Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Peō ea Limela—Phofshoana e Nang le Bophelo

Peō ea Limela—Phofshoana e Nang le Bophelo

Peō ea LimelaPhofshoana e Nang le Bophelo

HA NAKO ea selemo e fihla, linotši lia phathahana ’me peō ea limela e phofshoana e tlala moeeng. Bakeng sa batho ba hlōloang ke phofshoana ena ha ba e thabele, ba nka hore ke khathatso. Empa pele re etsa qeto ea hore phofshoana ena e baka khathatso feela, re lokela ho hopola karolo e khethehileng eo e e phethang. Re tla makala ho tseba hore athe bophelo ba rōna bo itšetlehile ka eona hakaakang!

Peō ea limela e phofshoana ke eng? The World Book Encyclopedia ea hlalosa: “Peō e phofshoana e hlahisoang ke limela ke lithollo tse nyenyane haholo tse hlahisoang ke palesa e tona, le ke limela tse hlahisang tholoana e kang ea sefate sa phaene.” Ka mantsoe a bonolo feela, limela li hlahisa peō e phofshoana e le hore li ikatise. Joalokaha re tseba, bathong lehe la mosali le lokela ho kopana le peō ea monna e le hore ngoana a hlahe. Ka ho tšoanang, karolo e tšehali ea palesa e hloka peō e phofshoana e tsoang ho e tona e le hore ho ka hlaha litholoana. *

Lithollo tsa peō e phofshoana li nyenyane hoo re ke keng ra li bona ka mahlo a pala feela; leha ho le joalo, lia bonahala ha ho sebelisoa mochine o hōlisang ponahalo ea lintho. Ha e le hantle, ea shebileng ka mochine a ka bona hore ha li tšoane ka boholo le sebōpeho. Kaha peō ea limela e phofshoana ha e bole, ke habohlokoa hore nako le nako bo-rasaense ba hlahlobe “sebōpeho” sa lithollo tsa peō eo ba e epollang. Joale ba ka tseba hore na ke limela tsa mofuta ofe tseo batho ba neng ba li lema makholong a fetileng a lilemo. Habohlokoa le ho feta, sebōpeho se ikhethang sa peō ka ’ngoe se etsa hore lipalesa li tsebe peō ea mofuta oa tsona.

Mokhoa oo Peō e Tsamaeang ka Oona

Limela tse ngata li itšetlehile ka moea hore o tsamaise peō ka mor’a hore lihloohoana tsa palesa li tsukutloe ke moea. Metsi le ’ona a thusa ho tsamaisa peō ea limela tse ling tsa metsing. Kaha peō e tsamaisoang ke moea e ka atleha kapa ea se ke ea atleha ho ea fihla moo e eang, lifate le limela tse itšetlehileng ka mokhoa ona oa ho tsamaea ha peō li hlahisa e ngata haholo. * Ho ba teng ha peō ena ka bongata moeeng ho sulafaletsa batho ba hlōloang ke peō ena ea limela e phofshoana.

Le hoja moea o atleha ho tsamaisa peō ea mefuta e mengata ea lifate le joang, limela tse thunyang tse melang li qalikane tsona li hloka mokhoa o mong o batlang o atleha haholoanyane. Peō e tsoang limeleng tseo e fihla joang limeleng tse ling tsa habo tsona tse metseng sebakeng se hōle le tsona? E tsamaisoa ka katleho ke bo-’mankhane, linonyana le likokoanyana! Empa ha li tsamaise peō eo mahala.

Lipalesa li ntša lero bakeng sa linonyana kapa likokoanyana tsena—lero le monate hoo li ke keng tsa le hana. Nakong eo li momonang lero lena, ’mele ea tsona e nka phofshoana e ngata ea peō. Ha li ntse li batla lero, li tsamaisa phofshoana ena ho tsoa paleseng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe.

Likokoanyana ke tsona tse tsamaisang peō ea limela ho feta lintho tse ling, haholo-holo libakeng tse futhumetseng ka ho lekaneng. Li etela lipalesa tse ngata-ngata ka letsatsi ho ea momona lero le ho ja peō e phofshoana. * Moprofesa May Berenbaum oa hlalosa: “Ho ka etsahala hore mosebetsi oa bohlokoa o etsoang ke likokoanyana molemong oa hore batho ba phele hantle ’meleng, ha o nkeloe hloohong hakaalo: e leng oa ho tsamaisa peō ea limela e phofshoana.” Lifate tsa litholoana hangata li na le lithunthung tse itšetlehileng ka peō e tsoang semeleng se seng e le hore li behe haholo. Ka hona, u ka bona hore na ke habohlokoa hakaakang hore peō e tsamaisoe molemong oa boiketlo ba rōna!

Kamoo Basebetsi ba Hoheloang Kateng

Lipalesa li lokela ho hohela basebetsi ba tla li tsamaisetsa peō hammoho le ho ba fa lijo. Li etsa see joang? Li ka ’na tsa fana ka sebaka sa ho itšireletsa ha letsatsi le chesa. Li boetse li pepesa lihlahisoa tsa tsona ka ponahalo e ntle le ka monko. Hape lipalesa tse ngata li hlahisa matheba kapa metsero e mebala ho fana ka tataiso. Ka tsela ena, baeti baa bolelloa hore na ba ka fumana lero hokae.

Limela li hohela ka litsela tse fapaneng. Tse ling li ntša monko oa ntho e bolileng e le ho hohela lintsintsi. Tse ling li qhekella basebetsi bana hore ba li tsamaisetse peō. Ka mohlala, lithunthung tsa orchid li bōpehile joaloka linotši, ’me seo se lahla linotši tse batlang molekane ebe li leba ho tsona. Lipalesa tse ling li tšoasa likokoanyana ’me li li lokolla feela ha li phethile mosebetsi oa ho tsamaisa peō. Malcolm Wilkins, setsebi sa bophelo ba limela, o ngotse: “Tlhahisong ea limela, ha ho na ntho e tetemang, e nepang le e bohlale ’me e le ea bohlokoa joaloka ho etsa bonnete ba hore lipalesa li fumana peō.”

Haeba ’Mōpi a ne a sa lokisetsa hore limela li fumane peō ka ho etsa hore li hohele, tse limilione li ne li ke ke tsa ikatisa. Ha Jesu a bua ka phello ea mosebetsi oo, o ile a re: “Ithuteng ka likhahla tsa naha, kamoo li hōlang kateng; ha li sehle, leha e le hore lia ohla; empa ke re ho lōna esita le Solomone khanyeng eohle ea hae ha aa ka a apara joaloka e ’ngoe ea tsena.”—Matheu 6:25, 28, 29.

Ka lebaka la ho tsamaea ha peō, limela lia tlokoma ’me li fana ka lijo tse re phelisang. Ke ’nete hore peō ea limela e phofshoana e ka ’na ea hlōla ba bang ba rōna, empa kaofela re lokela ho leboha basebetsi bana ba jalang peō e phofshoana e nang le bophelo. Kotulo e khōlō e itšetlehile haholo ka mokhoa ona oa tlhaho o tsotehang o fanang ka bopaki ba mesebetsi e hlollang ea ’Mōpi.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 Litholoana li ka hlahisoa ke ha semela se fumana peō e tsoang semeleng se seng kapa se fumana eona peō ea sona. Leha ho le joalo, ha e tsoa semeleng se seng, tiiso e teng ea hore ho tla ba le motsoako o sa tšoaneng ’me semela e tla ba se atlehileng haholoanyane le se sa shoeng habonolo.

^ ser. 6 Ka mohlala, hloohoana e le ’ngoe ea sefate sa birch e ka ntša lithollo tse fetang limilione tse hlano tsa peō e phofshoana, ’me sefate se le seng se ka ba le lihloohoana tse likete tse ’maloa.

^ ser. 9 K’hilograma e le ’ngoe ea mahe a linotši e hloka hore linotši li nke maeto a ka etsang limilione tse leshome ho ea lipaleseng tse fapaneng.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 16, 17]

Lintho Tse Tsamaisang Peō

LINTSINTSI LE BO-MALESHOANE

Bana ke ba bang ba bahale ba sa fuoeng tlotla e ba tšoanetseng ba jalang peō ea limela e phofshoana. Haeba u rata chokolete, u lokela ho leboha ntsintsi e nyenyane e etsang mosebetsi oa bohlokoa oa ho tsamaisa peō ea lithunthung tsa sefate sa cacao.

BO-’MANKHANE LE LI-POSSUM

Lifate tse ’maloa tse khōlōhali lefatšeng, tse kang sefate sa kapok le sa baobab, li itšetlehile ka bo-’mankhane hore li fumane peō. Bo-’mankhane ba bang ba jang litholoana ha ba momone lero la tsona feela, ba boetse ba ja litholoana le ho qhala peō, ka tsela eo, ba etsa mesebetsi e ’meli ka nako e le ’ngoe. Australia, liphoofotsoana tse bitsoang li-possum li etela lipalesa ho ea iphepa ka lero la tsona. Ha li ntse li iphepa, li nka peō ka boea ba tsona li e fetisetsa paleseng e ’ngoe.

LIRURUBELE LE TŠOELE

Lijo tse ka sehloohong tsa likokoanyana tsena ke lero la limela, ’me nakong eo li tlohang paleseng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe li tsamaea le peō. Lipalesa tse ling tse ntle tsa orchid li itšetlehile ka ho feletseng ka tšoele bakeng sa ho tsamaisa peō ka katleho.

LITALETALE LE LI-HUMMINGBIRD

Linonyana tsena tse mebala-bala li oka-okela palesa ena le eane nako le nako, ho momona lero. Peō ena e phofshoana e lula masibeng a tsona a phatleng le a sefubeng.

LINOTŠI LE BOBI

Boea bo ’meleng oa linotši bo nka peō e phofshoana habonolo feela joalokaha likhalase tsa mahlo li luloa ke lerōle, ’me sena se etsa hore li atlehe ho tsamaisa peō. Notši e le ’ngoe feela e khōlō e phophomang boea e ka jara lithollo tse ka bang 15 000 tsa peō e phofshoana. Hona joale masimo a clover New Zealand aa tlokoma hobane lekholong la bo19 la lilemo ho ile ha tlisoa linotši tsena tse phophomang boea li tsoa Engelane,’me ’ona a hlahisa lijo tsa bohlokoa bakeng sa liphoofolo tsa naha eo.

Notši ea mahe a linotši ke eona ea bohlokoa ka ho fetisisa lefatšeng e tsamaisang peō ea limela e phofshoana. Ka tloaelo e lebisa tlhokomelo mofuteng o le mong oa palesa e melang ka bongata haufi. Christopher O’Toole, setsebi sa likokoanyana, o bolela hore “hoo e ka bang karolo ea 30 lekholong ea lijo tsohle tseo batho ba li jang li itšetlehile ka ho toba kapa ka tsela e sa tobang hore li tsamaisetsoe peō ke linotši.” Ho hlokahala linotši bakeng sa ho tsamaisa peō ea limela tse kang lialemonde, liapole, lipurumu, menokotšoai le li-kiwi. Lihoai li lefa barui ba linotši ka mosebetsi oo linotši li o etsang.

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Thunthung ea “orchid” e sebōpeho sa notši