Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha Batho ba Lula ba Mpapisa le ba Bang?

Ke Hobane’ng ha Batho ba Lula ba Mpapisa le ba Bang?

Bacha Baa Botsa. . .

Ke Hobane’ng ha Batho ba Lula ba Mpapisa le ba Bang?

“Kea teneha ha batsoali ba ka kapa matichere a mpapisa le ba bang.”—Mia. *

“Ho bapisoa le motho e mong ho etsa hore ke ikutloe ke se na thuso hobane ke ee be ke se ke ntse ke lakatsa eka nka tšoana le motho eo.”—April.

SEKOLONG tichere ea hao ea u omanya e re ha u sebetse hantle thutong ea lipalo joalo moithuti-’moho le uena. Ha u le lapeng, motsoali oa hao o u omanyetsa hore ha u makhethe joaloka ngoan’eno. Motho e mong o re, “’Mè oa hao o ne a le motle hampe ha a ne a lekana le uena!” Mantsoe ana a u hlaba habohloko hobane a etsa hore u ipotse hore na e le hore motho eo o nka hore u mobe na. Ho re u phatlohe u re: “E le hore batho ha ba mpone? Ke hobane’ng ha ba lula ba mpapisa le motho e mong?”

Ke hobane’ng ha ho bapisoa ho utloisa bohloko hakaale? Na ho na le phello leha e le efe e ntle e ka tlisoang ke hona? U ka sebetsana joang le boemo ba ha batho ba u bapisa le ba bang?

Ke Hobane’ng ha ho Bapisoa ho Utloisa Bohloko?

Lebaka le leng le etsang hore ho bapisoa le motho e mong ho utloise bohloko ke hobane ka linako tse ling, ho ka ’na ha toboketsa seo u seng u ntse u se tseba. Mohlomong seo batho ba se buang ke seo u ntseng u se bua ka pelong. Ka mohlala, Becky oa lumela, “Ke ne ke ee ke shebe bana ba ratoang sekolong ebe ke re, ‘Hoja ke ne ke tšoana le bona, batho ba bangata ba ne ba tla nthata.’”

Maikutlo aa a ho ikhalala a bakoa ke eng? Nahana ka se etsahalang ’meleng oa hao, maikutlong le kelellong. Ho ka etsahala hore ’mele oa hao o fetoha ka potlako. Tsela eo u sebelisanang le batsoali ba hao ka eona e batla e rarahana. Tsela eo u ikutloang ka eona ka ba bong bo fapaneng mohlomong le eona e fetohile haholo. Kahoo, u ka ’na ua ipotsa, ‘Na ke ntse ke hōla ka tsela e tloaelehileng?’

Mohlomong u nahana hore tsela eo u ka fumanang ka eona hore na u hōla ka tsela e tloaelehileng kapa che ke ka ho ipapisa le bacha ba bang ba leng boemong bo tšoanang le ba hao. Ka ho etsa joalo u ka ichehela leraba! Haeba ho bonahala eka ba sebetsana le boemo hantle ho u feta, u qala ho ikhalala. Joale ha motho e mong e moholo a botsa, ‘Ke hobane’ng ha u sa be joaloka ’nyeo?’ u ka ’na ua nahana hore seo u seng u ntse u se belaela se fela se le joalo—hore ha u hōle ka tsela e tloaelehileng!

April o bolela lebaka le leng leo ka lona ho bapisoa le e mong ho utloisang bohloko. O re: “Ha batho ba u bapisa le motho e mong, haholo-holo eo u leng haufi le eena, sena se ka etsa hore u be mōna ’me u tlale bohale.” Mia oa tseba hore na seo se joang. Batsoali ba hae le matichere ba lula ba mo bapisa le ausi oa hae. Mia o re: “Ba mpolella lintho tsohle tseo a neng a se a li finyeletse ha a lekana le ’na.” Phello e ba efe? O re: “Joale ekare ke tlhōlisanong le ausi oa ka. Ka linako tse ling ke mo jara ka pelo.”

Ka sebele ho bapisa batho ho ka ba le liphello tse mpe. Nahana ka se ileng sa etsahalla metsoalle e haufi-ufi ea Jesu. Bosiung ba ho qetela pele ho lefu la Jesu, ho ile ha tsoha “phehisano e chesang” har’a baapostola ba hae. Molato? Ha e le hantle, ba ne ba ipapisa ka bobona ’me ba phehisana khang ka hore na “ke ofe ho bona ea neng a bonahala eka ke e moholo.” (Luka 22:24) Ha ho pelaelo hore ka linako tse ling ho bapisa batho ho ka ba kotsi. Empa na ke kamehla ho bapisa batho ho leng kotsi?

Melemo ea ho Bapisoa le ba Bang

Nahana ka mohlala o boletsoeng ka Bibeleng oa Daniele e mocha le metsoalle ea hae e meraro ea Baheberu. Bacha bana ba ne ba sa batle ho ja limenyemenye tsa morena oa Babylona tse neng li thibetsoe molaong oa Molimo. (Levitike 11:4-8) E le hore Daniele a kholise mohlokomeli oa bona hore a ba thuse, o ile a etsa kōpo ea hore ba lekoe. O ile a fana ka tlhahiso ea hore ba je lijo tse amoheloang ke Molao oa Molimo ka matsatsi a leshome, ka mor’a moo, ba bapisoe le bacha ba bang ba Baheberu ba lebaleng la morena. Phello e bile efe?

Bibele ea hlalosa: “Bofelong ba matsatsi a leshome lifahleho tsa [Baheberu] tsa bonahala li le ntle ebile li nonne ho feta tsa bana bohle ba neng ba ja limenyemenye tsa morena.” (Daniele 1:6-16) Hlokomela hore liphello tse ntle ha lia hlahisoa ke hore Daniele le metsoalle ea hae ba ne ba phahametse bacha ba bang ka tlhaho. Ho e-na le hoo, e ne e le hobane bacha ba Baheberu ba ne ba khethile ho mamela melao eo Molimo a neng a e file batho ba hae.

Na u boemong bo tšoanang le ba bacha baa ba Baheberu? Haeba u phela tumellanong le melao ea Bibele ea boitšoaro, u tla fapana ka ho feletseng le bacha ba bang. Batho ba bang ba ka lemohang phapang ena ba ka ’na ba makala “’me ba tsoela pele ho [u] nyefola.” (1 Petrose 4:3, 4) Leha ho le joalo, ba bang ba tla bona liphello tse ntle tsa boitšoaro ba hao, ’me ba ka ’na ba susumelletseha hore ba ithute ka Jehova. (1 Petrose 2:12) Boemong bona, ho bapisoa le ba bang ho ka ba molemo.

Ho bapisoa ho ka boela ha e-ba molemo ka tsela e ’ngoe hape. Ka mohlala, u ka ’na ua nahana hore u phetha mosebetsi oa hao oa lapeng hantle—bonyane ha u ipapisa le banab’eno. Leha ho le joalo, batsoali ba hao ba ka ’na ba e-ba le maikutlo a fapaneng le ao. Ho u thusa hore u lokise monahano oa hao, ba ka ’na ba bua le uena ka mohlala oa motho ea itseng eo ho buuoang ka eena ka Bibeleng ’me ba u kōpa hore u bapise tsela eo u ikutloang ka eona le eo u etsang lintho ka eona le eo motho eo a neng a etsa lintho ka eona.

Ka mohlala, ba ka ’na ba u hopotsa hore le hoja Jesu a ne a bitsoa Morena le Mosuoe, o ile a ithaopela ho hlatsoa barutuoa ba hae maoto. (Johanne 13:12-15) Joale ba ka ’na ba u khothalletsa hore u etsise boikutlo boo Jesu a neng a e-na le bona ba ho ikokobetsa le ho sebetsa ka thata. Ha e le hantle, Bibele e khothalletsa Bakreste bohle, ba bacha le ba hōlileng, hore nako le nako ba ipapise le Kreste ’me ba leke ho ‘latela mehato ea hae haufi-ufi.’ (1 Petrose 2:21) Ho ipapisa ka tsela ena ho etsa hore re lule re ikokobelitse ’me ho re thusa hore re hlaolele ho ba le botho bo tla thabisa Jehova.

Ho Sebetsana le ho Bapisoa ka Tsela e U Nyatsang

Ke ’nete hore e ka ba ho halefisang le ho utloisang bohloko ho bapisoa le ngoan’eno kapa thaka ea hao ka tsela e u nyatsang. U ka etsa’ng boemong boo? Morena Solomone ea bohlale o re: “Ka sebele temohisiso ea motho e liehisa bohale ba hae.” (Liproverbia 19:11) Temohisiso e ka thusa joang? Le hoja u ka ’na ua se ke ua nahana joalo, motho ea u bapisang le e mong, ebang ke motsoali kapa ke tichere, ho ka etsahala hore ke hobane a u lakaletsa se molemo. Cathy o re: “Ha motho a mpapisa le e mong, kea ipotsa, ‘Motho eo u leka ho nthusa joang?’” Cathy o fumane hore ha a sheba litaba ka leihlo le letle, ha a nyahame haholo kapa hona ho teneha.

Empa ho thoe’ng haeba u nka hore batho ba lula ba u bapisa le ba bang nako ee kaofela? Ka mohlala, ho ka ’na ha bonahala eka motsoali o lula a u nyatsa ka ho u bapisa le e mong oa banab’eno. U ka ’na ua batla ho buisana le motsoali ka taba ena ’me ka tlhompho u hlalose hore na ho u bapisa hoo ho etsa hore u ikutloe joang. E ka ’na eaba motsoali ha a lemohe hore ho u bapisa ha hae ho u tšoara hampe.

Leha ho le joalo, hopola hore ho na le “nako ea ho bua” hape ho na le “nako ea ho khutsa.” (Moeklesia 3:7) Ho e-na le hore u tlakolohe ka bohale nakong e tlang ha u bapisoa le e mong, emela hore bohale bo kokobele, ebe joale u buisana le motsoali kapa motho leha e le ofe ea u bapisang le e mong ka tsela e u nyatsang. Mantsoe a hao a tla ba matla haholo ha u bua ka moea o fatše.—Liproverbia 16:23.

Hangata u ka fokotsa bohloko ba ho bapisoa ka tsela e u nyatsang ka hore u lemohe makhabane a hao. Moapostola Pauluse o ile a re ho Timothea: “Ho se ke ha e-ba le motho eo le ka mohla a khellang bocha ba hao tlaase.” (1 Timothea 4:12) Timothea o ne a sa le mocha ha a ne a khetheloa ho ba molebeli oa Mokreste. Ka hona, e ka ’na eaba ba bang ba ne ba mo nyatsa ka ho mo bapisa le banna ba bang ba baholoanyane le ba nang le phihlelo. Empa ho ne ho se na lebaka la hore ba mo nyatse ka ho mo bapisa le ba bang. Le hoja Timothea a ne a le mocha, o ne a ithutile ho hongata ha a ntse a tsamaea le Pauluse. Timothea o ne a tseba ho sebelisa Lentsoe la Molimo ka katleho. Hape o ne a tsotella bara le barali babo ba moea ka pelo eohle.—1 Bakorinthe 4:17; Bafilipi 2:19, 20.

Ka hona, nakong e tlang ha motho e mong a u nyatsa a u bapisa le e mong, ipotse, ‘Na seo a ’nyatsang ka sona ke ’nete?’ Haeba ho na le ’nete ho seo a se buileng, leka ho ithuta ho sona. Empa haeba motho eo a mpa a u bapisa le e mong feela ka tsela e akaretsang—mohlomong a re, “Ke hobane’ng ha u sa tšoane le ngoan’eno?”—leka ho nka seo ka tsela e ntle. Leka ka matla ho fumana ntlha e ka u thusang ho eo u bapisoang le eena.

Jehova Molimo ha a lekanye hore na u ua bohlokoa hakae ka ho u bapisa le motho e mong ea sa phethahalang. (Bagalata 6:4) O sheba se ka hare ho motho ’me o utloisisa seo u leng sona pelong. (1 Samuele 16:7) Ka sebele, Jehova o bona seo u leng sona ebile o bona seo u lekang ho ba sona. (Baheberu 4:12, 13) Oa tseba hore u ka ’na ua etsa liphoso ’me o sheba botle boo u bo etsang. (Pesaleme ea 130:3, 4) Ho tseba sena ho ka u thusa hore u sebetsane hantle le boemo ba ha u bapisoa le ba bang.

Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa . . . ” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 Mabitso a fetotsoe.

SEO U KA NAHANANG KA SONA

◼ Ke lintho life tse u halefisang ha u bapisoa le batho ka tsona?

◼ Haeba batsoali ba hao ba lula ba u bapisa le ba bang, u ka etsa’ng boemong boo?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 12]

“Nka rata ha motho ea mphang keletso a sa bue ka motho e mong, a sa re, ‘U lokela ho tšoana le ’nyeo,’ ho e-na le hoo, nka rata hore a mpabatse ka lintho tse ntle tseo ke li etsang, ebe ka mor’a moo o nthusa ka tsela e lerato hore ke bone mefokolo ea ka.”—Natalie

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

U ka ’na ua rata ho hlalosa ka tlhompho hore na ho bapisoa le e mong ho etsa hore u ikutloe joang