Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tsa Mona le Mane

Tsa Mona le Mane

Tsa Mona le Mane

“Lintho tse phelang bolibeng ba leoatle li ngata ho feta tse phelang sebakeng leha e le sefe se seng lefatšeng. ’Me bophelo bo thata moo . . . Empa hohle moo re qamakang teng re fumana lintho tse phelang, ka linako tse ling li le ngata ka tsela e ikhethang.”—NEW SCIENTIST, BRITHANI.

Nyeoeng e sa tsoa tekoa ka pel’a lekhotla, moahloli oa lekhotla la ’muso le Harrisburg, Pennsylvania, U.S.A., o entse qeto ea hore “ho khahlanong le molao oa motheo ho ruta [hore lintho li entsoe ka bohlale] ho fapana le ho ruta khopolo ea hore lintho li iphetotse nakong ea thuto ea saense likolong tsa sechaba.”—NEW YORK TIMES, U.S.A.

Ho ea ka phuputso e entsoeng ka 2005, “Maamerika a 51 ho a mang le a mang a lekholo a hana khopolo ea hore lintho li iphetotse.”—NEW YORK TIMES, U.S.A.

Sekolopata sa setonanahali sa sehlekehlekeng sa Galápagos se boima ba lik’hilograma tse 150, se lilemo li 175, se bitsoang Harriet, se lulang sebakeng sa polokelo ea liphoofolo Brisbane, Australia, ke “phoofolo e phetseng nako e telele ka ho fetisisa e tsejoang lefatšeng.”—AUSTRALIAN BROADCASTING CORPORATION.

Bafuputsi ba Switzerland ba fumane tsela eo mefuta e meng ea poone e itšireletsang ka eona libōkōng tse jang metso ea poone e lengoang linaheng tsa bophirimela. Poone eo e ntšetsa monko mobung. Monko oo o hohela libōkō tsa mofuta o mong tse bolaeang lipopane tsa sebōkō se jang metso.—DIE WELT, JEREMANE.

Squid sa Setonanahali se Nkoa Foto

Bo-rasaense ba nkile squid se seng sa setonanahali foto ka lekhetlo la pele leoatleng haufi le Lihlekehleke tsa Bonin, ka boroa ho Japane. Ba ile ba se cheha ka likhoketsane tse hakileng li-squid le li-shrimp tse nyenyane ba ntan’o leketlisa lik’hamera ka holimo. Squid sa setonanahali se ileng sa bitoha botebong ba limithara tse ka bang 900, ho hakanngoa hore se ka ’na sa e-ba bolelele ba limithara tse robeli.

“Li-dinosaur li ne li ja Joang”

Tlaleho ea Associated Press e re “bo-rasaense ba makalitsoe haholo” ke ho fumana hore “li-dinosaur li ne li ja joang.” Ba ile ba fumana seo ha ba ntse ba hlahloba mesaletsa ea bolokoe ba dinosaur e bitsoang sauropod bo fumanoeng India. Ke hobane’ng ha seo se ile sa ba makatsa? Tlaleho eo e hlalosa hore ho ne ho nkoa hore “joang bo bile teng nako e telele ka mor’a hore li-dinosaur li timele.” Hape ho ne ho lumeloa hore li-sauropod “li ne li se na meno a khethehileng a hlokahalang ho sila joang bo thata.” Setsebi sa mesaletsa ea limela tsa khale, Caroline Stromberg, ea neng a eteletse pele thimi e ileng ea fumana seo, o re: “Batho ba bangata ba ne ba sa nahane hore [li-sauropod] li ka ja joang.”

Linotši li Fofa Joang?

Ka bosoasoi ho ’nile ha thoe baenjiniere ba bontšitse hore linotši ha li khone ho fofa. Ho bonahala eka likokoanyana tseo “tse boima” tse uputsang mapheo a makhutšoaane li ke ke tsa khona ho fehla matla a lekaneng ho li fofisa. New Scientist e re e le hore baenjiniere ba sibolle lekunutu la likokoanyana tseo, ba ile ba “nka linotši tse bobolang lifoto tse 6000 ka motsotsoana.” Ho hlalosoa hore linotši li fofa ka mokhoa “o sa tloaelehang.” Setho se seng sa thimi e neng e etsa lipatlisiso se re: “Lepheo le ea morao ka likhato tse 90 le ntan’o khutla le uputsa ka makhetlo a 230 ka motsotsoana. . . . Le tšoana le tšepe e tsamaisang sefofane, e nang le lehare le potolohang.” Seo thimi eo e se sibolotseng se ka ’na sa thusa baenjiniere ho boela ba etsa litšepe tse tsamaisang sefofane le ho etsa sefofane se laolehang habonolo.

Litoeba Tse Binang

New Scientist e tlaleha hore “litoeba li khona ho bina le hore . . . li binela tseo li lebeletsaneng le tsona lipina tse batlang li rarahane joaloka tse binoang ke linonyana.” Litoeba li bina ka lentsoe le lesesaane hoo motho a ke keng a utloa—e leng hona hoo e ka ’nang eaba ho ne ho etsa hore batho ba se ke ba hlokomela. Bafuputsi ba St. Louis, Missouri, U.S.A., ba fumane hore mantsoe a litoeba tse tona “a hlophisitsoe ka tatellano le ka linoto, ho lumellana le tlhaloso ea ‘pina.’” Sena se beha litoeba sehlopheng se ikhethang. Lianyesi tse ling tseo ho tsebahalang hore lia bina ke maruarua, li-dolphin, bo-’mankhane le batho.