Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U Lokela ho Lumela Mang?

U Lokela ho Lumela Mang?

U Lokela ho Lumela Mang?

“Ka ho hlakileng, ntlo e ’ngoe le e ’ngoe e hahoa ke motho ea itseng, empa ea hahileng lintho tsohle ke Molimo.”—BAHEBERU 3:4.

NA U lumellana le taba e utloahalang ea mongoli eo oa Bibele? Ka lilemo tse ka bang 2 000, moloko oa batho o ’nile oa hatela pele ho tsa saense ho tloha ha temana eo e ne e ngoloa. Na ho sa ntse ho e-na le ba lumelang hore boqapi bo bonahalang pōpong bo bontša hore ho na le Moqapi, e leng eena ’Mōpi—Molimo?

Esita le linaheng tse tsoetseng pele indastering, batho ba bangata ba lumela joalo. Ka mohlala, phuputso e ileng ea etsoa United States ke makasine ea Newsweek ka 2005 e fumane hore batho ba etsang karolo ea 80 lekholong “ba lumela hore Molimo o bōpile bokahohle.” Na ba lumela see hobane ba sa ruteha? Na ho na le bo-rasaense ba lumelang hore Molimo o teng? Makasine ea saense e bitsoang Nature ka 1997 e ile ea tlaleha hore litsebi tse ka etsang karolo ea 40 lekholong tsa baeloji, tsa fisiks le tsa lipalo tseo ho ileng ha etsoa lipatlisiso ho tsona li lumela hore Molimo o teng ebile o mamela lithapelo le ho li araba.

Leha ho le joalo, bo-rasaense ba bang ba lomahantse meno ho hanana le sena. Dr. Herbert A. Hauptman, ea hapileng Khau ea Nobel, o sa tsoa bolella ba neng ba le sebokeng sa bo-rasaense hore ho lumela hore ho na le matla a phahametseng tlhaho, haholo-holo ho lumela hore Molimo o teng, ke ntho e sa lumellaneng ka ho feletseng le saense. O ile a re: “Ho lumela sena ke ho beha boiketlo ba moloko oa batho kotsing.” Esita le bo-rasaense ba lumelang hore Molimo o teng ba leqe ho ruta hore boqapi bo bonahalang limeleng le liphoofolong bo tlameha bo e-na le Moqapi. Hobane’ng? Ha a fana ka lebaka le leng, Douglas H. Erwin, rasaense ea ithutetseng ho batlisisa ka mesaletsa ea lintho tsa khale oa Smithsonian Institute, o re: “Molao o mong oa saense ke hore ha e lumellane le taba ea hore ho etsahala mehlolo.”

U ka ’na ua lumella ba bang hore ba laole tsela eo u nahanang ka eona le seo u se lumelang. Kapa u ka ’na ua iketsetsa lipatlisiso ka bouena eaba u iketsetsa qeto. Ha u ntse u bala ka lintho tseo saense e sa tsoa li sibolla tse tla tšohloa maqepheng a latelang, ak’u ipotse, ‘Na ke ntho e utloahalang ho etsa qeto ea hore ’Mōpi o teng?’

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 3]

Iketsetse lipatlisiso ka bouena

[Lebokose le leqepheng la 3]

NA LIPAKI TSA JEHOVA LI LUMELA HORE LINTHO LI BŌPILOE KA MATSATSI A TŠELETSENG A SEBELE?

Lipaki Tsa Jehova li lumela tlaleho ea pōpo kamoo e tlalehiloeng kateng ka Bibeleng bukeng ea Genese. Leha ho le joalo, ho ke ke ha thoe Lipaki Tsa Jehova ke batho ba lumelang hore lintho li bōpiloe ka matsatsi a tšeletseng a sebele. Hobane’ng? Ntlha ea pele, batho ba bangata ba lumelang hore lintho li bōpiloe ka matsatsi a tšeletseng a sebele ba lumela hore bokahohle le lefatše le lintho tsohle tse phelang li bōpiloe ka matsatsi a tšeletseng a lihora tse 24, lilemong tse ka bang 10 000 tse fetileng. Leha ho le joalo, sena hase seo Bibele e se rutang. * Hape, ba lumelang hore lintho li bōpiloe ka matsatsi a tšeletseng a sebele ba lumela lintho tse ling tse ngata tse sa tšehetsoeng ke Bibele. Lipaki Tsa Jehova li thehile lithuto tsa tsona tsa bolumeli Lentsoeng la Molimo ka ho feletseng.

Ho feta moo, linaheng tse ling motho “ea lumelang hore lintho li bōpiloe ka matsatsi a tšeletseng a sebele” o nkoa e le setho sa o mong oa mekhatlo e Tsitlellang Hore Bibele ha e Tolokoe e ikakhetseng ka setotsoana lipolotiking. Mekhatlo ena e leka ho hatella bo-ralipolotiki, baahloli le matichere hore ba amohele melao le lithuto tse rutoang ke ba lumelang hore lintho li bōpiloe ka matsatsi a tšeletseng a sebele.

Lipaki Tsa Jehova ha li nke lehlakore lipolotiking. Li hlompha tokelo ea mebuso ea ho etsa melao le ho e phethahatsa. (Baroma 13:1-7) Leha ho le joalo, li nka ka ho teba mantsoe a Jesu a hore “hase karolo ea lefatše.” (Johanne 17:14-16) Tšebeletsong ea tsona ea boboleli, li fa batho monyetla oa ho ithuta melemo ea ho phela ka litekanyetso tsa Molimo. Empa ha li sekisetse tabeng ea ho se nke lehlakore ha tsona ha Bokreste ka ho tšehetsa boiteko ba mekhatlo e Tsitlellang Hore Bibele ha e Tolokoe e lekang ho etsa melao e tla qobella ba bang hore ba amohele litekanyetso tsa Bibele.—Johanne 18:36.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 11 Ka kōpo bona sehlooho se reng, “Pono ea Bibele: Na Saense e Hanyetsana le Tlaleho ea Genese?” se leqepheng la 18 la makasine ena.