Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Saense e Hanyetsana le Tlaleho ea Genese?

Na Saense e Hanyetsana le Tlaleho ea Genese?

Pono ea Bibele

Na Saense e Hanyetsana le Tlaleho ea Genese?

BATHO ba bangata ba re saense ha e lumellane le tlaleho ea Bibele ea pōpo. Empa ha e le hantle ho hanyetsanang hase Bibele le saense, empa ke saense le batho ba malumeli ao ho thoeng ke a Bakreste ba Tsitlellang Hore Bibele ha e Tolokoe. A mang a malumeli ana a bua leshano la hore ho ea ka Bibele, pōpo eohle e bonahalang e bōpuoe ka matsatsi a tšeletseng a lihora tse 24 lilemong tse ka bang 10 000 tse fetileng.

Empa Bibele ha e tšehetse maikutlo ana. Haeba e ne e a tšehetsa, joale lintho tse ngata tseo saense e li sibolotseng lilemong tse lekholo tse fetileng li ne li tla hlahisa lipelaelo tse itseng ka Bibele. Ho ithuta ka hloko se ngotsoeng ka Bibeleng ho bontša hore e lumellana le linnete tsa saense. Ka lebaka leo, Lipaki Tsa Jehova ha li lumellane le “Bakreste” ba Tsitlellang Hore Bibele ha e Tolokoe le ba bangata ba reng lintho li bōpiloe ka matsatsi a tšeletseng a sebele a lihora tse 24. Lintlha tse latelang li bontša seo ha e le hantle Bibele e se rutang.

“Tšimolohong” e ne e le Neng?

Tlaleho ea Genese e qala ka mantsoe a bonolo, a nang le molaetsa o matla: “Tšimolohong Molimo o ile a bōpa maholimo le lefatše.” (Genese 1:1) Litsebi tsa Bibele lia lumellana hore temana ena e hlalosa taba e etsahetseng ka nako e ’ngoe eseng nakong ea matsatsi a pōpo a tlalehiloeng temaneng ea boraro ho ea pele. Tlhaloso ena ke ea bohlokoa. Ho ea ka mantsoe a qalang a Bibele, bokahohle bo akarelletsang polanete ea rōna e leng Lefatše, bo bile teng nako e sa lekanyetsoang pele matsatsi a pōpo a qala.

Litsebi tsa sebōpeho sa lefatše le lipolanete li hakanya hore lefatše le bile teng ka lilemo tse ka bang limilione tse likete li ’nè, ’me litsebi tsa linaleli li hakanya hore bokahohle bo bile teng ka lilemo tse ka bang limilione tse likete li 15. Na likhakanyo tsee—kapa kutloisiso eo litsebi li ka ’nang tsa e ntlafatsa nakong e tlang—e hanyetsa Genese 1:1? Che. Bibele ha e bolele ka ho toba hore na “maholimo le lefatše” a bile teng ka nako e kae. Saense ha e hanyetse se ngotsoeng ka Bibeleng.

Matsatsi a Pōpo a Bile Malelele Hakae?

Ho thoe’ng ka bolelele ba matsatsi a pōpo? Na a ne a le bolelele ba lihora tse 24? Ba bang ba re kaha Moshe—ea ngotseng Genese—hamorao o ile a re letsatsi le hlahlamang a tšeletseng a pōpo le tšoantšetsa Sabatha ea beke le beke, letsatsi ka leng la pōpo e tlameha ebe le ne le le bolelele ba lihora tse 24. (Exoda 20:11) Na tsela eo Genese e ngotsoeng ka eona e tšehetsa qeto ee?

Che, ha e e tšehetse. ’Nete ke hore lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “letsatsi” le ka bolela nako ea bolelele bo sa tšoaneng, eseng feela nako ea lihora tse 24. Ka mohlala, Moshe ha a akaretsa mosebetsi oa Molimo oa pōpo, o bua ka matsatsi ’ohle a tšeletseng a pōpo e le letsatsi le le leng. (Genese 2:4) Ka sebele, ha ho letho ka Mangolong leo motho a ka itšoarellang ka lona ho tsitlella hore letsatsi ka leng la pōpo e ne e le lihora tse 24.

Joale matsatsi a pōpo a ne a le malelele hakae? Mantsoe a sebelisitsoeng ho Genese khaolo ea pele le ea bobeli a bontša hore a bile malelele.

Lintho li Bōptjoa Butle-butle

Moshe o ngotse tlaleho ea hae ka Seheberu, ’me o e ngotse ka kutloisiso ea motho ea lefatšeng. Lintlha tsena tse peli hammoho le taba ea hore bokahohle bo bile teng pele nako ea pōpo kapa “matsatsi” a pōpo a qala, li thusa ho rarolla lintlha tse ngata tse bakang mathata ka tlaleho ea pōpo. Joang?

Ho hlahlobisisa tlaleho ea Genese ho senola hore liketsahalo tse qalileng ‘letsatsing’ la pele li ile tsa tsoela pele ka matsatsi a latelang. Ka mohlala, pele “letsatsi” la pele la pōpo le qala, khanya ea letsatsi le neng le se le ntse le le teng e ne e sitoa ho fihla fatše, mohlomong e sitisoa ke maru a teteaneng. (Jobo 38:9) ‘Letsatsing’ la pele, mokoallo oo o ile oa qala oa phetleha, e le hore khanya e phunyeletse sepakapakeng. *

Kamoo ho bonahalang kateng sepakapaka se ile sa ’na sa tsoela pele ho khanya ‘letsatsing’ la bobeli, ha hlaha sebaka pakeng tsa maru a teteaneng le leoatle. Ka “letsatsi” la bone leholimo le ne le se le phetlehile hoo letsatsi le khoeli li neng li se li bonahala “sepakapakeng sa maholimo.” (Genese 1:14-16) Ka mantsoe a mang, ho motho ea lefatšeng, letsatsi le khoeli li ile tsa qala ho bonahala. Lintho tsena li etsahetse butle-butle.

Tlaleho ea Genese e boetse e re ha leholimo le ntse le phetleha, liphoofolo tse fofang—ho akarelletsa tse se nang litšiba le likokoanyana—li ile tsa qala ho ba teng ka “letsatsi” la bohlano. Leha ho le joalo, Bibele e bontša hore ka “letsatsi” la botšelela, Molimo o ne a ntse a “etsa ka mobu sebata se seng le se seng sa naha le sebōpuoa se seng le se seng se fofang sa maholimo.”—Genese 2:19.

Ho hlakile hore tsela eo Bibele e ngotsoeng ka eona e fana ka monyetla oa hore lintho tse itseng tse khōlō tse bileng teng ka “letsatsi,” kapa nako e itseng ea pōpo, li bile teng butle-butle ho fapana le ho ba teng ka ho panya ha leihlo, mohlomong tse ling tsa tsona li bile li fetela le “matsatsing” a latelang a pōpo.

Ho ea ka Mefuta ea Tsona

Na taba ee ea hore limela le liphoofolo li bile teng butle-butle e bolela hore Molimo o ile a sebelisa ho iphetola ha lintho ho hlahisa lintho tse phelang tsa mefuta e sa tšoaneng? Che. Tlaleho e bontša ka ho hlaka hore Molimo o ile a bōpa “mefuta” eohle ea motheo ea limela le liphoofolo. (Genese 1:11, 12, 20-25) Na “mefuta” ee ea motheo ea limela le liphoofolo e ne e etselitsoe hore e khone ho ikamahanya le maemo a fetohang a tikoloho? Ke’ng e lekanyetsang moeli oa “mofuta” o itseng? Bibele ha e hlalose. Leha ho le joalo, e re libōpuoa tse phelang ‘li hlahisitsoe ka bongata ho ea ka mefuta ea tsona.’ (Genese 1:21) Mantsoe ana a fana ka maikutlo a hore “mofuta” o itseng o ka fetoha ho isa bohōleng bo itseng feela. Tlaleho ea mesaletsa ea lintho tsa khale le lipatlisiso tsa kajeno li tšehetsa taba ea hore limela le liphoofolo tsa mefuta e itseng li fetohile ho se hokae feela ka mor’a nako e telele haholo.

Ho fapana le seo ba bang ba Tsitlellang Hore Bibele ha e Tolokoe ba se buang, Genese ha e rute hore bokahohle, ho akarelletsa lefatše le lintho tsohle tse phelang ho lona, li bōpiloe ka nako e khutšoanyane le hona eseng khale haholo. Ho e-na le hoo, tlhaloso ea Genese ea ho bōptjoa ha bokahohle le hore na bophelo bo bile teng joang lefatšeng e lumellana le lintlha tse ngata tseo saense e sa tsoa li sibolla.

Bo-rasaense ba bangata ba hana seo Bibele e se buang ha e re Molimo o bōpile lintho tsohle, hobane ba lumela lifilosofi tse itseng. Empa ho thahasellisang ke hore bukeng ea Bibele ea Genese e ngotsoeng mehleng ea boholo-holo, Moshe o ile a ngola hore bokahohle bo na le qalo le hore lintho tse phelang li bile teng ka mekhahlelo, li bile teng butle-butle ha nako e ntse e feta. Ho tlile joang hore Moshe a tsebe boitsebiso boo bo nepahetseng ba saense lilemo tse ka bang 3 500 tse fetileng? Ho na le tlhaloso e le ’ngoe feela e utloahalang. Ka sebele ke Ea nang le matla le bohlale ba ho etsa maholimo le lefatše feela ea neng a ka fa Moshe boitsebiso boo bo tsoetseng pele. Bona ke bopaki ba seo Bibele e se buang ha e re e “bululetsoe ke Molimo.”—2 Timothea 3:16.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 14 Lentsoe la Seheberu le sebelisitsoeng e le leseli ho hlalosa se etsahetseng “letsatsing” la pele ke ʼohr, e leng khanya ka kakaretso; empa mabapi le “letsatsi” la bone ho sebelisitsoe ma·ʼohrʹ, e bolelang mohloli oa leseli.

NA U KILE UA IPOTSA?

◼ Molimo o bōpile bokahohle khale hakae?—Genese 1:1.

◼ Na lefatše le bōpiloe ka matsatsi a tšeletseng a sebele a lihora tse 24?—Genese 2:4.

◼ Ho tlile joang hore seo Moshe a se ngotseng ka tšimoloho ea lefatše se nepahale litabeng tsa saense?—2 Timothea 3:16.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 19]

Genese ha e rute hore bokahohle bo bōpiloe ka nako e khutšoanyane le hona eseng khale haholo

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 20]

“Tšimolohong Molimo o ile a bōpa maholimo le lefatše.”—Genese 1:1

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 18]

Universe: IAC/RGO/David Malin Images

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 20]

NASA photo