Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Daea Lesela—Mokhoa oa Boholo-holo le oa Sejoale-joale

Ho Daea Lesela—Mokhoa oa Boholo-holo le oa Sejoale-joale

Ho Daea LeselaMokhoa oa Boholo-holo le oa Sejoale-joale

KA MONGOLI OA TSOHA! BRITHANI

NA U kile ua hlokomela hore na mebala e ama maikutlo a rōna joang? Ha ho makatse hore ebe ho theosa le lilemo batho ba khethile ho fetola mebala ea masela, ba sebelisa mokhoa o bitsoang ho daea.

Ha re reka liaparo le thepa ea ka tlung kapa lintho tse sebelisoang ha ho etsoa thepa ena, ha re batle hore li tsoe ’mala kapa li thunye. Re ile ra etela Musiamo oa Mebala oa SDC o Bradford, karolong e ka leboea ea Engelane ho ea ithuta hore na ke mekhoa efe e sebelisoang ho etsa hore masela a se ke a tsoa ’mala le hore na mekhoa ea khale ea ho daea e ’nile ea ntlafala joang. * Sebakeng sena re ile ra bona mehlala ea lintho tse sa tloaelehang tse ’nileng tsa sebelisetsoa ho daea ka makholo a lilemo.

Lidae Tse Neng li Sebelisoa Mehleng ea Khale

Ho fihlela karolong ea bobeli ea lekholo la bo19 la lilemo, lintho tse neng li sebelisetsoa ho daea masela li ne li tsoa linthong tsa tlhaho feela tse kang limela, likokoanyana le mofuteng oa tlhapi e bitsoang shellfish. Ho etsa mohlala, setlamatlama se bitsoang woad se ne se hlahisa dae e putsoa (1), se bitsoang weld se hlahisa dae e tšehla (2), se bitsoang madder se hlahisa dae e khubelu. Dae e ntšo eona e ne e tsoa sefateng se bitsoang logwood ’me boriba bo mamarelang mafikeng kapa lifateng bo bitsoang archil bo ne bo hlahisa dae e bopherese bo hlakileng. Tlhapi e bitsoang shellfish ea mofuta oa murex e ne e hlahisa dae e bopherese bo loileng e theko e boima haholo. (3). Dae ena e ne e sebelisetsoa ho daea liaparo tse neng li aparoa ke baemphera ba Roma.

Khale koana pele baemphera ba Roma ba e-ba teng, batho ba hlaheletseng ka mahetla le ba ruileng ba ne ba apara liaparo tse dailoeng ka lintho tsa tlhaho. (Esthere 8:15) Ho tea mohlala, dae e khubelu e ne e hlahisoa ke likokoanyana tse tšehali tsa kermes (4). Ho bonahala eka likokoanyana tsena ke tsona tse neng li hlahisa dae e ’mala o sekareleta oa kokase e neng e sebelisoa thepeng e neng e le ka tabernakeleng ea Iseraele ea boholo-holo haesita le liaparong tsa moprista ea phahameng oa Iseraele.—Exoda 28:5; 36:8.

Mokhoa oa ho Daea

Lipontšuoa tse Musiamong oa Mebala li bontša hore mekhoa e mengata ea ho daea ke ntho e rarahaneng haholo, hase feela ho ina khoele e ohliloeng kapa lesela ka har’a motsoako oa dae. Maemong a mangata mothati o mong ke oa ho sebelisa mordant, e leng ntho e tsebang ho kopanya tšoele le dae. Ha e sebelisitsoe, dae e momahana le tšoele ebe ha e sa hlola e qhibiliha ka metsing. Ke lik’hemik’hale tse ngata tse sebelisoang e le li-mordant, ’me tse ling tsa tsona li kotsi ha motho a li tšoara.

Mekhoa e meng ea ho daea e ntša menko e mebe. O mong oa mekhoa ena ke o nkang nako e telele o bileng o rarahaneng oa ho hlahisa ’mala o bofubelu bo khanyang. Dae ena e ne e sebelisetsoa ho daea k’hothone ’me e ne e hlahisa ’mala o bofubelu bo khanyang o sa thunyeng ha o utloa letsatsi, ha o hlatsuoa kapa ha o kenngoa ka har’a sesoeufatsi. Ho na le nako eo ka eona mokhoa ona o neng o kopanyelletsa methati e 38 e sa tšoaneng ’me o ne o nka hoo e ka bang likhoeli tse ’nè! A mang a masela a matlehali a neng a bontšitsoe musiamong ona ke a dailoeng ka ’mala oo o bofubelu bo khanyang (5).

Ho Etsoa Lidae Tsa Maiketsetso

Ho tlalehoa hore dae ea pele e neng e sa etsoa ka lintho tsa tlhaho e entsoe ke William Henry Perkin ka 1856. Pontšuoa e ’ngoe e musiamong oo e hlalosa ha Perkin a ne a qala ho etsa ’mala o bopherese bo khanyang. Qetellong ea lekholo la bo19 la lilemo, ho ne ho se ho entsoe lidae tse ling tsa maiketsetso tse ngata ka mebala e khanyang. Kajeno ho etsoa mefuta e fetang 8 000 ea lidae tsa maiketsetso (6). Lintho feela tsa tlhaho tse etsang dae tse ntseng li sebelisoa ke logwood le likokoanyana tse omisitsoeng tsa cochineal.

Ka sebakeng sa lipontšuoa tsa mebala le masela ho hlalosoa mekhoa e khethehileng e hlokahalang kajeno bakeng sa ho daea masela a maiketsetso a kang la rayon. Lesela la rayon le entsoeng ka motsoako oa viscose, e leng mofuta o tsebahalang haholo oa lesela la rayon le sebelisoang mehleng ena, le ile la qala ho hlahisoa le ho rekisoa ka 1905. Kaha rayon ea viscose e entsoe ka lintho tse tšoanang le tse fumanehang k’hothoneng, boholo ba lidae tse neng li fumaneha ka nako eo li ne li ka sebelisoa. Leha ho le joalo, ho ile ha tlameha hore ho etsoe mefuta e ’maloa ea lidae tse ncha bakeng sa masela a morao-rao a maiketsetso a kang rayon ea acetate, polyester, nylon le lesela la acrylic.

Bothata ba ho Etsa Lidae Tse sa Tsoeng ’Mala

Ha re reka liaparo kapa masela re batla tse sa tsoeng ’mala. Leha ho le joalo, tse ngata lia thunya ke letsatsi kapa ke ho hlatsuoa hangata, haholo-holo haeba ho sebelisoa sesepa. Ka linako tse ling ’mala oa masela o ka ’na oa fetoloa ke mofufutso kapa ke ho kopanngoa le liaparo tse ling ha a hlatsuoa. Hore na lesela le tsoa ’mala hakae ha le hlatsuoa ho tla itšetleha ka hore na limolek’hule tsa dae li momahane hakae le tšoele ea lesela. Ho hlatsuoa hangata le ho sebelisoa ha lintho tse tlosang matheba liaparong ho tlosa dae likhoeleng tsa lesela, e leng se etsang hore lesela le thunye. Lik’hamphani tse etsang dae li hlahloba lihlahisoa tsa tsona ho bona hore na letsatsi, ho hlatsuoa, sesepa le ho fufuleloa ha li bake tšenyo e khōlō.

Leeto la rōna le re khothalelitse hore re be hlokolosi tabeng ea hore na liaparo tsa rōna li entsoe ka masela a mofuta ofe. Empa taba e re butseng mahlo haholo ke ea mekhoa e hloahloa e ’nileng ea sebelisoa e le ho etsa bonnete ba hore liaparo tsa rōna ha li tsoe ’mala ho sa tsotellehe hore na li hlatsuoa hangata hakae.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 4 SDC—Society of Dyers and Colourists (mokhatlo oa Batho ba Etsang Lidae le ba Fetolang Mebala), o shebane le ho ntlafatsa tsebo litabeng tsa mebala.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 24]

Photos 1-4: Courtesy of the Colour Museum, Bradford (www.colour-experience.org)

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 25]

Photo 5: Courtesy of the Colour Museum, Bradford (www.colour-experience.org); Photo 6: Clariant International Ltd., Switzerland