Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lefika le Leholohali

Lefika le Leholohali

Lefika le Leholohali

KA MONGOLI OA TSOHA! CANADA

KA MAKHOLO A LILEMO batšoasi ba litlhapi le basesisi ba likepe ba ’nile ba le sebelisa e le letšoao le tšepahalang. Liroki, bangoli le bataki ba ’nile ba le tumisa. Mohloli o mong oa boitsebiso o hlalosa lefika lena e le “la mohlolo le le hlollang.” Lefika la Percé, le ntlheng e ka bochabela ea Hloahloa ea Gaspé e Koung ea St. Lawrence, le hlaheletse ka bokhabane metsing a boputsoa bo hlakileng a Leoatle la Atlantic. Lefika lena le bolelele ba limithara tse ka bang 430, le bophara ba limithara tse ka bang 90, ’me le bophahamo ba limithara tse ka bang 88.

Ho na le nako eo batho ba moo ba sebete ba neng ba ee ba hloe lefika leo ’me ba ntšetse linonyana mahe lihlaheng tsa tsona. Leha ho le joalo, e le ho sireletsa lefika leo hammoho le linonyana tse tšabelang ho lona, ka 1985 ’muso oa Quebec o ile oa phatlalatsa hore Lefika la Percé le sehlekehleke se haufi sa Bonaventure ke libaka tsa tšireletso tsa linonyana. Sehlekehleke sa Bonaventure ke sebaka sa bobeli ho tse khōlō ka ho fetisisa lefatšeng se ka leboea se sireletsehileng seo linonyana tsa leoatleng li qhotsetsang ho sona.

Ba bang ba bolela hore khale-khale Lefika la Percé le ne le itšoarelletse le moo ho ommeng ’me le ne le e-na le masoba a maholo a mane. Leha ho le joalo, kajeno ho na le lesoba le le leng—le bophara bo fetang limithara tse 30—karolong e shebileng ka leoatleng. Ha leoatle le khutsitse, totoma ea lehlabathe e kopanya lefika lena le moo ho ommeng. Ka lihora tse ’nè tseo leoatle le khutsang ka tsona, baeti ba sebete ba ka ea lefikeng leo ba ntan’o thatika le lona ka metsotso e ka bang 15 ba ntse ba hasoa ke metsi ho ea fihla lesobeng la lona.

Bakeng sa bao ba sebete, tlhokomeliso ke ena. Mohahlauli e mong ea ileng a hloa le majoeng a thetehileng ho ea lesobeng la lefika leo, o re: “Ka mor’a metsotso e seng mekae feela u ka ’na ua utloa molumo o tšosang o kang oa liqhomane tse nyenyane oa majoe a ntseng a re ‘qomu!’ ka metsing. Majoe a mang a etsa molumo o kang oa sethunya ha a otlana le a mang.”

Joalokaha baeti ba bangata ba hlokometse, Lefika la Percé le botle bo tsotehang. Leha ho le joalo, ke o mong feela oa mehlala e mengata ea lintho tse ntle tseo lefatše la rōna le hlollang le nang le tsona. Li ngata haholo ’me li ka mefuta-futa! Mohlomong le uena ha u li bona u ile ua susumelletseha hore u ‘eme ’me u iponahatse u ela hloko mesebetsi e hlollang ea Molimo.’—Jobo 37:14.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 23]

© Mike Grandmaison Photography