo. * Ha ho hlaha ha bana ba bangata ho kopanngoa le palo e fokolang ea ba shoang, phello e ba ho eketseha ha baahi ka potlako.

Leeto la Baiseraele Egepeta

Bafuputsi ba bang ba na le lipelaelo ka tlaleho ea Bibele ea ho eketseha ha baahi ka potlako ho ileng ha etsahala har’a Baiseraele ha ba ne ba phela naheng ea Egepeta. Bibele e bolela hore ntle ho basali ba bara ba Jakobo, “meea eohle ea ntlo ea Jakobo e tlileng Egepeta e ne e le mashome a supileng.” (Genese 46:26, 27) Empa, ha Baiseraele ba ne ba tloha Egepeta lilemo tse 215 hamorao, e ne e le palo e tšosang ea “banna ba shahlileng ba likete tse makholo a tšeletseng ba tsamaeang ka maoto, ntle ho bana ba banyenyane.” (Exoda 12:37) Ha re balella le basali le bana, e ka ’na eaba ho ne ho e-na le Baiseraele ba ka bang limilione tse tharo kaofela! Na keketseho e joalo e ka etsahala?

E le ho araba potso eo, a re eleng hloko seo Bibele e se bolelang ka keketseho ea baahi ba Iseraele Egepeta: “Bara ba Iseraele ba ata ’me ba qala ho ngatafala; ba ’na ba ata ’me ba e-ba matla haholo ka tekanyo e sa tloaelehang, hoo ba ileng ba tlala naha eo.” Ho eketseha ha Baiseraele ka nako eo e ne e le ho sa tloaelehang.—Exoda 1:7.

Ho thahasellisang ke hore keketseho e tšoanang e ’nile ea bonoa le lichabeng tsa kajeno, tse kang Kenya ka bo-1980. Leha ho le joalo, se ileng sa etsa hore keketseho ea Baiseraele e be e ikhethang e bile hore keketseho eo e bile ea nako e telele.

Bibele ka boeona e fana ka lebaka le leng la ho eketseha ha Baiseraele ka potlako. Ho ne ho se na khaello ea lijo ha Baiseraele ba ne ba le Egepeta. Ho hlakile hore ha tlala e oa, batho ba bangata ba shoa ba sa le banyenyane. Ka lebaka leo, ho hlaha bana ba fokolang nakong eo. Leha ho le joalo, Bibele e bontša hore Baiseraele ba ne ba e-na le lijo tse ngata. Ha lelapa labo Josefa le ne le fihla Egepeta, Faro o ile a bolella Josefa: “E-re ntat’ao le barab’eno ba lule karolong e ntlehali ea naha. E-re ba lule naheng ea Goshene.” (Genese 47:6) Esita le ka mor’a hore Baiseraele ba fetohe makhoba a Baegepeta, ho bonahala ba ne ba ntse ba e-na le lijo tse lekaneng. Ka sebele, ka mor’a hore ba lokolloe botlamuoeng, Baiseraele ba ne ba hopola bohobe, tlhapi, likomkomere, mahapu, li-leek, lieiee, konofolo, le lipitsa tsa nama tseo ba neng ba li ja ha ba le bokhobeng.—Exoda 16:3; Numere 11:5.

Nakong ea Lekholo la Pele la Lilemo C.E.

Thuto ea ho eketseha ha baahi e ka boetse ea fana ka leseli la ho utloisisa Mangolo a Segerike a Bakreste. Ka mohlala, ha re bala taelo ea Jesu ho balateli ba hae ea hore ba “etse batho ba lichaba tsohle barutuoa,” re ka ’na ra ipotsa, ‘kabelo eo ea ho bolela e ne e sabaletse hakae?’ (Matheu 28:19) Ke batho ba bangata hakae ba neng ba phela Pusong ea Roma lekholong la pele la lilemo? Ba bang ba hakanya hore baahi ba Pusong ea Roma nakong eo ba ne ba le pakeng tsa ba limilione tse 50 le tse 60. Haeba seo e ne e le ’nete, baboleli bao ba pele ba evangeli ba Bakreste ba ne ba e-na le mosebetsi o mongata!

Ha re bala ho tsoela pele Mangolong a Segerike a Bakreste, re ithuta hore moapostola Petrose o ile a etela Babylona e hōle ho ea bolela litaba tse molemo moo. (1 Petrose 5:13) O ile a khetha Babylona hobane’ng? Tlhaloso e ho The New Encyclopædia Britannica e beha batho leseling: “Litsi tse ka sehloohong tsa baahi ba Bajuda ka ntle ho Palestina li ne li le Syria, Asia Minor, Babylonia le Egepeta, eo ka ’ngoe ho neng ho hakanngoa hore e ne e e-na le Bajuda ba 1 000 000.” Kaha Petrose o ne a abetsoe ho ea bolela ka ho khetheha ho Bajuda, e ne e le ntho e utloahalang ho eena hore a tsamaee a ee motseng oa Bajuda—e leng Babylona. (Bagalata 2:9) Kaha ho ne ho e-na le baahi ba Bajuda ba bangata moo, ha aa ka a felloa ke tšimo!

Bokamoso bo re Tšoaretse Eng?

Joalokaha re bone, litsebi tsa keketseho ea baahi li thahasella lintlha tse itseng tsa histori ea batho. Li re’ng ka bokamoso? Li botsa lipotso tsa bohlokoa. Na ho tla ba le sepenya sa baahi lilemong tse sekete tse tlang? Ha ho ea tsebang hantle. Ka ho hlokomela hore lebelo leo bana ba hlahang ka lona lea theoha linaheng tse ngata, bafuputsi ba bang ba bolela esale pele hore palo ea baahi ba lefatše e tla lula e ntse e tšoana.

Leha ho le joalo, hase litsebi tsohle tse lumellanang le sena. Sengoliloeng sa Population Today, se re: “Kajeno, ‘lefatše’ le ka aroloa mekhahlelo e ’meli e ikhethang ea keketseho ea baahi: linaha tseo ho tsona lelapa ka leng le bang le bana ba babeli kapa ka tlaase ho moo le linaha tseo ho tsona bana ba hlahang ka bongata. ‘Mafatše a malapa a bana ba babeli kapa ka tlaase’ a akarelletsa Europe, United States, Canada, Japane, le linaha tse seng kae tse hōlang ka potlako indastering . . . Ha ho bapisoa, ‘mafatše a hōlang ka potlako’ a akarelletsa boholo ba linaha tsa Afrika, Asia le Latin America, moo ho tsoaloang bana ba fetang ba babeli lelapeng le le leng. Linaheng tsena, e leng moo ho phelang baahi ba fetang halofo ea baahi ba lefatše, ka karolelano mosali a le mong o ba le bana ba bane.”

Kahoo le hoja keketseho ea baahi ba lefatše e fokotsehile linaheng tse ling, e eketsehile kapa e eme nģa e le ’ngoe ho tse ling. Population Today e akaretsa litebello tsa nako e tlang tjena: “Ho eketseha ha baahi ka potlako ha ho e-s’o fele linaheng tse ngata tse ntseng li tsoela pele. Ho fela ha sebele, eseng ho inahaneloang, ‘ha sepenya sa baahi’ ho tla reroa ke hore na linaha li ikakhela ka setotsoana ka potlako hakae le hore na li fana ka bokae mananeong a ho fokotsa ho shoa ha masea, ho ruta basali le ho lokisetsa thero ea malapa.”

Na baahi ba lefatše ba tla feta hōle ba teng hona joale ba limilione tse likete tse tšeletseng? Ho tla bonahala ha ’mela o ntse o puta. Empa rea tseba hore morero oa Molimo ke hore lefatše le tlale—eseng hore le tlale ho feta tekano. (Genese 1:28) ’Me re na le mabaka ’ohle a ho ba le tšepo ea hore tlas’a ’Muso oa Molimo, sena se tla etsahala.—Esaia 55:10, 11.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 9 Hamorao, ho phela ha batho ho ile ha fokotseha ea e-ba lilemo tse 70 kapa tse 80, joalokaha ho bontšitsoe ke Moshe hoo e ka bang ka 1500 B.C.E.—Pesaleme ea 90:10.

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Baphonyohi ba Moroallo ba ile ba qala palo ea baahi ba lefatše bao hona joale ba fetang limilione tse likete tse tšeletseng

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Ka lilemo tse 215, palo e fokolang ea Baiseraele Egepeta e ile ea eketseha ho ba batho ba limilione tse ka bang tharo