Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lefatše Lee Le Habile Hokae?

Lefatše Lee Le Habile Hokae?

Lefatše Lee Le Habile Hokae?

BIBELE e boletse esale pele ka ho nyehla ha boitšoaro ho teng kajeno ’me e ile ea ho hlalosa tjena: “Matsatsing a ho qetela ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona. Etsoe batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, . . . ba sa mameleng batsoali, ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng, ba se nang lerato la tlhaho, . . . ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo, baeki, ba hlooho li thata, ba ikhohomosang ka boikakaso, ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo, ba nang le ponahalo ea boinehelo ba bomolimo empa ba se na ’nete matleng a bona.”—2 Timothea 3:1-5.

U ka ’na ua lumela hore boprofeta bona ba Bibele bo hlalosa ka nepo maemo a teng kajeno lefatšeng. Leha ho le joalo, sena se profetiloe lilemo tse ka bang 2 000 tse fetileng! Boprofeta bona bo kenyelletsoa ka mantsoe ana: “Matsatsing a ho qetela.” Poleloana ee ‘matsatsi a ho qetela’ e bolela eng?

‘Matsatsi a ho Qetela’ a Eng?

Poleloana e reng ‘matsatsi a ho qetela’ e se e tloaelehile haholo. Puong ea Senyesemane feela, e ’nile ea e-ba karolo ea lihlooho tsa libuka tse makholo. Ka mohlala, nahana ka buka e sa tsoa hatisoa e reng The Last Days of Innocence—America at War, 1917-1918 (Matsatsi a ho Qetela a ho Hloka Tsebo—Amerika Ntoeng, 1917-1918). Selelekela sa buka eo se hlakisa hantle hore bukeng ena poleloana “matsatsi a ho qetela” e bolela nako e tobileng eo ka eona boitšoaro bo ileng ba hlepha ka tsela e tšosang.

Selelekela seo sea hlalosa: “Ka 1914, lintho li ile tsa fetoha ka potlako naheng ena ho feta leha e le neng pele.” Ka sebele, selemo sa 1914 se ile sa tšoauoa ka ntoa e ileng ea aparela lefatše lohle, eo ho neng ho se e kileng ea tšoana le eona. Buka eo e re: “Ena e ne e le ntoa e khōlō, eseng pakeng tsa mabotho a sesole empa pakeng tsa lichaba.” Ntoa ena, joalokaha re tla bona, e ile ea qhoma qalong ea seo Bibele e se bitsang ‘matsatsi a ho qetela.’

Bibele e ruta hore pele ho bofelo ba lefatše lena ho tla ba le nako e khethehileng e bitsoang ‘matsatsi a ho qetela.’ Ha e le hantle, Bibele e re ho na le lefatše le kileng la e-ba teng le seng le fetile, kapa le felile, ’me e le hlalosa tjena: “Lefatše la nakong eo le ile la timela ha le koaheloa ke metsi.” Nako eo e ne e le efe, hona lefatše le ileng la fela ke lefe? E ne e le “lefatše [la boholo-holo] la batho ba se nang bomolimo” la mehleng ea Noe. Ka ho tšoanang, lefatše la kajeno le tla fela. Empa ba sebeletsang Molimo ba tla pholoha bofelo, joalokaha Noe le ba lelapa la hae ba ile ba pholoha.—2 Petrose 2:5; 3:6; Genese 7:21-24; 1 Johanne 2:17.

Se Boletsoeng ke Jesu ka Bofelo

Jesu o ile a boela a bua ka “matsatsi a Noe” ha “moroallo o tla ’me o ba hohola bohle.” O ile a bapisa maemo a neng a le teng pele ho Moroallo—nakoana pele lefatše leo le fela—le maemo a neng a tla rena nakong eo a ileng a e bitsa “qetello ea tsamaiso ea lintho.” (Matheu 24:3, 37-39) Liphetolelo tse ling tsa Bibele li fetolela poleloana ena e le “ho fela ha lefatše” kapa “ho fela ha mehla ea kajeno.”—Bibele—Phetolelo e Ncha.

Jesu o ile a bolela esale pele hore na bophelo bo ne bo tla ba joang lefatšeng pele lefatše le fela—joalokaha le ile la felisoa ka Moroallo mehleng ea Noe. Mabapi le ntoa o ile a re: “Sechaba se tla tsohela sechaba matla le ’muso o tla tsohela ’muso matla.” Bo-rahistori ba boletse hore sena se ile sa etsahala mathoasong a 1914. Ka hona, selelekela sa buka e boletsoeng ka holimo se bua ka 1914 e le selemo se tšoaeang qaleho ea “ntoa e akaretsang, . . . eseng ea mabotho a loantšanang empa ea lichaba tse loantšanang.”

Boprofeteng ba hae, Jesu o ile a phaella: “Ho tla ba le likhaello tsa lijo le litšisinyeho tsa lefatše sebakeng se seng ka mor’a se seng. Lintho tsena tsohle ke tšimoloho ea bohloko ba mahlomola.” Har’a lintho tse ling, o ile a re ho ne ho tla ba le “ho eketseha ha tlōlo ea molao.” (Matheu 24:7-14) Ka sebele, re bone sena se etsahala mehleng ea rōna. Kajeno boitšoaro bo nyehlile hoo bo phethahatsang boprofeta ba Bibele!

Re lokela ho phela joang mehleng ee e bolileng hakaale? Hlokomela seo moapostola Pauluse a ileng a se ngolla Bakreste ba Roma mabapi le ho bola ha boitšoaro. O ile a bua ka batho ba nang le “litakatso [tsa batho] tsa botona kapa tsa botšehali tse tlotlollang,” a re: “Ba batšehali ba bona ba fetotse tšebeliso ea bona ea tlhaho hore e be e khahlanong le tlhaho; ka ho tšoanang le bona ba batona ba tlohetse tšebeliso ea tlhaho ea ba batšehali ’me ba fetohile ba chesitsoeng hampe takatsanong ea bona, ba batona le ba batona, ba etsa se nyonyehang.”—Baroma 1:26, 27.

Bo-rahistori ba re nakong eo batho ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba tetebela le ho feta boitšoarong bo hlephileng, “Bakreste ba seng bakae ba ne ba khathatsa bahetene ba neng ba hlanyetsa menyaka ka borapeli le bohloeki ba bona.” Sena se lokela ho etsa hore re ke re ipotse: ‘Ho thoe’ng ka ’na le bao ke khethang ho tloaelana le bona? Na rea bonahala hore re fapane, hore boitšoaro ba rōna ke bo nepahetseng, ho fapana le ba batho ba iphelelang ka boitšoaro bo bobe?’—1 Petrose 4:3, 4.

Ntoa eo re e Loanang

Bibele e re ruta hore le hoja re pota-potiloe ke boitšoaro bo bobe, re lokela ho “ba ba sa tšoauoeng phoso le ba hlokang molato, bana ba Molimo ba se nang sekoli har’a moloko o khopameng le o sothehileng.” E le hore re etse sena, re lokela hore re ‘tšoare ka thata lentsoe la bophelo.’ (Bafilipi 2:15, 16) Sena seo Bibele e se buang se fana ka tataiso ea hore na Bakreste ba ka qoba joang ho silafatsoa ke boitšoaro bo litšila—e leng hore ba lokela ho tšoara ka thata se rutoang ke Lentsoe la Molimo ’me ba lemohe hore litekanyetso tsa lona tsa boitšoaro li fana ka mokhoa o molemo ka ho fetisisa oo motho a ka phelang ka oona.

Satane Diabolose, e leng “molimo oa tsamaiso ena ea lintho,” o leka ho hapa batho hore ba be ka lehlakoreng la hae. (2 Bakorinthe 4:4) Bibele e re bolella hore “o ntse a iphetola lengeloi la leseli.” Bahlanka ba hae ba mo sebeletsa ka hore le bona ba mo etsise. (2 Bakorinthe 11:14, 15) Ba tšepisa batho tokoloho le monyaka, empa Bibele e re bona ka “bona ba phela e le makhoba a ho bola.”—2 Petrose 2:19.

U se ke ua thetsoa. Ba hlokomolohang litekanyetso tsa Molimo tsa boitšoaro ba tla kotula litholoana tse babang. Mopesaleme oa Bibele o ile a ngola: “Poloko e hōle le ba khopo, etsoe ha baa batla melao ea [Molimo] ea tsamaiso.” (Pesaleme ea 119:155; Liproverbia 5:22, 23) Na re kholisehile ka seo? Haeba re kholisehile, a re sireletseng likelello le lipelo tsa rōna liphatlalatsong tse reng ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lumeletsoe.

Leha ho le joalo, ba bangata ba ipehela lebaka le booatla la hore, ‘Haeba seo ke se etsang e se tlōlo ea molao, ho bolela hore se nepahetse.’ Empa ha ho joalo. Ka lerato, Ntate oa rōna oa leholimo o fana ka tataiso ea boitšoaro ho u sireletsa, eseng ho u sulafaletsa le hona ho u sitisa bophelong. O u ‘ruta hore u itsoele molemo.’ O batla hore u qobe tlokotsi ’me u thabele bophelo. Ka sebele, joalokaha Bibele e ruta, ho sebeletsa Molimo ho “na le tšepiso ea bophelo ba hona joale le ea bo tlang ho tla.” Boo ke “bophelo ba sebele,” bophelo bo sa feleng lefatšeng la hae le lecha leo a le tšepisitseng!—Esaia 48:17, 18; 1 Timothea 4:8; 6:19.

Kahoo, bapisa melemo ea ho latela seo Bibele e se rutang le masisa-pelo ao ba sa lateleng seo e se rutang ba qetellang ba le ho ’ona. Ho amoheloa ke Molimo ka lebaka la ho mo mamela ka sebele ke tsela e molemo ka ho fetisisa eo motho a ka e phelang! Molimo oa tšepisa: “Ha e le ea ’mamelang, o tla lula a sireletsehile ’me a ke ke a khathatsoa ke ho tšaba tlokotsi.”—Liproverbia 1:33.

Sechaba sa Batho ba Itšoereng Hantle

Bibele e re ha lefatše lena le feta, “ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng.” E boetse e re: “Ba lokileng ke bona ba tla lula lefatšeng, ’me ba sa tšoauoeng phoso ke bona ba tla sala ho lona.” (Pesaleme ea 37:10, 11; Liproverbia 2:20-22) Ka hona, ho tla hloekisoa mesaletsa eohle ea boitšoaro bo litšila lefatšeng, ho akarelletsa le bohle ba hanang ho mamela se molemo seo ’Mōpi oa rōna a se rutang. Paradeise ea lefatšeng, e tšoanang le eo Molimo a neng a e etselitse batho ba pele, joale butle-butle e tla tlatsoa lefatšeng lohle ke ba ratang Molimo.—Genese 2:7-9.

Nahana ka thabo ea ho phela lefatšeng le hloekileng joalo leo e tla beng e le paradeise e ntle! Har’a ba tla thabela monyetla oo o ikhethang e tla ba ba libilione ba tsositsoeng bafung. Thabela sena seo Molimo a se tšepisang: “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.” “[Molimo] o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”—Pesaleme ea 37:29; Tšenolo 21:3, 4.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]

Ha lefatše le fela, ho ile ha e-ba le ba tšabang Molimo ba ileng ba phonyoha

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Ka mor’a hore lefatše lena le fele, lefatše le tla fetoha paradeise