Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ntho e Tšoarellang ho Feta ho Etsa Litšoantšo

Ntho e Tšoarellang ho Feta ho Etsa Litšoantšo

Ntho e Tšoarellang ho Feta ho Etsa Litšoantšo

Joalokaha ho BoletsE Rakel Koivisto

Ka 1950, tlhahiso ea ka ea hore ho hahoe sefika ho tlotla ba shoeleng Ntoeng ea II ea Lefatše e ile ea hlōla tlhōlisanong ea naha. Selemo hamorao ha sefika seo sa ka se seholo se entsoeng ka lejoe la morema-phofu se khurumolloa moketeng o hlomphehang o neng o tšoaretsoe Tuusula, Finland, ke ne ke le sieo. E-re ke hlalose hore na ke hobane’ng ha ke ne ke le sieo.

KE HLAHILE ka 1917, ke oa ho fela lapeng la bana ba robeli le neng le lula motseng oa mahaeng o ka boroa Finland. Le hoja re ne re futsanehile, ke ne ke thabile ’me ke ikutloa ke sireletsehile. Batsoali ba ka ba ne ba tsitsitse ’me ba tšaba Molimo, ’me ba ile ba re ruta ho nka lintho tsa moea e le tsa bohlokoa. Bibele e neng e ile ea rekoa ke Ntate e ne e nkoa e le ea bohlokoa haholo lapeng.

Ha ke sa le ngoana, ke ne ke betla litšoantšo tse nyenyane tsa lehong. Beng ka ’na ba ne ba re ke etsa mosebetsi o tsoileng matsoho, kahoo ba ile ba nkhothalletsa hore ke ithutele tsa bonono. Qetellong, ke ile ka amoheloa Univesithi ea Tsebo ea Bonono e Helsinki. Sekolo sena sa boemo bo phahameng, seo e neng e le setsi sa lefapha la bonono Finland, se ile sa nkhahla haholo ke le ngoananyana oa mahaeng ’me ke ile ka ikakhela ka setotsoana lithutong. Ha ke fumana lengolo ka 1947, ke ne ke nahana hore bophelong ho na le ntho eo ke tla e siea lefatšeng mona, e tla ba teng ka ho sa feleng.

Kea Fetoha

Lipakane tsa ka li ile tsa fetoha haholo. Ka letsatsi le leng ausi oa ka Aune o ile a tla ho ’na ’me ka thabo a hooa, “Ke fumane ’nete!” O ne a fumane buka e reng “’Nete e be ea Molimo,” e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. Ha kea ka ka khahleha. Nakoana ka mor’a moo, ke ile ka lemoha hore ngoanana e mong eo ke neng ke kena le eena univesithi, le eena o ne a e-na le buka eo. Ha ke e nyenyefatsa, o ile a arabela: “Hoja ua tlohela ho e tšeha! Buka ena e tla u thusa ho utloisisa Bibele.” Ke ile ka fumana buka eo ’me ka e bala kaofela hoo e ka bang ka nako e le ’ngoe. Ke ne ke se ke sa e tšehe; ha e le hantle, ke ile ka kholiseha hore Lipaki li na le ’nete. Ke ile ka boela ka hlokomela hore Jehova Molimo o mpha ntho eo ho etsa litšoantšo ho ke keng ha mpha eona—bophelo bo sa feleng.

Ha ke qala ho tsebana le Lipaki, ha lia ka tsa ’memela libokeng tsa tsona. Ka hona, ke ile ka nahana hore libokeng ho ea bao e leng litho feela. Kahoo, ka le leng ke ile ka botsa hore na nka ea libokeng na. Ke ile ka thaba ha ke utloa hore liboka tsa Bokreste e ne e le tsa batho bohle. Ho kopanela libokeng ho ile ha tiisa tumelo ea ka, ’me ke ile ka etsa qeto ea ho nehela bophelo ba ka ho Jehova. Ke ile ka bonahatsa qeto eo ea ka phatlalatsa ka la 19 November, 1950, ha ’na le ausi oa ka re ne re kolobetsoa. Se ileng sa re thabisa ke hore bo-ausi ba ka ba bane le batsoali ba rōna bao re ba ratang haholo, qetellong e ile ea e-ba Lipaki.

Ke Khethe Mosebetsi Ofe?

Ha ke ntse ke ithuta Bibele le Lipaki, ke ne ke ntse ke tsoela pele ka mosebetsi oa ka oa ho etsa litšoantšo. Ka mor’a hore ke fumane lengolo univesithi ea bonono, ke ile ka sebetsa ke le motlatsi oa moprofesa oa litšoantšo tse betliloeng. Joalokaha ke boletse qalong, tlhahiso ea ka ea hore ho etsoe sefika sa ba oeleng Ntoeng ea II ea Lefatše e ile ea hlōla tlhōlisanong ea naha. Tlhahiso ea ka e bile hore se rehoe “Ba Etse Ruri,” e neng e bontša hore ke se ke talima ntoa ka tsela e fapaneng. (Esaia 2:4; Matheu 26:52) Ha sefika seo—se bolelele ba limithara tse hlano—se ne se khurumolloa, ke ne ke le sieo kaha mokete oa teng o ne o buella lerato la naha ’me o le khahlanong le tumelo ea ka e thehiloeng Bibeleng.

Ha mosebetsi oa ka oa ho etsa litšoantšo o tsebahala, ke ile ka tuma le ho fumana menyetla ea mesebetsi e hlamatsehang. Empa ke ile ka hlahlobisisa se tlang pele bophelong ba ka. Le hoja ke ne ke rata mosebetsi oa ka, takatso ea ka ea ho thusa ba bang moeeng e ne e le matla haholo. Ke lona lebaka le ileng la etsa hore ka 1953, ke qale ho ba pula-maliboho, e leng kamoo baevangeli ba nako eohle ba Lipaki Tsa Jehova ba bitsoang kateng.

Ka linako tse ling batho ba ne ba re ke bapala ka talenta eo ke nang le eona. Empa ke ile ka hlokomela hore katleho leha e le efe eo ke tla e finyella ka ho ba ’metli oa litšoantšo e ne e tla ba ea nakoana. Esita le tsona lifika tse entsoeng ka lejoe la morema-phofu qetellong lia oa. Leha ho le joalo, ka ho ba pula-maliboho, ke ne nka sebelisa boholo ba nako ea ka ke thusa ba bang hore ba fumane tsela e lebisang bophelong bo sa feleng! (Johanne 17:3) Empa ha kea ka ka tlohela ho betla litšoantšo. Nako le nako, ke ntse ke etsa liemahale tse nyenyane e le ho ikhotsofatsa le ho li rekisa bakeng sa ho iphelisa.

Ke ea Mahaeng

Ka 1957, ka mor’a ho qeta lilemo tse ’nè ke le pula-maliboho Helsinki, ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova Finland e ile ea ’memela ho ea sebeletsa Jalasjärvi, sebakeng sa mahae ka Boroa ho Ostrobothnia. Ke ne ke il’o sebetsa le Anja Keto, eo ke neng ke mo siea ka lilemo tse 17. Le hoja ke ne ke sa tsebe Anja, ke ile ka amohela kabelo eo ka thabo ’me ka ea lula le eena. E ne e le rōna feela Lipaki sebakeng seo, kahoo nako eohle re ne re batla re le hammoho tšebeletsong. Ka potlako re ile ra ba metsoalle e ntšanang se inong.

Ho ea Jalasjärvi ho ne ho bolela hore ke khutlela bophelong ba mahaeng bo tšoanang le boo ke neng ke hōletse ho bona lilemo tse 20 pele ke e-ba e mong oa litsebi tsa ho etsa litšoantšo tse neng li phela motse-moholo. Mariha a ne a e-ba bohale haholo, ’me ka linako tse ling re ne re lokela ho tsamaea lehloeng le re fihlang thekeng. Re ne re lula ntlong e nyenyane, e neng e le ea boemo bo tlaase haholo. Re ne re kha metsi selibeng se haufi, ’me ka linako tse ling metsi ao re a khileng a ne a hoama ke serame bosiu. Empa re ne re e-na le sohle seo re se hlokang. (1 Timothea 6:8) Ao e ne e le matsatsi a monate, ao re neng re le maphatha-phathe.

Ho Phathahana Mosebetsing o Putsang

Leha ho le joalo, qalong ho ne ho sa bonahale eka boiteko ba rōna bo tla atleha hobane baahi ba moo ba ne ba sa re rate. Re ile ra lokisetsa hore re ba bontše lifilimi tse hlahisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova, tse kang The New World Society in Action le The Happiness of the New World Society, e le ho ba thusa hore ba utloisise mosebetsi oa rōna. Sena se ile sa etsa hore ba re tloaele le ho utloisisa mokhatlo oa rōna, sa ba thusa hore ba lemohe litholoana tse ntle tse hlahisoang ke mosebetsi oa rōna bathong lefatšeng ka bophara. Ba bangata ba ile ba bokana ho tla shebella lifilimi tsena.

Ka lekhetlo le leng, Eero Muurainen, molebeli ea tsamaeang oa Lipaki Tsa Jehova, o ile a bontša filimi ea The New World Society in Action holong ea motse. Holo eo e ile ea tlala hoo ho neng ho se na sebaka haese ho ipetetsa khocheletsaneng. Ke ile ka tlameha ho ema ka leoto le le leng, ke itšetlehile ka lebota, kaha ho ne ho se moo nka behang leoto le leng teng. Ha filimi e se e felile, ba bangata ba ile ba tla ho rōna ’me ba re kōpa hore re ba etele.

Re ne re boetse re sebelisa sebapala-theipi se seholo ho bapalla malapa lipuo tsa Bibele tse rekotiloeng. Ka lekhetlo le leng, re ile ra lumela ho bapalla lelapa le leng puo ka hora ea bosupa mantsiboea, ’me ra mema motse oohle hore o tle. Ka malungoalungoana letsatsing leo, re ile ra ea motseng o bohōle ba lik’hilomithara tse 25 ka libaesekele tsa rōna ho ea bolela teng, ka mohopolo oa hore re tla ba le nako e lekaneng pele shoalane e tšoara. Leha ho le joalo, ha re tloha motseng, pula e ne e entse hore ho be qhefeqhefe tseleng.

Qetellong libaesekele tsa rōna li ne li khenathetse seretse hoo mabili a neng a ke ke a phikoloha, ka hona, ra tlameha ho li jara ho leba hae. Ka lebaka leo, re ile ra sitoa ho fihla sebokeng seo re neng re se lokiselitse ho fihlela e se e bile e le mantsiboea haholo. Re ile ra kakasa sebapala-theipi ’me ra ea fihla hora e le leshome bosiu. Re ne re kholisehile hore re tla fumana batho ba ile. Re ile ra hlolloa hakaakang ha re fumana ntlo e tletse, batho ba ntse ba re emetse! Ka mor’a puo, ho ile ha latela moqoqo o monate. Qetellong ha re fihla moo re lulang ka meso, re ne re tamukane ke mokhathala empa re thabile haholo!

Metse e ne e qaqolohane haholo hoo Lipaki tsa sebakeng seo li ileng tsa re thusa ho reka koloi ea khale ea moetso oa Russia. Seo se ile sa bebofatsa mosebetsi oa rōna oa boboleli haholo. Hamorao e ile ea tsebahala, kaha nakong eo mobishopo a neng a etetse sebaka seo se ikarabellang tlas’a hae, o ile a bolella litho tsa kereke ea hae hore li se ke tsa re amohela malapeng a tsona. O ile a bua ka mafumahatsana a mabeli a tsamaeang ka koloi e putsoa. Ka potlako temoso eo e ile ea etsa hore batho ba be bohelehele. Ba ile ba batla ho tseba hore na mafumahatsana ana a mabeli ke bo-mang le hore na ke eng e neng e etsa hore a be kotsi! Bohelehele boo ba bona bo ile ba etsa hore re atlehe ho qalisa moqoqo le ba bangata ka Bibele. Ka sebele mantsoe a Esaia ke ’nete ha a re: “Sebetsa leha e le sefe se tla etsoa khahlanong le uena se ke ke sa atleha.”—Esaia 54:17.

Ka mor’a nako, mosebetsi oa rōna o ile oa hlahisa litholoana. Re ile ra qala ho tšoara liboka tsa beke le beke le ba seng bakae ba thahasellang. Qetellong, sehlopha seo sa rōna se ile sa hōla ’me ka 1962, ho ile ha thehoa phutheho ea Lipaki tse 18 tseo boholo ba tsona e neng e le basali. Lilemo tse peli hamorao, ’na le Anja re ile ra isoa sebakeng se oelang tlas’a ’masepala oa Ylistaro hona sebakeng seo.

Tikoloho e Thabisang

Re ne re thabela botle le khutso sebakeng sena sa mahaeng seo re neng re abetsoe ho sona, empa ntho eo re neng re e thabela haholo e ne e le batho. Ka kakaretso e ne e le batho ba amohelang baeti le ba botsoalle. Ke ’nete hore ba bangata ba ne ba sekametse bolumeling haholo ’me ba rata naha, ’me ka linako tse ling ba ne ba re nyatsa ka bohale; empa ho ne ho ntse ho e-na le ba bang ba hlomphang Bibele haholo. Hangata ha re ne re ntša Bibele, basali ba ne ba emisa seo ba ntseng ba se etsa hore ba mamele, ’me banna ba ne ba rōla likatiba—tseo ba neng ba sa li rōla-rōle feela tjee. Ka linako tse ling ha re ne re ithuta Bibele, lelapa lohle ho kopanyelletsa le baahelani, ba ne ba lula fatše ba mamela thuto.

Ho hloka boikaketsi le botšepehi ba batho bao ke ileng ka kopana le bona tšebeletsong li ile tsa ntšusumelletsa hore ke ’ne ke etse litšoantšo. Ha ke ne ke e-na le nako, ke ne ke nka letsopa ’me ke qale ho bōpa. Kaha ke khale ke khahloa ke botle le mekhoa e tšehisang ea batho, hoo e batlang e le litšoantšo tsohle tsa ka ke tsa batho. Bongata ba tsona li bontša basali ba ntseng ba phetha mesebetsi ea lelapa. Makasine e ’ngoe e ile ea re ka litšoantšo tsa ka: “Li etsa hore motho a ikutloe a phutholohile a le khotsong, ’me lia qabola ebile lia khatholla . . . Moetsi oa litšoantšo tsena o susumelitsoe ke ho rata batho hammoho le ho ba le tsebo e hlollang ea ho qapa.” Leha ho le joalo, ke ne ke le hlokolosi hore ke se ke ka phathahana haholo ka ho etsa litšoantšo. Ke ile ka tšoarella qetong ea ka ea ho sebeletsa Jehova ka nako eohle.

Ka 1973, ke ile ka fuoa mosebetsi oo ke neng nke ke ka lora ke o hanne. Ke ile ka kōptjoa hore ke etse setšoantšo se seholo sa letsopa se neng se tla behoa sebakeng se secha sa kamohelo ea baeti ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Vantaa, Finland. Ho ile ha khethoa Pesaleme ea 96:11-13 ho ba sehlooho sa mosebetsi ona. Ke ile ka thaba hakaakang ho sebelisa tsebo ea ka ho roriseng Jehova!

Kaha ke ne ke ile ka tsoela pele ke etsa litšoantšo molemong oa ho ikhotsofatsa feela ha ke le pula-maliboho, ke ile ka makala ha qetellong ea lilemo tsa bo-1970 ke fumana penshene ea litsebi tsa bonono. Ke ’nete hore ke ile ka ananela thuso eo ea chelete, empa ka ipotsa, ‘Ke hore see ke sona sohle seo nkabeng ke se fumane hoja ke ne ke ile ka nehela bophelo ba ka bononong? Chelete e seng kae e eketsehileng e khonang ho mphelisa ha ke se ke sa sebetse?’ Ke moputso o monyenyane hakaakang ha o bapisoa le moputso oa bophelo bo sa feleng!—1 Timothea 6:12.

Ke Khutlela Toropong

Selemo sa 1974 se ile sa tla ka phetoho e khōlō bophelong le tšebeletsong ea rōna. Re ile ra abeloa ho ea Turku, motse o moholo oa toropo. Ho ne ho hahoa libaka tse ngata tsa bolulo ka nako eo, ’me keketseho ea batho e ile ea etsa hore ho hlokahale bahoeletsi ba ’Muso. Qalong, re ne re hlile re sa thabela kabelo eo ea rōna haholo ea ho ea sebetsa sebakeng se toropong. Ho ne ho batla ho nyolosetsa ho pakela baahi ba motse-toropo, kaha ba bangata ba ne ba sa thahaselle. Empa butle-butle re ile ra tloaela boemo tšimong eo e ncha, ’me re ile ra fumana ba bangata ba thabelang linnete tsa Bibele.

Ho theosa le lilemo, ’na le Anja re bile le tokelo ea ho thusa batho ba fetang 40 hore ba nehele bophelo ba bona ho Jehova. Bana bana ba moea ba re thabisa haholo! (3 Johanne 4) Lilemong tsa morao tjena bophelo ba ka bo ea bo fokola, empa ke bona ka ho feletseng tšehetso ea Jehova, lerato la phutheho le “thuso e matlafatsang” ea mphato oa ka bopula-malibohong, e leng Anja. (Bakolose 4:11; Pesaleme ea 55:22) Ha ke ne ke kopana le Anja lilemong tse 50 tse fetileng, ha ke kholoe hore bobeli ba rōna re ne re nahana hore re tla qeta bophelo bohle ba rōna re le bo-pula-maliboho.

Ho na le polelo e tloaelehileng e reng, “Bophelo bo bokhutšoanyane empa bonono bo tla ’ne bo lule bo le teng.” Leha ho le joalo, ena polelo hase lepetjo la ka. Ke lumellana le mantsoe a moapostola Pauluse a ho 2 Bakorinthe 4:18: “Lintho tse bonoang ke tsa nakoana, empa lintho tse sa bonoeng ke tsa ka ho sa feleng.” Thabo eohle eo ke bileng le eona ka ho ba setsebi sa bonono—“lintho tse bonoang”—e bile ea nakoana. E ke ke ea bapisoa le thabo eo ke bileng le eona tšebeletsong ea Jehova, ’me ha e fane ka bophelo bo sa feleng. Ke thabile haholo hore ebe ke teletse bophelo ba ka “lintho tse sa bonoeng,” lintho tse tšoarellang ho feta ho etsa litšoantšo!

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Ke sebetsana le seemahale seo ke se entseng ka lejoe la morema-phofu

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

’Na le Anja (ka ho le letšehali) ka 1957

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

’Na le Anja (ka ho le letona) kajeno