Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mosebetsing Kapa Lepatlelong la Ntoa?

Mosebetsing Kapa Lepatlelong la Ntoa?

Mosebetsing Kapa Lepatlelong la Ntoa?

KA MONGOLI OA TSOHA! JEREMANE

“Ke ne ke se ke sitoa ho mamella. Ke ne ke sebelelitse k’hamphani ena ka lilemo tse fetang 30. Ke ne ke se ke le foromane. Eaba ho tla mookameli e mocha. O ne a le mocha, a le sehlahlo ’me a e-na le likhopolo tse ngata tsa kamoo mosebetsi o ka etsoang kateng. O ne a nahana hore ke tseleng, kahoo a qala ho ntsunya-tsunya. Ka mor’a likhoeli ke rohakoa, ke etselletsoa ke bile ke nyelisoa, ka imeloa kelellong. Ha k’hamphani e mpha monyetla oa ho mpha litsiane tse itseng ha ke tlohela mosebetsi, ke ile ka lumela ho tsamaea.”—Peter. *

PETER e ne e le mohlaseluoa oa ho khahlapetsoa mosebetsing. Ha re sebelisa lentsoe le leng le seng le tloaelehile Europe, o ile a “likoa.” Jeremane, moo Peter a lulang teng, ho hakanngoa hore batho ba limilione tse 1,2 baa likoa mesebetsing. Netherlands, motho a le mong ho ba bane o tla likoa mosebetsing neng-neng bophelong ba hae. Tlaleho ea Mokhatlo oa Basebetsi oa Machaba e bolela hore ho likoa ke bothata bo eketsehang Australia, Austria, Brithani, Denmark, Sweden le United States. Empa hantle-ntle ho likoa ke eng?

‘Ntoa ea Kelello’

Ho latela makasine ea Jeremane ea Focus, ho likoa ke “ho hobosa khafetsa, ka ho pheta-pheta le ka morero.” Ke ho fetang feela bosoasoi ba mosebetsing—e leng se ka akarelletsang ho phoqa, ho nyatsa, ho tlokoa le ho etsa motho sephoqo—ho likoa ke letšolo la sebele la ho ferekanya motho kelellong. Sepheo sa hona ke ho etsa motho ’mutl’a-lintjeng. *

Maqiti a ho hobosa a qala ka lehloeo la bongoana ho ea liketsong tsa bonokoane tse ka hlahisang likotsi. Mohlaseluoa oa hona o senngoa lebitso, o oa rohakoa, o oa khahlapetsoa ebile o tšoaroa hampe. Bahlaseluoa ba bang ba imetsoa ka mosebetsi ka boomo kapa ba lula ba khetheloa ho etsa mesebetsi e sa rateheng ka ho fetisisa eo ho seng motho ea batlang ho e etsa. Basebetsi-’moho le eena ba ka ’na ba leka ho mo sitisa ho hlahisa tema mosebetsing, mohlomong ka ho hana ho mo fa boitsebiso bo feletseng. Maemong a mang, bahlohlelletsi ba ’nile ba phunya lithaere tsa koloi ea mohlaseluoa kapa ba senya mosebetsi oa hae k’homphieutheng.

Bahlaseluoa ba bang ba ho hobosa ba loantšoa ke motho a le mong. Empa hangata, mohlaseluoa o loantšoa ke sehlopha sa basebetsi-’moho. Ka lebaka leo lentsoe “ho likoa” le loketse kaha le bolela hore sehlopha se hatella motho ka ho mo halefisa ka boomo kapa ho mo hlasela.

Mohlomong se makatsang le ho feta ke ’nete ea hore maemong a mangata ho hobosoa ho lumelloa ke mookameli. Lipatlisisong tse ling tsa Europe, mookameli o ile a kenya letsoho maemong a ka etsang karolo ea 50 lekholong, ’me hangata ho ile ha hlaka hore ke eena feela motubi. Sena sohle se etsa hore boemo ba mosebetsing bo fetohe seo koranta ea Jeremane ea letsatsi le letsatsi, e leng Frankfurter Allgemeine Zeitung, e itseng ke “ntoa ea nako e telele, e bakang khatello ea kelello.”

Liphello Tse Fetelang ka Nģ’ane ho Sebaka sa Mosebetsi

Hangata, liphello tsa ho hobosa li fetela ka nģ’ane ho sebaka sa mosebetsi. Tšoaro ena e sehlōhō e kulisa bahlaseluoa ba bangata haholo. Ho tepella maikutlo, ho hlobaela le ho tlala tšabo ke liphello tse ling tsa ho hobosoa. Ho thoe’ng ka Peter, ea boletsoeng qalong? O ile a ikutloa a theotsoe seriti ka ho feletseng. Mosali ea bitsoang Margaret, le eena o tsoa Jeremane, ngaka ea hae e ile ea mo eletsa hore a kōpe thuso tleliniking ea mafu a kelello. Molato? Hobane a ne a hobosoa mosebetsing. Ho hobosoa ho ka boela ha senya lenyalo kapa lelapa.

Jeremane, ho hobosoa mosebetsing ho tloaelehile hoo k’hamphani e ’ngoe ea inshorense e butseng tšebeletso ea ho thusa bahlaseluoa thelefonong. K’hamphani ena e ile ea hlokomela hore batho ba fetang halofo ea ba neng ba letsa ba ne ba sa khone ho sebetsa ka nako e fetang libeke tse tšeletseng, hoo e ka bang karolo ea boraro e ne e sa khone ho sebetsa ka likhoeli tse tharo ’me ba fetang karolo ea leshome lekholong, ka likhoeli tse fetang tse tharo. Koranta ea bongaka ea Jeremane e hakanya hore “bathong bohle ba ipolaeang, karolo ea 20 lekholong ea bona e ipolaea ka lebaka la ho likoa.”

Ho hlakile hore ho hobosoa ho ka sulafalletsa motho mosebetsi. Na ho na le tsela ea ho ho thibela? Ho ka phehelloa khotso joang mosebetsing?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 Letotong lena la lihlooho mabitso a fetotsoe.

^ ser. 6 Lipalo li bontša hore basali ba bangata ke ba hobosoang haholo mosebetsing ho feta banna, le hoja sena se ka bakoa ke hore hangata basali ba bua ka bothata bona ’me ba kōpe thuso.

[Litšoantšo tse leqepheng la 4]

Ho hobosoa ho fetola sebaka sa mosebetsi lebala la ntoa ea kelello