Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Molimo o Sebelisitse ho Iphetola ha Lintho ho Hlahisa Bophelo?

Na Molimo o Sebelisitse ho Iphetola ha Lintho ho Hlahisa Bophelo?

Na Molimo o Sebelisitse ho Iphetola ha Lintho ho Hlahisa Bophelo?

“Jehova, Molimo oa rōna, ua tšoaneleha ho amohela khanya le tlhompho le matla, hobane u bōpile lintho tsohle, ’me ka lebaka la thato ea hao li ile tsa e-ba teng ’me tsa bōptjoa.”—TŠENOLO 4:11.

NAKOANA ka mor’a hore Charles Darwin a tumise khopolo ea ho iphetola ha lintho, malumeli a mangata ao ho thoeng ke a Bokreste a ile a qala ho batla litsela tsa ho nyalanya ho lumela ha ’ona ho Molimo le khopolo ea ho iphetola ha lintho.

Kajeno, malumeli a hlahelletseng a “Bokreste” a bonahala a ikemiselitse ho amohela hore Molimo o tlameha a sebelisitse ho iphetola ha lintho ka tsela e itseng ho hlahisa bophelo. A mang a ruta hore Molimo o ile a hlophisa hore bokahohle bo be teng ka tsela eo lintho tse phelang li tla hlaha butle-butle lik’hemik’haleng tse se nang bophelo ’me qetellong li hlahise moloko oa batho. Ba lumelang thuto ena, e tsejoang e le tsela eo Molimo a entseng hore lintho li iphetole ka eona, ha ba lumele hore Molimo o ile a kenella hang ha e qalile. Ka kakaretso, ba bang ba nahana hore Molimo o ile a lumella ho iphetola ha lintho hore ho hlahise boholo ba mefuta ea limela le liphoofolo, empa mona le mane o ne a kenella ho thusa lintho ha li ntse li iphetola.

Ho Nyalanya Lithuto—Na Hoa Sebetsa?

Na khopolo ea ho iphetola ha lintho ka sebele e lumellana le seo Bibele e se rutang? Haeba ho iphetola ha lintho ho ne ho fela ho etsahetse, joale tlaleho ea Bibele ea ho bōptjoa ha monna oa pele, Adama, e ne e tla be e le feela pale e etselitsoeng ho re ruta ho itseng empa e sa lokeloa ho nkoa e le ’nete. (Genese 1:26, 27; 2:18-24) Na ke tsela eo Jesu a neng a nka tlaleho ee ea Bibele ka eona? Jesu o itse: “Na ha lea ka la bala hore ea ba bōpileng tšimolohong o ba entse e le e motona le e motšehali ’me a re, ‘Ka lebaka lena monna o tla siea ntat’ae le ’m’ae ’me o tla khomarela mosali oa hae, ’me bao ba babeli e tla ba nama e le ’ngoe’? E leng hore ha ba sa le babeli, empa e se e le nama e le ’ngoe. Ka hona, seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.”—Matheu 19:4-6.

Mona Jesu o ne a qotsa tlaleho ea pōpo e tlalehiloeng ho Genese khaolo ea 2. Haeba Jesu o ne a lumela hore lenyalo la pele e ne e le tšōmo feela, na a ka be a ile a bua ka lona ho tšehetsa seo a neng a se ruta ka ho halalela ha lenyalo? Che. Jesu o ile a bua ka tlaleho ea Genese hobane a ne a tseba hore ke histori ea sebele.—Johanne 17:17.

Barutuoa ba Jesu le bona ba ne ba lumela tlaleho ea pōpo e ho Genese. Ka mohlala, tlaleho ea Kosepele ea Luka e thathamisa leloko la Jesu ho tloha ho Adama. (Luka 3:23-38) Haeba Adama e ne e le motho oa tšōmong, joale lethathamo lee la leloko le ne le tla fetoha ’nete ha le fihla hokae? Haeba tatellano ea leloko lee e ne e le tšōmo, joale ho ka be ho ile ha tiisa joang mantsoe a Jesu a hore ke Mesia, ea tsoetsoeng lesikeng la Davida? (Matheu 1:1) Luka, mongoli oa Kosepele o itse o ne a “setse lintho tsohle morao ho tloha qalong ka ho nepahala.” Ka ho hlakileng, o ne a lumela tlaleho ea ho bōptjoa ha lintho e ho Genese.—Luka 1:3.

Tumelo ea moapostola Pauluse ho Jesu e ne e tsamaisana le ho lumela ha Pauluse tlaleho ea Genese. O ile a ngola: “Kaha lefu le teng ka motho, tsoho ea bafu le eona e teng ka motho. Etsoe feela joalokaha ka Adama bohle ba shoa, kahoo hape bohle ba tla phelisoa ka Kreste.” (1 Bakorinthe 15:21, 22) Haeba Adama e ne e se moholo-holo oa moloko ’ohle oa batho, eo ‘sebe se ileng sa kena lefatšeng ka [eena] le lefu la kena ka sebe,’ joale ke hobane’ng ha Jesu a ne a lokela ho shoa ho etsolla liphello tsa sebe se futsitsoeng?—Baroma 5:12; 6:23.

Ho khella fatše tlaleho ea pōpo e ho Genese ke ho khella fatše motheo oa tumelo ea Bokreste. Khopolo ea ho iphetola ha lintho ha e lumellane le lithuto tsa Kreste. Boiteko leha e le bofe ba ho nyalanya litumelo tsena bo ka tsoala tumelo e fokolang eo habonolo feela e ka ‘akhotsoang joalokaha eka e akhotsoa ke maqhubu ’me ea isoa koana le koana ke moea o mong le o mong oa thuto.’—Baefese 4:14.

Tumelo e Thehiloeng Motheong o Tiileng

Ka makholo a lilemo, Bibele e ’nile ea tšoauoa liphoso le ho hlaseloa. Nako le nako Bibele e ’nile ea hlōla. Ha Bibele e bua ka histori, bophelo bo botle ba ’mele le ka saense, litlaleho tsa eona li ipakile ka makhetlo e le tse nepahetseng. Keletso ea eona mabapi le likamano tsa batho ea tšepahala ’me ha e felloe ke nako. Lifilosofi tsa batho le likhopolo tsa bona, feela joaloka joang bo botala, lia hlaha ebe lia omella ha nako e ntse e feta, empa Lentsoe la Molimo “le tla tšoarella ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”—Esaia 40:8.

Thuto ea ho iphetola ha lintho ha e felle feela likhopolong tsa saense. Ke filosofi ea batho e ’nileng ea hōla ’me ea tlokoma ka lilemo. Leha ho le joalo, lilemong tsa morao tjena thuto ea tšimolohong ea ho iphetola ha lintho ea Darwin e ’nile ea feto-fetoha, ha ho ntse ho etsoa boiteko ba ho qhelela thōko bopaki bo ntseng bo eketseha ba boqapi bo bonahalang linthong tsa tlhaho. Re u mema hore u hlahlobe taba ena ka ho eketsehileng. U ka etsa joalo ka ho hlahloba lihlooho tse ling makasineng ena. Ho phaella moo, u ka ’na ua rata ho bala lingoliloeng tse bontšitsoeng leqepheng lena le la 32.

Ka mor’a ho etsa lipatlisiso tabeng ena, u ka ’na ua fumana hore tumelo ea hao ho seo Bibele e se buang ka se etsahetseng nakong e fetileng e tla tiea. Ntho ea bohlokoa le ho feta, tumelo ea hao litšepisong tsa Bibele bakeng sa bokamoso e tla matlafala. (Baheberu 11:1) U ka ba ua susumeletseha ho rorisa Jehova, “Moetsi oa leholimo le lefatše.”—Pesaleme ea 146:6.

SE SENG SEO U KA SE BALANG

Buka ea batho bohle Mehlala e tobileng ea ho nepahala ha Bibele e tšohloa bukaneng ena

Is There a Creator Who Cares About You? Hlahloba bopaki bo eketsehileng ba saense ’me u ithute hore na ke hobane’ng ha Molimo ea tsotellang a lumeletse mahlomola a mangata hakana

Ha e le hantle ke eng seo Bibele e se Rutang? Potso e reng morero oa Molimo ke ofe ka lefatše? e arajoa khaolong ea 3 ea buka ena

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 10]

Jesu o ne a lumela tlaleho ea pōpo e ho Genese. Na o ne a lahlehile?

[Lebokose le leqepheng la 9]

HO IPHETOLA HA LINTHO KE ENG?

Tlhaloso e ’ngoe ea “ho iphetola ha lintho” ke: “Ho fetoha ha ntho ka tsela e itseng.” Leha ho le joalo, polelo ena e sebelisoa ka litsela tse ngata. Ka mohlala, e sebelisoa ho hlalosa phetoho e khōlō linthong tse sa pheleng—e leng ho beng teng ha bokahohle. Ho phaella moo, polelo ena e sebelisoa ho hlalosa liphetoho tse nyenyane linthong tse phelang—tsela eo limela le liphoofolo li ikamahanyang le tikoloho ea tsona ka eona. Leha ho le joalo, polelo ena e atisa ho sebelisoa ha ho hlalosoa khopolo ea hore bophelo bo hlahile lik’hemik’haleng tse se nang bophelo, tse ileng tsa iphetola lisele tse ikatisang, ’me butle-butle tsa fetoha libōpuoa tse rarahaneng tseo ho tsona motho e leng eena ea bohlale ka ho fetisisa. Tlhaloso ena ea boraro ke eona e sebelisitsoeng bakeng sa polelo “ho iphetola ha lintho” sehloohong sena.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 10]

Space photo: J. Hester and P. Scowen (AZ State Univ.), NASA