Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho ba Mokreste ho Bolela’ng?

Ho ba Mokreste ho Bolela’ng?

Pono ea Bibele

Ho ba Mokreste ho Bolela’ng?

KINGSLEY oa naheng e ’ngoe ea Afrika, o re: “Naheng ea heso ho ba Mokreste ho bolela ho ea kerekeng hanngoe ka beke.” Raad oa Bochabela bo Hare o re: “Sechabeng sa heso, Bakreste ba nkoa e le sehlopha sa batho ba latelang mekhoa le meetlo ea makhooa ka moaparo oa bona, mekete ea bona le tsela eo ba tšoarang basali ka eona.”

Empa na ho ba Mokreste ho bolela feela hore motho a ee kerekeng hanngoe ka beke le hore a latele mekhoa le meetlo e itseng sechabeng? Na hase ntho e utloahalang hore lentsoe “Mokreste” le bolela tsela ea bophelo e bontšang maikutlo, melao-motheo le mekhoa eo Kreste a neng a e ruta le eo a behileng mohlala ho eona? * Ha Bokreste bo ne bo qala, Bakreste ba ne ba phela joang?

Bokreste ba Pele—E ne e le Tsela ea Bophelo

Jesu o ile a re ho balateli ba hae: “Le metsoalle ea ka haeba le etsa seo ke le laelang sona.” (Johanne 15:14) Kaha lithuto tsa Jesu li ne li ama likarolo tsohle tsa bophelo ba bona, qalong barutuoa ba Kreste ba ne ba re bolumeli ba bona ke “Tsela.” (Liketso 9:2) Hamorao, ‘ba ile ba bitsoa Bakreste ka tataiso ea Molimo.’ (Liketso 11:26) Lebitso lena le lecha leo ba ileng ba bitsoa ka lona le ne le bolela hore ba lumela hore Jesu ke Mora oa Molimo, ea senoletseng batho thato ea Ntate oa hae ea leholimong. Ka lebaka la ho lumela sena ba ne ba phela ka tsela e fapaneng le eo lefatše le ba potolohileng le neng le phela ka eona.

Lithuto tsa Kreste li ile tsa susumelletsa balateli ba hae hore ba mamele seo Bibele e se rutang, ’me sena se ne se bolela ho qoba “bohlola, ho se hloeke, boitšoaro bo hlephileng, borapeli ba litšoantšo, tšebelisano le meea, bora, ho qabana, poulelo, ho tlakoloha ka bohale, ho rata likhang, . . . ho inehella botahoa, mekete e lerata, le lintho tse joaloka tsena.” (Bagalata 5:19-21; Baefese 4:17-24) Moapostola Pauluse o ile a hopotsa Bakreste ba Korinthe hore ba bang ba bona ba ne ba kile ba etsa lintho tsa mofuta oo. Joale o ile a phaella ka ho re: “Empa le hlatsoitsoe hore le hloeke, empa le halalelitsoe, empa ho boletsoe hore le lokile ka lebitso la Morena oa rōna Jesu Kreste.”—1 Bakorinthe 6:9-11.

Bukeng ea hae ea The Rise of Christianity, E. W. Barnes o re: “Litokomaneng tsa oona tsa pele-pele tse buang ka Bokreste, mokhatlo oa Bokreste o hlalosoa e le mokhatlo o nang le boitšoaro o hlomphang melao. Litho tsa oona li ne li lakatsa ho ba baahi ba molemo le ho ba bafo ba tšepahalang. Li ne li qoba liphoso le mekhoa ea bohetene. Bophelong ba tsona e le batho ka bomong li ne li leka ho phela ka khotso le baahisani ba tsona le ho ba metsoalle e tšepahalang. Li rutiloe hore e be batho ba hlaphohetsoeng, ba sebetsang ka thata le ba phelang ka bohloeki. Le hoja li ne li phela har’a bobolu le ho hlepha ha boitšoaro, haeba li ne li fela li tšepahalla melao-motheo eo li neng li phela ka eona, li ne li tšepahala li bile li phelela ’nete. Boitšoaro ba tsona litabeng tsa ho kopanela liphate bo ne bo le botle: li ne li hlompha tlamo ea lenyalo ’me bophelo ba malapa a tsona bo ne bo hloekile.” Tsena e ne e le lintho tseo Mokreste a neng a tsejoa ka tsona mehleng ea pele.

Ntho e ’ngoe eo Bokreste ba pele bo neng bo khetholloa ka eona e ne e le ho etsa mosebetsi oa boboleli ka mafolofolo. Kreste o ile a laela balateli ba hae tjena: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.” (Matheu 28:19, 20) Jean Bernardi, eo e leng moprofesa Univesithing ea Sorbonne e Paris, Fora, o boletse sena: “[Bakreste] ba ne ba lokela ho tsoa ba ee sebakeng se seng le se seng ’me ba bue le motho e mong le e mong. Litseleng tse khōlō le metseng e meholo, mapatlelong a metse esita le malapeng. Ho sa tsotellehe hore na ba ne ba amoheloa kapa ba che, ba ne ba lokela ho bua le mafutsana le barui ba neng ba sitisoa ke maruo a bona. . . . Ba ne ba tlameha ho tsamaea mebileng, ba palame likepe ’me ba ee lipheletsong tsa lefatše.”

Bokreste ba ’Nete Kajeno

Bakreste ba ’nete kajeno ba tlameha ho totobala ka tsela e ikhethang eo ba phelang ka eona, joalo feela kaha ho ile ha e-ba joalo lekholong la pele la lilemo. Ka tsela e tšoanang, Lipaki Tsa Jehova li leka ka hohle ho hata mehlaleng ea Bakreste ba pele. Batho ba bang ba hlokomela boiteko ba tsona ba ho etsa hore bophelo ba tsona bo lumellane le lithuto tsa Bibele.

Ho tea mohlala, buka ea New Catholic Encyclopedia ea lumela hore Lipaki Tsa Jehova li tsebahala e le “se seng sa lihlopha tsa batho ba itšoereng hantle ka ho fetisisa lefatšeng.” Koranta ea Deseret News ea Salt Lake City, Utah, e boletse hore Lipaki Tsa Jehova “li khothalletsa hore malapa a momahane li bile li bōpa sechaba sa batho ba sebetsang ka thata le ba tšepahalang.” Koranta eo e phaeletse ka ho re: “Litho tsa bolumeli bona li tšehetsa boitšoaro bo botle ka matla. Li lumela hore ho tsuba, ho noa joala haholo, ho sebelisa lithethefatsi hampe, ho becha, boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate le bosodoma ke lintho tse senyang bomoea ba batho. Li ruta hore batho ba tšepahale ’me ba be le mekhoa e metle mosebetsing.”

Lipaki li boetse li nka boikarabelo ba tsona ba ho bolela ka cheseho e le bo tebileng. Ha e bua ka taba ena, buka ea New Catholic Encyclopedia, e re: “Boikarabelo bo ka sehloohong ba setho se seng le se seng . . . ke ba ho fana ka bopaki ka Jehova ka hore se phatlalatse ’Muso oa Hae o seng o le haufi. . . . Hore motho e be Paki ea ’nete o tlameha ho ba ’moleli ea mafolofolo.”

Kahoo, Bokreste ba ’nete hase feela taba ea ho ba setho sa bo bong ba malumeli a mangata ao ho thoeng ke a Bokreste. Jesu ka boeena o boletse esale pele hore ho ne ho tla ba le Bakreste ba bohata. (Matheu 7:22, 23) Lipaki Tsa Jehova li u khothalletsa hore u ithute seo Jesu a ileng a se ruta ’me u se etse. Seo ke sona se boleloang ke ho ba Mokreste. Jesu o itse: “Haeba le tseba lintho tsena, lea thaba haeba le li etsa.”—Johanne 13:17.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 4 Ha e hlalosa Mokreste dikishinari e ’ngoe e re ke motho ea ipolelang hore o lumela hore Jesu ke Kreste kapa eo bolumeli ba hae bo ipapisitseng le bophelo ba Jesu le lithuto tsa hae.

NA U KILE UA IPOTSA?

◼ Ke bo-mang bao Jesu a ileng a ba bitsa metsoalle ea hae?—Johanne 15:14.

◼ Bakreste ba lokela ho qoba boitšoaro ba mofuta ofe?—Bagalata 5:19-21.

◼ Bakreste ba lokela ho kenya letsoho mosebetsing ofe?—Matheu 28:19, 20.

[Litšoantšo tse leqepheng la 26]

Bakreste ba ’nete ke baboleli ba mafolofolo, joalokaha e ’nile ea e-ba baboleli ba mafolofolo lilemong tse makholo tse fetileng