Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Libōpeho Tse Hlollang Tsa Limela

Libōpeho Tse Hlollang Tsa Limela

Libōpeho Tse Hlollang Tsa Limela

NA U kile ua hlokomela hore limela tse ngata lia ikhara ha li hōla? Ka mohlala, phaenapole e ka ’na ea etsa makhekhebu a 8 a ikharileng a leba nģa e le ’ngoe le a mang a 5 kapa a 13 a lebang nģa e ’ngoe. (Bona setšoantšo 1.) Ha u sheba lithootse tsa sonobolomo, u ka ’na ua khona ho bona mela e 55 le e 89 e ikharang o mong o fapanyetsana le o mong kapa ua bona e bileng e fetang eo. U ka fumana ho ikhara hona esita le ho cauliflower. Hang ha u se u hlokometse ho ikhara hoo, u ka ’na ua iphumana u se u thabela ho ea lebenkeleng le rekisang meroho le litholoana. Ke hobane’ng ha limela li hōla ka tsela ee? Na hore na li ikharile ka makhetlo a makae ke habohlokoa bo itseng?

Limela li Hōla Joang?

Limela tse ngata li bōpa likaroloana tse ncha tse joaloka likutu, makhasi le lithunthung li ropoha peloaneng, e leng ntlhana e hōlang bohareng ba semela. Karoloana ka ’ngoe, e hōla ho tsoa bohareng moo e iqallang tselana ea eona, ’me e sekama ho fapanyetsana le e hlahileng pele ho eona. * (Bona setšoantšo 2.) Limela tse ngata li hlahisa likaroloana tse ncha li sekame ka tsela e ikhethang. Li sekama hakae?

Ak’u nahane ka bothata bona: Nka hore u leka ho hlahisa semela seo likaroloana tsa sona li tla hōla li teteane hantle li sa siee likheo lipakeng. Nka hore u khetha hore karoloana ka ’ngoe e hlahe e sekame ka likhato tse peli ho tse bohlano. U ne u tla ba le bothata ba hore karoloana e ’ngoe le e ’ngoe ea bohlano e hlahe sebakeng se le seng le hona e leba nģa e le ’ngoe. Ho ne ho tla ba le mela e nang le likheo tse itjang feela. (Bona setšoantšo 3.) ’Nete ke hore ho sebelisa mokhoa leha e le ofe o bonolo oa lipalo ho hlahisa mela ho e-na le ho hlahisa sebōpeho se teteaneng hantle. Ntho feela e etsang hore se ikhare se teteane hantle ke seo ho thoeng ke “ho sekama ho ikhethang” ha likhato tse ka bang 137,5. (Bona setšoantšo 5.) Ke’ng se etsang hore ho sekama hoo e be ho ikhethang?

Ho sekama ho ikhethang ke habohlokoa kaha ho ke ke ha hlalosoa ka mokhoa o bonolo oa lipalo. Palo ea 5/8 e atametse, 8/13 e batla e atametse, ’me 13/21 eona e atametse le ho feta, empa ha ho e tšoanang hantle le ea ho sekama hoo ho ikhethang. Kahoo, ha karoloana e ncha e hlaha ho latela ho sekama hona ho ikhethang, ha ho kamoo likaroloana tse peli li ka hlahang li leba nģa e le ’ngoe. (Bona setšoantšo 4.) Kahoo, lia ikhara ho e-na le ho etsa mela e kang ea mahlaseli a leseli.

Ho thahasellisang ke hore k’homphieutha e khona ho hlahisa meharelo e bonahalang hafeela likaroloana tseo li sekamisitsoe ka ho nepahala. Ho li sekamisa ka tsela e ’ngoe e fapaneng le eo esita le ka karolo ea ’ngoe leshomeng ho senya ntho e ’ngoe le e ’ngoe.—Bona setšoantšo 5.

Palesa e na le Mahlaku a Makae?

Ho thahasellisang ke hore makhetlo ao semela se ikharang ka ’ona ho latela ho sekama hoo ho ikhethang a tšoana le a lenane la letoto le bitsoang hore ke la lipalo tsa Fibonacci. Letoto lena le qalile ho hlalosoa ke setsebi sa lipalo sa Motaliana sa lekholong la bo13 la lilemo se bitsoang Leonardo Fibonacci. Letotong lena nomoro ka ’ngoe e tlang ka mor’a 1 e lekana le tse peli tse ka pel’a eona—1, 1, 2, 3, 5, 8, 13, 21, 34, 55, joalo-joalo.

Lithunthung tsa limela tse ngata tse ikharang ha li hōla li atisa ho ba le mahlaku a lekanang le lipalo tsa Fibonacci. Ho ea ka ba bang, li-buttercup li atisa ho ba le mahlaku a 5, li-bloodroot a 8, li-fireweed a 13, li-aster a 21, lishoeshoe tse tloaelehileng tsa naheng a 34 le lishoeshoe tsa Michaelmas a 55 kapa a 89. (Bona setšoantšo 6.) Litholoana le meroho le tsona li atisa ho ba le litšobotsi tse lumellanang le lipalo tsa Fibonacci. Ka mohlala, banana ha e sehoa ka lehare e hlahisa likarolo tse hlano.

“O Entse Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe e le Ntle”

Ke khale baetsi ba litšoantšo ba hlokometse hore libōpeho tsena tsa ho ikhara ha limela li re hapa mahlo. Ke’ng e etsang hore likaroloana tse ncha tsa limela li sekame ka tsela ee e hlollang? Batho ba bangata ba entse qeto ea hore ona ke o mong oa mehlala e bontšang hore lintho tse phelang li entsoe ka bohlale.

Ba bangata ha ba nahana ka tsela eo lintho tse phelang li entsoeng ka eona le kamoo li re thabisang kateng baa hlokomela hore oo ke mosebetsi oa ’Mōpi ea batlang hore re thabele bophelo. Bibele e re ka ’Mōpi oa rōna: “O entse ntho e ’ngoe le e ’ngoe e le ntle ka nako ea eona.”—Moeklesia 3:11.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 4 Ho thahasellisang ke hore sonobolomo ha e ea tloaeleha kaha lithunthung tsa eona tse qetellang e le lithootse li qala ho ikhara mophethong oa hlooho ho fapana le ho qala bohareng.

[Litšoantšo Tse Qanollang tse leqepheng la 24, 25]

Setšoantšo 1

(Sheba sengoliloeng)

Setšoantšo 2

(Sheba sengoliloeng)

Setšoantšo 3

(Sheba sengoliloeng)

Setšoantšo 4

(Sheba sengoliloeng)

Setšoantšo 5

(Sheba sengoliloeng)

Setšoantšo 6

(Sheba sengoliloeng)

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Setšoantšo se hōlisitsoeng sa motloang

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

R. Rutishauser, University of Zurich, Switzerland

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 25]

White flower: Thomas G. Barnes @ USDA-NRCS PLANTS Database