Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha ke Akheha?

Ke Hobane’ng ha ke Akheha?

Ke Hobane’ng ha ke Akheha?

Ngaka e ne e batla ho hlahloba hore na leihlo la ka le tiile hakae, sena se ne se hloka hore e thetse thaka ea ka ea leihlo ka sesebelisoa sa bongaka. Ke ne ke tseba se tlil’o etsahala. Sena se etsahala kamehla. Hoa tšoana le ha mooki a ntlhaba ka nale ho hula mali. Ka linako tse ling le ho bua ka likotsi feela ho mpakela bothata bo tšoanang—kea akheha.

Ho latela tlaleho e ’ngoe e tsoang Brithani, batho ba bararo ho ba lekholo ba akhehang ba atisa ho akheha haeba ka ho khetheha ba ka etsahalloa ke e ’ngoe ea lintho tse seng li boletsoe. Haeba le uena u na le bothata boo ke nang le bona e ka ’na eaba u lekile ho ithiba hore u se ke ua akheha empa ua hlōleha. E ka ’na eaba u ’nile ua leka ho leba ntloaneng e le hore u se ke ua akhehela mahlong a batho. Ena hase ntho e bohlale. U ka ’na ua akheha ka tšohanyetso u le tseleng eaba u tsoa kotsi. Ka mor’a hore sena se nketsahalle ka makhetlo a mangata ke ile ka etsa qeto ea hore nke ke fumane hore na ha e le hantle se bakoa ke eng.

Ka mor’a hore ke buisane le ngaka e ’ngoe e molemo le ho hlahloba libuka tse ’maloa, ke ile ka fumana hore bothata boo bo bitsoa vasovagal reaction. * Ho lumeloa hore ke ntho e etsahalang ha ho e-na le phoso tšebetsong ea ’mele eo morero oa eona e leng ho laola phallo ea mali ’meleng ha motho a tloha boemong bo bong a ea ho bo bong, joalokaha motho a ema haeba a ne a lutse.

Ka linako tse ling, haeba u bona mali kapa u hlahlojoa mahlo, seo se ka etsa hore methapo ea hao ea boko e laolang se etsahalang ’meleng e sebetse ka tsela eo e neng e tla sebetsa ka eona haeba u ne u paqame fatše, empa e le hore u lutse fatše kapa u eme. Qalong pelo ea hao e atisa ho otla kapele haholo ka lebaka la ho tšoha. Joale ebe pelo e otla butle haholo ’me methapo ea mali e lebang meomong e buleha haholo. Ka lebaka leo, mali a mangata a phallela maotong ebe a eang hloohong aa fokotseha. Joale boko ba hao bo haelloa ke oksijene ebe ua akheha. U ka thibela see joang?

Nakong eo u huloang mali u ka ’na ua sheba hosele, kapa ua paqama. Joalokaha ho boletsoe, haeba u le mothating oa ho akheha, hangata u ka ’na ua qala ho utloa matšoao a hona. Ka lebaka leo, hangata u ba le monyetla ua hore u nke bohato bo itseng pele u ka hla ua akheha. Lingaka tse ngata li khothalletsa hore u paqame fatše ebe u phahamisa maoto a hao u a tšehetsa ka setulo kapa ka lebota. Sena se etsa hore mali a se ke a phallela maotong ka bongata, e le hore u se ke ua qetella u akhehile. Mohlomong ka mor’a metsotso e seng mekae u ka hlaphoheloa.

Haeba boitsebiso bona bo tla u thusa ka tsela eo bo nthusitseng ka eona, u tla tseba ho hlokomela matšoao a hore u tla akheha. Joale u ka nka bohato ka potlako ho thibela ho akheha pele ho hlile ho etsahala.—Se nehetsoe.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 4 “Vasovagal” e bolela tsela eo mothapo o moholo oa boko o bitsoang vagus nerve o amang methatsoana ea mali ka eona.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 28]

Ho ka ’na ha e-ba molemo ho paqama fatše nakong eo ngaka e u hlahlobang