Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Maikutlo a Babali

Maikutlo a Babali

Maikutlo a Babali

Bacha Baa Botsa . . . Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Bala? (May 2006) Ke lilemo li 15, ’me sehlooho sena se nthusitse haholo. Ke ile ka ea le makasine ena sekolong ’me tichere ea ka e ile ea e bona. Ha e ntse e ruta e ile ea bua ka mekhoa ea ho bala eaba e bontša barutoana-’moho le ’na Tsoha! ena. E ile ea bolela hore e thabetse ho bala sehlooho seo haholo ’me ea khothalletsa bohle ba neng ba le teng ho se bala.

D.A.C., Brazil

Nakong e fetileng ke ne ke atisa ho bala lihlooho tse neng li nkhahla feela. Hona joale ke etsa boikhathatso ba hore ke bale sehlooho se seng le se seng, le haeba qalong se sa nkhahle. Ke hlokometse hore hangata tsona lihlooho tseo e ba tsona tseo ke li thabelang haholo. Ke lebohile haholo.

E. G., United States

Ke ile ka thaba ha ke bona hore kajeno ho ntse ho e-na le bacha ba leng kamoo le ’na ke neng ke le kateng. Ke ile ka kolobetsoa ha ke le lilemo li 14 ’me hona joale ke lilemo li 40. Pejana ke kolobetsoa le ’na ke ile ka itloaetsa hore letsatsi le leng le le leng ke bale maqephe a ’maloa a Molula-Qhooa kapa Tsoha! Ke lumela hore tloaelo ena ke eona e entseng hore ke se ke ka fetoa ke sehlooho leha se le seng le hore ke lule ke le matla moeeng.

S. O., Japane

Michael Servetus—O Ile a Batla ’Nete a le Mong (May 2006) Kea le leboha ka sehlooho sena se bulang batho mahlo. Se nkhothalitse haholo hore ke tsoele pele ho bolela le ho emela lebitso la Jehova.

M. R., Brazil

Batho ba bangata ba tseba Servetus e le motho ea hlaheletseng ka mahetla litabeng tsa bongaka. Leha ho le joalo, sehlooho sena se hlalositse lintlha tse ling tse babatsehang tse bontšang hore na setsebi sena e ne e le motho ea joang, tse kang botšepehi ba hae le ho nyoreloa ’nete ha hae. Kea le leboha ka sehlooho sena seo le se hatisitseng.

M. J., Spain

Ho Mamela Temoso ho Ile ha Etsa Phapang (June 2006) Hoa babatseha ho ba karolo ea mokhatlo oa Jehova o lerato. Ke lakatsa ho fetisetsa liteboho tse tsoang botebong ba pelo ho bara le barali babo rōna bohle ba nthusitseng ho tsosa ntlo ea ka e neng e soahlamantsoe ke Leholiotsoana Katrina. Hona joale ntlo ena ke bopaki ba lerato la bona.

I. F., United States

Silika—“Morena oa Masela” (June 2006) Ho tloha ha ke sa le ngoana ke ne ke ipotsa hore na silika e etsoa joang. Ke ile ka thaba haholo ha ke bona sehlooho sena Tsoheng! Ke thabetse ho se bala haholo, ’me se entse hore ke ananele lintho tseo Jehova a li bōpileng haholo.

A.C.L., Brazil

Matšoao a ka Sehloohong a Malignant Melanoma (June 8, 2005) Ka ho sebelisa lifoto tsa ’mala tse neng li tsamaea le sehlooho sena, ke ile ka tseba ho itlhahloba le ho hlokomela leqhutsu le letšo le neng le hlile le mpelaetsa ’me ho ile ha fumaneha hore ke kankere e kotsi ea melanoma. Ka lehlohonolo, kankere ena ea melanoma e ile ea tlosoa ka ho buuoa kaha e ne e le hona e qalang. Ke leboha Jehova ho tsoa botebong ba pelo ka boitsebiso bo molemo hakana.

K. N., Japane