Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U Tla Araba Joang?

U Tla Araba Joang?

U Tla Araba Joang?

KE’NG SE PHOSO KA SETŠOANTŠO SEE?

Bolela lintho tse tharo tse hlahang setšoantšong sena tse sa tšoaneng le se tlalehiloeng ka Bibeleng ho Genese 3:1-5.

1. ․․․․․

2. ․․․․․

3. ․․․․․

Se ka Tšohloang: Ke hobane’ng ha Jehova a ile a re Adama le Eva ba se ke ba ja tholoana ea sefate sa tsebo ea botle le bobe? U nahana hore ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho mamela litaelo tsa Jehova?

E ETSAHETSE NENG HISTORING?

Thala mola ho tloha ketsahalong ea pōpo ho ea ‘letsatsing’ leo e qalileng ka lona.

Letsatsing la 1 Letsatsing la 3 Letsatsing la 5 Letsatsing la 7

Letsatsing la 2 Letsatsing la 4 Letsatsing la 6

4. Genese 1:14-16

5. Genese 1:24

6. Genese 1:20, 21

KE ’NA MANG?

7. Ke motho oa pele oa ho haha motse ea tlalehiloeng.

KE ’NA MANG?

8. Ke mosali oa pele ka mor’a Eva oa hore ke boleloe ka lebitso ka Bibeleng.

TSE HLAHANG MAKASINENG ENA

Araba lipotso tsena, ’me u fane ka (li)temana tsa Bibele tse sieo.

Leqephe 5 Ke phoofolo efe eo ho neng ho tsebahala mehleng ea Bibele hore e khona ho ngoangoarela? (Liproverbia 30:____)

Leqephe 9 Ke hobane’ng ha Jehova a tšoaneloa ke ho rorisoa? (Tšenolo 4:____)

Leqephe 20 Boitsebiso bo nakong bo fanoeng ho Genese bo paka eng? (2 Timothea 3:____)

Leqephe 25 Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e entsoe joang “ka nako ea eona”? (Moeklesia 3:____)

Bana Batlang Litšoantšo

Na u ka fumana litšoantšo tsee makasineng ee? Hlalosa se etsahalang setšoantšong ka seng ka mantsoe a hao.

(Likarabo li leqepheng la 12)

LIKARABO BAKENG SA LEQEPHE LA 31

1. Noha e buile le Eva, eseng Adama.—Genese 3:1.

2. Adama le Eva ba bile le bana ka mor’a ho lelekoa serapeng sa Edene.—Genese 4:1.

3. Adama le Eva ba ne ba phela ba hlobotse ha ba le serapeng.—Genese 2:25.

4. “Letsatsi” la 4.—Genese 1:14-16, 19.

5. “Letsatsi” la 6.—Genese 1:24, 31.

6. “Letsatsi” la 5.—Genese 1:20, 21, 23.

7. Kaine.—Genese 4:17.

8. Ada.—Genese 4:19.

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 31]

First circle: Breck P. Kent; second circle: © Pat Canova/Index Stock Imagery