Puisano le Setsebi sa Tšebetso ea Lik’hemik’hale Linthong Tse Phelang
Puisano le Setsebi sa Tšebetso ea Lik’hemik’hale Linthong Tse Phelang
KA 1996, Michael J. Behe, eo hona joale e leng moprofesa lefapheng la tšebetso ea lik’hemik’hale linthong tse phelang Univesithing ea Lehigh, e Pennsylvania, U.S.A., o ile a lokolla buka e reng Darwin’s Black Box—The Biochemical Challenge to Evolution. Tsoha! (ea Senyesemane) ea May 8, 1997, e na le letoto la lihlooho tlas’a sehlooho se seholo se reng “Re Bile Teng Joang?—Na e Bile ka Tšohanyetso Kapa ka Morero?” tse buang ka buka eo ea Behe. Nakong ea lilemo tse leshome buka eo ea Darwin’s Black Box e hatisitsoe, bo-rasaense ba buellang ho iphetola ha lintho ba ’nile ba leka ka matla ho hanyetsa mabaka a fanoeng ke Behe. Bahlahlobisisi ba ’nile ba mo nyatsa ka hore o lumeletse tumelo ea hae—kaha ke Moroma oa K’hatholike—hore e pupetse kahlolo ea hae ea saense. Ba bang ba re lintho tseo a li buileng ha li lumellane le saense. Tsoha! e buisane le Moprofesa Behe ho fumana hore na ke hobane’ng ha maikutlo a hae a tsositse khang e joalo.
TSOHA!: KE HOBANE’NG HA U NAHANA HORE BOPHELO BO FANA KA BOPAKI BA HORE LINTHO LI QAPILOE KA TSELA E BOHLALE?
MOPROFESA BEHE: Neng le neng ha re bona ntho e rarahaneng e sebetsa ka tsela e hlophisehileng, re fihlela qeto ea hore ho na le motho ea e qapileng. Ka mohlala, nahana ka mechine eo re e sebelisang letsatsi le leng le le leng—mochine o kutang mohloa, koloi kapa esita le lintho tse ling tse tloaelehileng. Ke rata ho etsa mohlala ka selakheitere sa litoeba. U etsa qeto ea hore se qapiloe ke motho hobane u bona tsela eo se entsoeng ka eona hore se phethe morero oa ho pitla toeba.
Hona joale saense e se e hatetse pele hoo e seng e sibolotse moralo oa lintho tse phelang. ’Me ntho e makatsang le ho feta ke hore bo-rasaense ba fumane limolek’hule tsa lintho tse phelang li sebetsa joaloka mochine o rarahaneng. Ka mohlala, liseleng tsa lintho tse phelang ho na le limolek’hule tse nyenyane tse kang literaka tse nkang lintho seleng e ’ngoe ho li isa ho e ’ngoe. Ho na le limolek’hule tse ling tse nyenyane tse sebetsang joaloka matšoao a tsela ho bolella literaka tsena hore li thinyetse ka ho le letona kapa ho le letšehali. Lisele tse ling li na le limolek’hule tse kang lienjene tse nyenyane tse tsamaisang lisele mokelikeling. Maemong a tloaelehileng, ha batho ba bona bopaki ba ho sebetsa ha ntho e rarahaneng joalo, ba etsa qeto ea hore e entsoe. Ha re na tlhaloso e ’ngoe bakeng sa ho rarahana hona, ho sa tsotellehe hore na khopolo ea Darwin ea ho iphetola ha lintho e ruta eng. Kaha kamehla re fihlela qeto e tšoanang ka lintho tse fanang ka bopaki ba hore li entsoe, hoa utloahala ho nahana hore tsela eo limolek’hule tsena li sebetsang ka eona e entsoe ka bohlale.
TSOHA!: U NAHANA HORE KE HOBANE’NG HA BOHOLO BA BO-MPHATO OA HAO BA HANANA LE UENA QETONG EA HAO EA HORE LINTHO LI QAPILOE KA TSELA E BOHLALE?
MOPROFESA BEHE: Bo-rasaense ba bangata ha ba lumellane le qeto ea ka hobane baa lemoha hore khopolo ea hore lintho li
qapiloe ka tsela e bohlale e fetela ka nģ’ane ho tsebo ea saense—e supa mohloli o phahameng ho feta oa tlhaho. Qeto ena e kukunela batho ba bangata. Leha ho le joalo, ke ’nile ka rutoa hore saense e lokela ho latela bopaki hohle moo bo lebisang teng. Kamoo ke bonang kateng, ke ho ba lekoala ho ikhula nthong e nang le bopaki bo matla hobane feela motho a nahana hore qeto eo e tla thunthetsa filosofi.TSOHA!: U ARABA JOANG BA U NYATSANG KA HORE HO AMOHELA KHOPOLO EA HORE LINTHO LI QAPILOE KA TSELA E BOHLALE HO BONTŠA HO HLOKA TSEBO?
MOPROFESA BEHE: Qeto ea hore lintho li qapiloe ha kea e fihlela ka lebaka la ho hloka tsebo. Ha kea e fihlela ka lebaka la seo re sa se tsebeng; ke e fihletse ka lebaka la seo re se tsebang. Ha Darwin a ne a hatisa buka ea The Origin of Species lilemong tse 150 tse fetileng, bophelo bo ne bo bonahala eka ha boa rarahana. Bo-rasaense ba ne ba nahana hore sele ha ea rarahana hoo e ka itlhahelang feela seretseng sa leoatle. Empa ka mor’a moo, saense e ’nile ea sibolla hore sele e rarahane ka tsela e hlollang, e rarahane ho feta mochine leha e le ofe o entsoeng lekholong la bo21 la lilemo. Ntho e rarahaneng joalo empa e sebetsa ka botlalo e paka hore e entsoe ka morero.
TSOHA!: NA SAENSE E FANE KA BOPAKI LEHA E LE BOFE BA HORE HO IPHETOLA HA LINTHO KA TSELA EO TLHAHO E KHETHANG TSE TLA ATLEHA TIKOLOHONG KE HONA HOO E KA ’NANG EABA HO HLAHISITSE LIMOLEK’HULE TSE RARAHANENG TSEO U BUILENG KA TSONA TSE SEBETSANG JOALOKA MOCHINE?
MOPROFESA BEHE: Haeba u ka batlisisa libukeng tsa saense, u tla fumana hore ha ho motho ea kileng a etsa boiteko bo tiileng ba ho batla tlhaloso—ka ho etsa liteko kapa ka ho latela tlhaloso e feletseng ea saense—ea hore na limolek’hule tse sebetsang joaloka mochine li bile teng joang ho latela tlhaloso ea Darwin. Ho ntse ho le joalo le hoja lilemong tsena tse leshome buka ea ka e hatisitsoe, mekhatlo e mengata ea saense, e kang National Academy of Sciences le American Association for the Advancement of Science, e ’nile ea etsa boipiletso bo matla ba hore litho tsa eona li etse sohle se matleng a tsona ho loantša khopolo ea hore lintho tse phelang li fana ka bopaki ba hore li qapiloe ka tsela e bohlale.
TSOHA!: U ARABA JOANG BA SUPANG LITŠOBOTSI TSE ITSENG TSA LIMELA KAPA LIPHOOFOLO TSEO BA RENG HA LIA ETSOA HANTLE?
MOPROFESA BEHE: Ho se tsebe hore na ke hobane’ng ha ntho e phelang e e-na le tšobotsi e itseng ha ho bolele hore hase ea bohlokoa. Ka mohlala, ho kile ha nahanoa hore litho tseo ho neng ho thoe ha li sebetse letho ’meleng ke bopaki ba hore ’mele oa motho le oa lintho tse ling tse phelang ha e ea etsoa hantle. Mohlala ke lelana le litemetoane, tseo ho kileng ha nahanoa hore ke litho tse sa sebetseng letho ’meleng ’me li ntšoa. Empa ho ile ha sibolloa hore litho tsena li phetha karolo e khōlō tsamaisong ea ’mele ea ho itšireletsa mafung ’me hona joale li se li nkoa e le tsa bohlokoa.
Ntlha e ’ngoe eo re lokelang ho e hopola ke hore linthong tse phelang, ho na le lintho tse ling tse iketsahallang feela tjee. Empa taba ea hore ho na le moo koloi e khobehileng teng kapa hore e panchetsoe ke thaere ha e bolele hore koloi eo kapa eona thaere ha ea etsoa ke motho. Ka ho tšoanang, taba ea hore lintho tse ling li etsahala e se ka morero linthong tse phelang ha e bolele hore tšebetso e tsoetseng pele le e rarahaneng ea limolek’hule tse sebetsang joaloka mochine linthong tse phelang e iketsahaletse feela tjee. Ruri ha ho utloahale ho fana ka lebaka le joalo.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 12]
“Kamoo ke bonang kateng, ke ho ba lekoala ho ikhula nthong e nang le bopaki bo matla hobane feela motho a nahana hore qeto eo e tla thunthetsa filosofi”