Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Nka Buella Seo ke se Lumelang ka Pōpo Joang?

Nka Buella Seo ke se Lumelang ka Pōpo Joang?

Bacha Baa Botsa . . .

Nka Buella Seo ke se Lumelang ka Pōpo Joang?

“Ha ho ne ho buuoa ka taba ea ho iphetola ha lintho ka tlelaseng, eo e ile ea e-ba taba e ’ngoe e fapaneng hōle le seo ke neng ke se rutiloe. Ho ne ho buuoa ka eona joalokaha eka ke ’nete, ’me seo se ile sa nkenya letsoalo.”—Ryan, 18.

“Ha ke le lilemo tse ka bang 12, mosuoe oa ka o ne a buella ka matla khopolo ea ho iphetola ha lintho. O ne a bile a e-na le letšoao la Darwin koloing ea hae! Seo se ne se etsa hore ke be leqe ho bolela hore ke lumela hore lintho li bōpiloe.”—Tyler, 19.

“Ke ile ka shashabana ha mosuoe ea re rutang thuto ea kahisano a re lekhetlong le latelang re tl’o ithuta ka khopolo ea ho iphetola ha lintho. Ke ne ke tseba hore ke tla tlameha ho hlalosetsa tlelase boemo ba ka tabeng ena eo batho ba phehisanang khang ka eona.”—Raquel, 14.

MOHLOMONG le uena, ho tšoana le Ryan, Tyler le Raquel, ha u phutholohe ha ho buuoa ka khopolo ea ho iphetola ha lintho ka tlelaseng. U lumela hore Molimo o “bōpile lintho tsohle.” (Tšenolo 4:11) Hohle ho u potoloha u bona bopaki ba hore lintho li entsoe ka bohlale. Empa libuka tsa sekolo tsona le mosuoe li re re bile teng ka ho iphetola ha lintho. Joale u mang uena ho phehisa “litsebi” khang? Hona liithuti-’moho le uena li tla re’ng ha u qala u bua ka . . . Molimo?

Haeba u ntse u ipotsa lipotso tse kang tsena, u se ke ua tšoenyeha! Hase uena feela ea lumelang hore lintho li bōpiloe. ’Nete ke hore, esita le bo-rasaense ba bangata ha ba amohele khopolo ena ea ho iphetola ha lintho. Mesuoe e mengata le eona ha e lumellane le eona. Liithuti tse ’nè ho tse hlano United States li lumela hore ’Mōpi o teng—le hoja libuka tsa sekolo li re ha a eo!

Empa u ka ’na ua botsa, ‘Ke tla re’ng haeba ke tlameha ho buella seo ke se lumelang ka pōpo?’ U ka kholiseha hore le haeba u motho ea lihlong, u ka khona ho itlhalosa. Empa u lokela ho ikatela esale nako.

Hlahloba Seo U se Lumelang!

Haeba u hōlisitsoe ke batsoali ba Bakreste, e ka ’na eaba u lumela hore lintho li bōpiloe hobane feela e le sona seo u se rutiloeng. Empa kaha hona joale u se u hōlile, u batla ho rapela Molimo ka ‘matla a hao a ho nahana,’ u e-na le motheo o tiileng oa seo u se lumelang. (Baroma 12:1) Pauluse o ile a khothalletsa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo hore ba ‘nepisise lintho tsohle.’ (1 Bathesalonika 5:21) U ka etsa see joang tabeng ea pōpo?

Ntlha ea pele, nahana ka seo Pauluse a ileng a se ngola ka Molimo: “Litšobotsi tsa hae tse sa bonahaleng li bonoa ka ho hlaka ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele, hobane li lemohuoa ka lintho tse entsoeng.” (Baroma 1:20) U ntse u nahanne ka mantsoe ao, nahana ka ’mele oa motho, lefatše, bokahohle bo pharaletseng le lintho tse bolibeng ba leoatle. Nahana ka tsela e hlollang eo likokoanyana li phelang ka eona, limela, liphoofolo—kapa ntho leha e le efe eo u e thahasellang. Joale u sebelisa ‘matla a ho nahana,’ ipotse, ‘Ke eng e nkholisang hore ’Mōpi o teng?’

Sam ea lilemo li 14 o etsa mohlala ka ’mele oa motho ha a araba potso eo. O re: “O rarahane ka tsela e hlollang, ’me litho tsohle tsa oona lia sebelisana. E ke ke eaba ’mele oa motho o bile teng feela tjee ka ho iphetola ha lintho!” Holly ea lilemo li 16, o lumellana le eena. O re: “Esale ho fumanoa hore ke tšoeroe ke lefu la tsoekere, ke ithutile ho hongata ka tsela eo ’mele o sebetsang ka eona. Ka mohlala, ke ho makatsang hore ebe manyeme—setho se senyenyane se ka mor’a mala—a etsa mosebetsi o moholo oa hore mali le litho tse ling li lule li sebetsa.”

Bacha ba bang ba sheba taba ena ka leihlo le leng. Jared ea lilemo li 19, o re: “’Na bopaki bo nkholisang ka ho fetisisa ke ba hore re na le takatso ea borapeli, ebile re ananela lintho tse ntle ’me re lakatsa ho ithuta. Litšobotsi tsena ha li hlokahale e le hore bophelo bo tsoele pele, joalokaha khopolo ea ho iphetola ha lintho e batla hore re lumele joalo. Tlhaloso feela eo ke e utloisisang ke ea hore re behiloe mona ke motho ea neng a batla hore re thabele bophelo.” Tyler, ea boletsoeng qalong, le eena o fihletse qeto e tšoanang. “Ha ke nahana ka karolo eo limela li e phethang ho ntšetseng pele bophelo le kamoo li entsoeng ka tsela e rarahaneng kateng, seo se etsa hore ke kholoe hore ’Mōpi o teng.”

Ho batla ho le bonolo ho bua ka taba ea pōpo haeba u e nahanisisitse hantle ebile u e lumela. Kahoo, etsisa Sam, Holly, Jared le Tyler, ka hore u iphe nako ea ho nahanisisa ka lintho tse hlollang tseo Molimo a li entseng. Ebe u “ela hloko” seo lintho tsena li u “bolellang” sona. Ha ho pelaelo hore le uena u tla etsa qeto e tšoanang le eo moapostola Pauluse a ileng a e etsa—ea hore Molimo o teng le hore litšobotsi tsa hae “li lemohuoa [ka ho hlaka] ka lintho tse entsoeng.” *

Tseba Seo ha e le Hantle Bibele e se Rutang

Ntle le ho nahanisisa ka lintho tseo Molimo a li entseng, e le hore u buelle pōpo u boetse u lokela ho tseba seo ha e le hantle Bibele e se rutang ka taba ena. Ha ho hlokahale hore u phehe khang ka lintho tseo Bibele e sa bueng ka tsona ka ho toba. Nahana ka mehlala ena e seng mekae.

Buka ea ka ea saense e re lefatše le lipolanete tse ling li bile teng ka lilemo tse libilione. Bibele ha e bolele hore na lefatše le lipolanete li bile teng nako e kae. Seo e se buang se lumellana le taba ea hore e ka ’na eaba bokahohle bo bile teng lilemo tse libilione pele “letsatsi” la pele la pōpo le qala.—Genese 1:1, 2.

Mosuoe oa ka o re e ke ke eaba lefatše le bōpiloe ka matsatsi a tšeletseng feela. Bibele ha e re letsatsi ka leng la “matsatsi” a tšeletseng a pōpo e ne e le la lihora tse 24. Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, bona leqephe la 18-20 makasineng ena.

Ka tlelaseng ho fanoe ka mehlala e ’maloa ea kamoo batho le liphoofolo ba fetohileng kateng ha nako e ntse e feta. Bibele e re Molimo o bōpile lintho tse phelang “ho ea ka mefuta ea tsona.” (Genese 1:20, 21) Ha e tšehetse maikutlo a hore bophelo bo tsoa nthong e sa pheleng kapa hona hore Molimo o ile a etsa hore lintho li iphetole ho tloha seleng e le ’ngoe. Leha ho le joalo, “mofuta” ka mong o na le monyetla oa hore o fetohe ka litsela tse sa tšoaneng. Ka hona, Bibele e fana ka monyetla oa hore ho be le phetoho e itseng ‘mofuteng’ ka mong.

Kholiseha ka Seo U se Lumelang!

Ha ho na lebaka la hore u ikutloe u sa phutholoha kapa u le lihlong hobane u lumela hore lintho li bōpiloe. Ha re hlahloba bopaki bo teng, ke ho utloahalang—ha e le hantle, ke ho lumellanang le saense—ho lumela hore re entsoe ka bohlale. Bonneteng ke khopolo ea ho iphetola ha lintho—eseng pōpo—e hlokang hore motho a be le tumelo e matla le e hlokang hore motho a lumele hore ho etsahala mehlolo empa ho se na motho ea e etsang. Ha e le hantle, ka mor’a ho hlahloba lihlooho tse ling makasineng ena ea Tsoha! ha ho pelaelo hore u tla kholiseha hore bopaki bo tšehetsa hore lintho li bōpiloe. Ha u se u nahanne hantle ka taba ena u sebelisa matla a hao a ho nahana, u tla ba le sebete sa ho buella seo u se lumelang ka tlelaseng.

Ke seo Raquel, ea boletsoeng pejana a ileng a se fumana. O re: “Ho ile ha nkuka matsatsinyana hore ke elelloe hore ke lokela ho bua ka seo ke se lumelang. Ke ile ka fa mosuoe oa ka buka ea Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation? ke tšoaile lintlha tse itseng tseo ke neng ke batla hore a li ele hloko. Hamorao o ile a mpolella hore buka eo e mo butse mahlo ka khopolo ea ho iphetola ha lintho le hore nakong e tlang o tla nahana ka boitsebiso boo pele a ruta thuto eo!”

Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa . . . ” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 14 Bacha ba bangata ba ruile molemo ka ho hlahloba boitsebiso bo bukeng e kang e reng Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation? le e reng Is There a Creator Who Cares About You? Libuka tseo ka bobeli li hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.

SEO U KA NAHANANG KA SONA

◼ Ke litsela life tse ling tse bonolo tseo u ka li sebelisang sekolong ho buella hore lintho li bōpiloe?

◼ U ka bontša joang hore u ananela Ea bōpileng lintho tsohle?Liketso 17:26, 27.

[Lebokose le leqepheng la 27]

“HO NA LE BOPAKI BO BONGATA”

“U ne u ka re’ng ho mocha ea hōlisitsoeng a lumela hore ’Mōpi o teng empa a rutoa khopolo ea ho iphetola ha lintho sekolong?” Potso eo e ile ea botsoa Paki e ’ngoe ea Jehova eo e leng setsebi sa baeloji ea lintho tse phelang tse nyenyane haholo. E ile ea re’ng ha e araba? E ile ea re: “U lokela ho nka oo e le monyetla oa ikholisa hore Molimo o teng—eseng feela hobane e le seo u se rutiloeng ke batsoali ba hao empa hobane u hlahlobile bopaki ’me u fihletse qeto eo. Ka linako tse ling, mesuoe ha e kōpuoa ho ‘fana ka bopaki bo tšehetsang’ khopolo ea ho iphetola ha lintho, ea thatafalloa, ’me ea hlokomela hore e mpa e amohetse khopolo eo feela hobane e le seo e se rutiloeng. Le uena u ka etsahalloa ke ntho e tšoanang ha ho tluoa tabeng ea ho lumela hore ’Mōpi o teng. Ke kahoo e leng habohlokoa hore u ikholise hore Molimo o fela a le teng. Ho na le bopaki bo bongata. Ha ho thata ho bo fumana.”

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 28]

U KHOLISOA KE ENG?

Ka tlaase mona, thathamisa lintho tse tharo tse u kholisang hore ’Mōpi o teng:

1. ․․․․․

2. ․․․․․

3. ․․․․․