Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lebaka Leo re Lumelang Hore ’Mōpi o Teng

Lebaka Leo re Lumelang Hore ’Mōpi o Teng

Lebaka Leo re Lumelang Hore ’Mōpi o Teng

Litsebi tse ngata mafapheng a sa tšoaneng a saense lia hlokomela hore lintho tsa tlhaho li entsoe ka bohlale. Li nka e le ho sa utloahaleng ho nahana hore lintho tse rarahaneng ka tsela e hlollang tse phelang lefatšeng, li itlhahetse feela tjee. Ka hona, bo-rasaense le bafuputsi ba bangata ba lumela hore ’Mōpi o teng.

Ba bang ba bona ke Lipaki Tsa Jehova. Ba lumela hore Molimo eo ho buuoang ka eena ka Bibeleng ke Moqapi le Moetsi oa lintho tse bokahohleng. Ke’ng se entseng hore ba fihlele qeto eo? Tsoha! e ile ea buisana le ba bang ba bona. U ka ’na ua fumana seo ba se buileng se thahasellisa. *

‘Lintho Tse Phelang li Rarahane ka Tsela e ke Keng ea Lekanngoa’

WOLF-EKKEHARD LÖNNIG

PALE EA BOPHELO: Ke qetile lilemo tse 28 tse fetileng ke sebetsana le saense ea ho fetola liphatsa tsa lefutso limeleng. Lilemong tseo, ke qetile tse 21 ke sebeletsa Max Planck Institute for Plant Breeding Research e Cologne, Jeremane. Ke sebelelitse ke le moholo ka phuthehong ea Bokreste ea Lipaki Tsa Jehova ka lilemo tse ka bang mashome a mararo.

Seo ke se fumanang ha ke ntse ke batlisisa ka liphatsa tsa lefutso le seo ke ithutileng sona ka tsela eo litho tsa ’mele li sebetsang ka eona le eo limela le liphoofolo li bōpehileng ka eona, se ntlhokomelisa kamoo lintho tse phelang li rarahaneng ka tsela e ke keng ea lekanngoa kateng. Ho ithuta ha ka lintho tsena ho nkholisitse le ho feta hore lintho tse phelang, esita le tse sa rarahanang, e tlameha ebe li entsoe ka bohlale.

Bo-rasaense baa hlokomela hore lintho tse phelang li rarahane. Empa hangata linnete tsena tse hlollang li sebelisoa ho tšehetsa khopolo ea ho iphetola ha lintho. Empa ho ea ka ’na, mabaka a tšetlehoang ho loantša tlaleho ea Bibele ea pōpo a fella moeeng ha a hlahlobisisoa ka tsela ea saense. Ke qetile lilemo tse mashome ke hlahloba mabaka ana a tšetlehoang. Ka mor’a ho ithuta ka hloko lintho tse phelang le ho nahanisisa kamoo melao e laolang bokahohleng ho bonahalang e lumellana ka ho feletseng kateng ho etsa hore ho be le bophelo mona lefatšeng, ke ikutloa ke tlameha ho lumela hore ’Mōpi o teng.

“Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe eo ke e Bonang e Entsoe”

BYRON LEON MEADOWS

PALE EA BOPHELO: Ke lula United States ’me ke sebetsa lefapheng la laser physics, National Aeronautics and Space Administration. Hona joale ke tšoarahane le ho hlahisoa ha theknoloji e ntlafatsang ho lekola tlelaemete ea lefatše, boemo ba leholimo le se etsahalang lipolaneteng tse ling. Ke moholo ka phuthehong ea Lipaki Tsa Jehova e Kilmarnock, tikolohong ea Virginia.

Ke sebelisa melao-motheo ea fisiks hangata ha ke ntse ke etsa lipatlisiso. Ke leka ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha lintho tse itseng li etsahala le hore na li etsahala joang. Lefapheng leo ke sebetsang ho lona, ke fumana bopaki bo hlakileng ba hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e bonang e entsoe. Ke lumela hore ho na le bopaki bo utloahalang ba saense ho amohela hore Molimo o bōpile lintho tsohle tsa tlhaho. Melao ea tlhaho e tsitsitse hoo ke tlamehang ho lumela hore e raliloe ke Mohlophisi, e leng ’Mōpi.

Joale ke hobane’ng ha bo-rasaense ba bangata ba lumela khopolo ea ho iphetola ha lintho empa taba ee e hlakile hakaale? Ebe mohlomong ke hobane ba buellang khopolo eo ba entse qeto le pele ba hlahloba mabaka? Seo se etsahala ka makhetlo ho bo-rasaense. Empa le haeba motho a kholisehile ka boemo boo a bo lekotseng, seo ha se tiise hore o tla etsa qeto e nepahetseng. Ka mohlala, motho ea batlisisang ka laser physics a ka ’na a tsitlella hore khanya e tsamaea ka leqhubu le kang la molumo, hobane khanya e atisa ho hlahella e le leqhubu. Empa ho etsa qeto eo ho tla be ho siile lintlha tse ling ka thōko hobane bopaki bo boetse bo bontša hore khanya e hlahella e le sehlopha sa mahlaseli a khanya. Ka ho tšoanang, ba tsitlellang hore khopolo ea ho iphetola ha lintho ke ’nete ba thehile qeto ea bona bopaking bo sa fellang, ’me ba lumeletse maikutlo a bona hore a susumetse tsela eo ba lekolang bopaki boo ka eona.

Ke makatsoa ke motho ea amohelang khopolo ea ho iphetola ha lintho empa “litsebi” tsa khopolo eo tsona li ngangisana ka se tlamehang se etsahetse. Ka mohlala, na u ne u tla amohela thuto ea lipalo e le ’nete e tšehetsoang ke bopaki haeba litsebi tse ling li re ha u kopanya peli le peli u fumana ’nè, empa litsebi tse ling tsona li re li lumela hore u fumana tharo kapa mohlomong tšelela? Haeba mosebetsi oa saense ke ho amohela feela taba e tšehetsoang ke bopaki, e hlahlobiloeng le ho hlahisoa hape, joale khopolo ea hore lintho tsohle tse phelang li tsoa ho moholo-holo a le mong hase ’nete e nang le bopaki ba saense.

“Ntho e ke ke ea Itlhahela Feela Tjee”

KENNETH LLOYD TANAKA

PALE EA BOPHELO: Ke ithutetse jioloji, ’me hona joale ke sebetsa lefapheng la U.S. Geological Survey le Flagstaff, Arizona. Ke qetile lilemo tse ka bang mashome a mararo ke etsa phuputso ea saense mafapheng a sa tšoaneng a jioloji, ho akarelletsa la sebōpeho sa lipolanete. Lihlooho tse ngata tsa patlisiso eo ke e entseng le limmapa tsa sebōpeho sa Mars li hatisitsoe likoranteng tsa saense tse amohelehang. Ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ’me ke qeta lihora tse ka bang 70 khoeli le khoeli ke khothalletsa batho ho ithuta Bibele.

Ke rutiloe hore ke lumele khopolo ea ho iphetola ha lintho, empa ke sitoa ho amohela hore matla a maholohali a ileng a hlokahala hore ho etsoe bokahohle a bile teng kantle ho ’Mōpi ea matlahali. Ntho e ke ke ea itlhahela feela tjee. Ke boetse ke fumana bopaki bo matla ba hore ’Mōpi o teng ka Bibeleng. Buka ena e fana ka mehlala e ’maloa ea linnete tsa saense lefapheng leo ke ithutetseng lona, joaloka tabeng ea hore lefatše le chitja le hore le leketlile “holim’a lefeela.” (Jobo 26:7; Esaia 40:22) Linnete tsena li ngotsoe ka Bibeleng nako e telele pele batho ba etsa lipatlisiso.

Nahana ka tsela eo re entsoeng ka eona. Re na le matla a ho lemoha, ho tseba seo re leng sona, ho nahana lintho ka tsela e bohlale, ho buisana le ho ba le maikutlo. Ka ho khetheha, re khona ho utloa hore rea ratoa, ho ananela seo le ho bontša ba bang lerato. Khopolo ea ho iphetola ha lintho e ke ke ea hlalosa hore na litšobotsi tsena tse babatsehang tseo batho ba nang le tsona li bile teng joang.

Ipotse, ‘Boitsebiso bo sebelisitsoeng ho tšehetsa khopolo ea ho iphetola ha lintho bo tšepahala hakae?’ Tlaleho ea hore na lefatše le lipolanete li bōpehile joang ha ea fella, e rarahane ebile ea ferekanya. Ba buellang khopolo ea ho iphetola ha lintho ba hlōlehile ho pakahatsa khopolo eo ba sebelisa liteko tsa saense tsa ka laboratoring. Le hoja ka tloaelo bo-rasaense ba sebelisa litsela tse tsoetseng pele ha ba bokella boitsebiso, hangata ba susumetsoa ke lipakane tsa boithati ha ba hlalosa seo ba se fumaneng. Bo-rasaense ba tumme ka ho buella maikutlo a bona ha boitsebiso bo teng bo sa fane ka qeto e tobileng kapa bo hanyetsana. Seo ba se rutiloeng le maikutlo a bona se phetha karolo ea bohlokoa.

Ke le rasaense ke bile ke le seithuti sa Bibele, ke fuputsa seo e leng ’nete, e lumellanang le lintlha tsohle tse tsebahalang le tse hlokometsoeng e le hore ke be le kutloisiso e hlileng e nepahetseng. Ke nka e le ho utloahalang haholo ho lumela hore ’Mōpi o teng.

“Bopaki bo Totobetseng ba Hore Sele e Entsoe ka Bohlale”

PAULA KINCHELOE

PALE EA BOPHELO: Ke qetile lilemo tse ’maloa ke fuputsa ka sele le ka baeloji ea limolek’hule le lintho tse phelang tse nyenyane haholo. Hona joale ke sebetsa Univesithing ea Emory, e Atlanta, Georgia, U.S.A. Ke boetse ke ithaopetse ho ruta batho ba buang Serussia Bibele.

E le karolo ea ho ithutela ha ka baeloji, ke ile ka qeta lilemo tse ’nè ke ithuta sele le likaroloana tsa eona. Ha ke ntse ke ithuta ka ho eketsehileng ka DNA, RNA, liprotheine le tsela eo ’mele o hlahisang matla ka eona, ke tsota le ho feta kamoo li rarahaneng, li hlophisitsoeng li bileng li sebetsang ka nepo kateng. Le hoja ke tsota kamoo motho a seng a ithutile lintho tse ngata kateng ka sele, ke hlolloa le ho feta ke lintho tse ling tse ngata tseo a e-s’o ithute tsona. Bopaki bo totobetseng ba hore sele e entsoe ka bohlale ke le leng la mabaka a etsang hore ke lumele hore Molimo o teng.

Ho ithuta ha ka Bibele ho nthutile hore na ’Mōpi ke mang—hore ke Jehova Molimo. Ke kholisehile hore hase feela hore ke Moqapi ea bohlale empa hape ke Ntate ea mosa le ea lerato ea ntsotellang. Bibele e hlalosa morero oa bophelo ebile e tšepisa batho bokamoso bo thabileng.

Bana ba rutoang khopolo ea ho iphetola ha lintho sekolong ba ka ’na ba tsieleha hore na ba lumele eng. Ena e ka ba nako e ferekanyang ho bona. Haeba ba lumela hore Molimo o teng, eo ke teko ea tumelo. Empa ba ka e hlōla ka ho hlahloba lintho tse hlollang tsa tlhaho tse re pota-potileng le ka ho tsoela pele ba ithuta ka ’Mōpi le litšobotsi tsa hae. Ke seo ke se entseng ’me ka fihlela qeto ea hore tlaleho ea pōpo e ka Bibeleng e nepahetse le hore ha e hanyetsane le saense ea ’nete.

“Melao e Bonolo ka Tsela e Babatsehang”

ENRIQUE HERNÁNDEZ-LEMUS

PALE EA BOPHELO: Ke mosebeletsi oa nako e tletseng oa Lipaki Tsa Jehova. Ke boetse ke setsebi sa fisiks e sebelisang lipalo, ke sebetsa Univesithing ea Sechaba Mexico. Hona joale mosebetsi oa ka o akarelletsa ho fumana tlhaloso e utloahalang ea boemo bo sa tloaelehang ba hore linaleli tse bohareng ba sehlopha sa linaleli li elelle ka thōko, e leng ho etsang hore sehlopha sa linaleli se hōle. Ke boetse ke sebetsane le tsela e rarahaneng eo liphatsa tsa DNA li latellanang ka eona.

Ha e le hantle lintho tse phelang li rarahane hoo li ke keng tsa itlhahela feela tjee. Ka mohlala, nahana ka boitsebiso bo bongata bo fuperoeng ke molek’hule ea DNA. Monyetla oa hore chromosome e itlhahele feela tjee o ka tlaase ho o le mong ho e limilione tse limilione tse 9, e leng ntho e thata ho etsahala hoo ho nkoang hore e ke ke ea etsahala. Ke nahana hore ke ho sa utloahaleng ho nahana hore matla a se nang bohlale a ka sitoa ho hlahisa chromosome e le ’ngoe empa a khona ho hlahisa lintho tsohle tse rarahaneng tse phelang kajeno.

Ho feta moo, ha ke ntse ke ithuta ka lintho tse rarahaneng bokahohleng, ho tloha ka tse nyenyane haholo ho isa lihlopheng tsa linaleli tse sepakapakeng, ke khahloa ke melao e bonolo ka tsela e babatsehang e laolang tsela eo li tsamaeang ka eona. Ke nka hore melao ena ha e supe feela mosebetsi oa Setsebi se Seholo sa Lipalo—empa ke tiiso e tšoanang le ea ha Moetsi oa Litšoantšo a saena litšoantšo tsa hae.

Batho ba atisa ho makala ha ke ba bolella hore ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Ka linako tse ling baa mpotsa hore na ho tla joang hore ebe ke lumela hore Molimo o teng. Kea ba utloela, kaha malumeli a mangata ha a khothalletse balumeli ba ’ona ho batla bopaki ba seo ba se rutoang kapa hona ho batlisisa ka seo ba se lumelang. Empa Bibele e re khothalletsa hore re sebelise ‘matla a rōna a ho nahana.’ (Liproverbia 3:21) Bopaki bohle ba hore lintho tsa tlhaho li entsoe ka bohlale, hammoho le bopaki bo ka Bibeleng, bo etsa hore ke lumele hore Molimo o teng le hore o thahasella lithapelo tsa rōna.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 Maikutlo a hlalositsoeng ke litsebi sehloohong sena hase hore ke a bahiri ba tsona.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 22]

Mars in background: Courtesy USGS Astrogeology Research Program, http://astrogeology.usgs.gov