Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na ke Habohlokoa Hore na U Lumela Eng?

Na ke Habohlokoa Hore na U Lumela Eng?

Na ke Habohlokoa Hore na U Lumela Eng?

NA U nahana hore bophelo bo na le morero? Haeba khopolo ea ho iphetola ha lintho ke ’nete, seo se bolela hore mantsoe a qotsitsoeng koranteng ea Scientific American ke ’nete, ha e re: “Tsela eo re utloisisang khopolo ea ho iphetola ha lintho ka eona morao tjena e fana ka maikutlo . . . a hore ha e le hantle bophelo ha bo na morero.”

Ak’u nahane ka seo mantsoe ao a se bolelang. Haeba ha e le hantle bophelo ha bo na morero, seo se bolela hore ha ho na seo u hlile u se phelelang haese feela ho etsa molemo o itseng, ’me mohlomong u siele moloko o latelang litšobotsi tse itseng tsa liphatsa tsa lefutso. Ha u shoa, ke phetho ka uena. Boko ba hao, bo nang le matla a ho nahana, ho beha mabaka le ho thuisa ka morero oa bophelo, e ne e tla ba bo itlhahetse feela ka tšohanyetso.

Taba ena ha e felle moo. Ba bangata ba lumelang khopolo ea ho iphetola ha lintho ba re lintho li peli, Molimo ha a eo kapa haeba o teng a ke ke a kenella linthong tseo batho ba li etsang. Maemong ana ka bobeli, ho ne ho tla bolela hore bokamoso ba rōna bo itšetlehile ka baeta-pele ba lipolotiki, barutehi le baeta-pele ba bolumeli. ’Me ha re sheba tlaleho eo ba iketselitseng eona, pherekano, lintoa le bobolu tse aparetseng moloko oa batho li tla ’ne li tsoele pele. Haeba khopolo ea ho iphetola ha lintho e hlile e le ’nete, leo e ne e tla ba lebaka le utloahalang la ho phela ka lepetjo la batho ba feletsoeng ke tšepo: “A re jeng ’me re noeng, etsoe hosasane re tla shoa.”—1 Bakorinthe 15:32.

Lula u tseba taba ke ena. Lipaki Tsa Jehova ha li lumellane le litlhaloso tse boletsoeng ka holimo. Ebile Lipaki ha li lumellane le motheo oo litlhaloso tseo li nkiloeng ho oona—e leng khopolo ea ho iphetola ha lintho. Ho e-na le hoo, Lipaki li lumela hore Bibele ke ’nete. (Johanne 17:17) Kahoo, li lumela seo e se buang ka hore na re bile teng joang: “Mohloli oa bophelo o ho uena [Molimo].” (Pesaleme ea 36:9) Mantsoe ao a bolela ho hongata.

Bophelo bo na le morero. ’Mōpi oa rōna o na le morero o lerato oo a o reretseng bohle ba phelang tumellanong le thato ea hae. (Moeklesia 12:13) Morero oo o akarelletsa tšepiso ea ho phela lefatšeng le se nang pherekano, lintoa le bobolu—haesita le lefu. (Esaia 2:4; 25:6-8) Lipaki Tsa Jehova tse limilione lefatšeng ka bophara li ka paka hore ho ithuta ka Molimo le ho etsa thato ea hae ho etsa hore bophelo bo be le morero ho feta ntho leha e le efe e ’ngoe!—Johanne 17:3.

Ka sebele seo u se lumelang ke sa bohlokoa, kaha se ka u tlisetsa thabo hona joale le nakong e tlang. Ke uena ea tla ikhethela. Na u tla kholoa khopolo e hlōlehileng ho qhela bopaki bo totobetseng ba hore lintho tsa tlhaho li entsoe? Kapa u tla lumela seo Bibele e se buang, ha e re lefatše le tse phelang ho lona li entsoe ke Moqapi ea babatsehang—e leng Jehova, Molimo ea ‘bōpileng lintho tsohle’?—Tšenolo 4:11.