Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Li Tlohile Egepeta Tsa ea Metseng E Meholo Lefatšeng Ho Pota

Li Tlohile Egepeta Tsa ea Metseng E Meholo Lefatšeng Ho Pota

Li Tlohile Egepeta Tsa ea Metseng E Meholo Lefatšeng Ho Pota

KA MONGOLI OA TSOHA! ITALY

MAKASINE ea Italy e bitsoang Archeo e re: “Li ‘tlohile’ naheng ea habo tsona, tsa fihla tsa fetoha matšoao a sechaba se tsoetseng pele se li entseng.” Bongata ba tsona li tlohile Egepeta mehleng ea boholo-holo ’me tsa tlisoa libakeng tse kang Istanbul, London, Paris, Roma le New York. Ba etelang Roma ba ka bona hore bongata ba mapatlelo a tummeng haholo a motseng ona a khabisitsoe ka tsona. Ke li’ng? Ke lifika tsa majoe!

Sefika ka seng sa lejoe se na le mahlakore a mane ’me sea chora ha se fihla holimo, ho etsa sebōpeho sa phiramide. Sa pele-pele se entsoe lilemong tse ka bang 4 000 tse fetileng. Se nkoang e le sa morao se na le lilemo tse ka bang 2 000.

Lifika tsena, tseo ka tloaelo e leng tsa lejoe le lefubelu la morema-phofu, li ne li eptjoa ke Baegepeta ba boholo-holo e le lipitla tsa majoe, ’me li ne li emisoa ka pel’a mabitla le litempele. Tse ling li khōlō haholo. Se seholohali se ntseng se le teng lepatlelong la Roma se bophahamo ba limithara tse 32 ’me se boima ba lithane tse 455. Boholo ba tsona li khabisitsoe ka mengolo ea litšoantšo tse emelang ho itseng.

Morero oa lifika tsena e ne e le ho tlotlisa Ra molimo oa letsatsi. Li ne li emisoa e le ho mo leboha ka tšireletso ea hae le ka tlhōlo eo a e fileng babusi ba Egepeta le ho kōpa ho etsetsoa lintho tse itseng. Ho nahanoa hore ho kopilitsoe phiramide ho etsa sebōpeho sa tsona. Li emela mahlaseli a letsatsi a chabelang lefatšeng ho le futhumatsa le ho le fa khanya.

Ho phaella moo, lifika li ne li sebelisoa ho tlotlisa Bo-Faro. Mantsoe a ngotsoeng ho tsona a hlalosa babusi ba sa tšoaneng ba Egepeta ka mantsoe a kang “ea ratoang ke Ra” kapa “ea motle . . . joaloka Atum,” eo e neng e le molimo oa letsatsi ha le likela. Sefika se seng se re ka Faro e mong ea neng a ipabola sesoleng: “Matla a hae a tšoana le a Monthu [molimo oa ntoa], poho e hatakelang linaha tsa basele le ho bolaea marabele.”

Lifika tsa pele li ile tsa emisoa motseng oa Egepeta oa Junu (oa One ka Bibeleng), eo ho nahanoang hore e bolela “Motse oa Lifika,” mohlomong ho buuoa ka tsona lifika tseo. Magerike a o bitsa Junu Heliopolis, e bolelang “Motse oa Letsatsi,” kaha e ne e le setsi se ka sehloohong sa borapeli ba letsatsi Egepeta. Lebitso la Segerike Heliopolis le lumellana le la Seheberu le reng Bethe-shemeshe, e bolelang “Ntlo ea Letsatsi.”

Buka ea Bibele ea boprofeta ea Jeremia e bua ka ho roba “lifika tsa Bethe-shemeshe . . . tse naheng ea Egepeta.” E ka ’na eaba ke lifika tsa Heliopolis. Molimo o ile a nyatsa borapeli ba litšoantšo boo li neng li bo emela.—Jeremia 43:10-13.

Ho li Epa le ho li Tsamaisa

Tsela eo lifika tsena li neng li etsoa ka eona e bontšoa ke sefika se seholo ka ho fetisisa sa tsona. Se ntse le moo se neng se lahloe kherehloa teng, e leng haufi le Aswân, Egepeta, moo se neng se eptjoa teng. Ha ba se ba khethile lefika le letle ’me ba le batalalitse, basebetsi ba ile ba cheka liforo ho potoloha lefika leo ba neng ba tlil’o etsa sefika ka lona. Ba ntan’o cheka ka tlas’a lona ’me ba kenya litšiea tse ngata, ho fihlela le lutse holima litšiea feela. Lefika leo, le neng le le boima ba lithane tse ka bang 1 170—e leng boima bo fetang ba lefika leha e le lefe le kileng la eptjoa Egepeta ea boholo-holo—le ne le lokela ebe le ile la isoa Nōkeng ea Nile ’me la isoa moo le eang ka sekepe.

Empa sefika seo sa Aswân se ile sa lahloa kherehloa ha basebetsi ba lemoha hore se petsohile ka tsela e ke keng ea lokisoa. Hoja se ile sa qetoa, se ka be se le bolelele ba limithara tse 42, tlaase se le bophara ba limithara tse 4 lehlakoreng ka leng ho a mane a sona. Le kajeno ha ho tsejoe hore na lifika tseo li ne li emisoa joang.

Li Tlosoa Egepeta li Isoa Roma

Ka 30 B.C.E., Egepeta e ile ea fetoha profinse ea Roma. Baemphera ba fapa-fapaneng ba Baroma ba ile ba lakatsa ho khabisa motse-moholo oa bona ka lifika tsena tsa boemo bo holimo, ka hona, ho ile ha tlisoa lifika tse ka bang 50 Roma. Ho li tsamaisa ho ne ho hloka hore li haheloe likepe tse khōlō tse etselitsoeng seo ka ho khetheha. Ha lifika tsena li se li le Roma, li ile tsa ’na tsa amahanngoa haufi-ufi le borapeli ba letsatsi.

Ha ’Muso oa Roma o oa, Roma e ile ea tlatlaptjoa. Lifika tse ngata li ile tsa lihuoa, tsa qetella li lebetsoe. Leha ho le joalo, bapapa ba fapaneng ba ’nile ba thahasella ho tsosolosa lifika tse ileng tsa fumanoa lithakong tsa motse oa boholo-holo. Kereke ea Roma e K’hatholike e lumetse hore lifika tseo li ne li “nehetsoe ho Letsatsi ke morena oa Egepeta,” le hore li kile tsa “tlisa botle bo se nang thuso litempeleng tsa bohetene.”

Ho tsosolosoa ha sefika sa pele nakong ea puso ea Mopapa Sixtus V (1585-90) ho ile ha etsetsoa tšebeletso ea ho leleka meea e mebe le ho se hlohonolofatsa, hammoho le ho fafatsa metsi a halalelang le ho chesa libano. Mobishopo o ile a bina ka pel’a sefika se Vatican a re: “Ke u lokolla meeeng e litšila e le hore u jare Sefapano se halalelang ’me u lule u hloekile litšileng tsohle tsa bohetene le litlhaselong tsohle tse khopo tsa bolumeli.”

Kahoo, ha mohahlauli a hlahloba lifika tse emeng Roma kajeno, a ka ’na a nahana ka boqhetseke bo ileng ba sebelisoa ho li epa, ho li tsamaisa le ho li emisa. A ka ba a makatsoa ke taba ea hore lifika tse neng li sebelisoa borapeling ba letsatsi, li khabisitse motse oo bapapa ba lulang ho oona—lintho tse hananang e le ruri!

[Litšoantšo tse leqepheng la 15]

Luxor, Egepeta

[Litšoantšo tse leqepheng la 15]

Roma

[Litšoantšo tse leqepheng la 15]

New York

[Litšoantšo tse leqepheng la 15]

Paris