Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tsa Mona le Mane

Tsa Mona le Mane

Tsa Mona le Mane

Lilemong tse leshome tse fetileng, balemi ba Machaena ba ka bang limilione tse 40 ba lahlehetsoe ke mobu oa temo ka lebaka la ho hōla ha litoropo ka sekhahla.—CHINA DAILY, EA CHAENA.

◼ Selemong sa 2005 lefatšeng ka bophara ho loannoe lintoa tse mahlo-mafubelu tse 28, ha qhoma merusu e meng e 11 eo ho eona ho ileng ha sebelisoa libetsa.—VITAL SIGNS 2006-2007, WORLDWATCH INSTITUTE.

◼ Sehlopha sa litsebi tsa Setsi sa Theknoloji sa Tokyo se atlehile ho romela sefofane se bobebe ka ho fetisisa se khannoang ke motho sebakeng, se neng se le boima ba lik’hilograma tse 55 ’me se fofa feela ka libeteri tse ka sebelisoang lapeng. Sefofane sena se ne se fofa ka lebelo la limithara tse 391 ka metsotsoana e 59.—MAINICHI DAILY NEWS, EA JAPANE.

◼ Har’a batho ba sebelisang Inthanete ba Netherlands ba lilemong tse lipakeng tsa 12 le 20 ba ileng ba bula mecha ea Inthanete eo ho eona “batho ba arolelanang maikutlo le ba bang” ba sebelisa lik’hamera tse romelang litšoantšo Inthaneteng, “bashanyana ba 40 ho ba lekholo le banana ba 57 ho ba lekholo ba boletse hore batho bao ba neng ba buisana le bona ba ile ba ba kōpa hore ba hlobole liaparo le hore ba etse ketso e ’ngoe e amanang le ho kopanela liphate ka pele ho k’hamera eo e romelang litšoantšo Inthaneteng.”—RUTGERS NISSO GROEP, NETHERLANDS.

Na Motho a ka Lemalla Lipapali Tsa Video?

Setsebi sa kelello Ralf Thalemann, eo e bileng e leng moeta-pele oa sehlopha se etsang liphuputso ka lintho tse lemalloang Sepetleleng sa Univesithi ea Charité, Berlin, Jeremane, o re: “Se etsahalang bokong ba batho ba bapalang lipapali tsa k’homphieutha ho tlōla tekano se tšoana le se etsahalang bokong ba batho ba lemaletseng joala kapa matekoane.” Ba bang ba lumela hore maikutlo a hlahisoang ke ho bapala lipapali tsa k’homphieutha ho tlōla tekano a ka etsa hore k’hemik’hale ea dopamine e phallele ka bongata bokong ba motho ea bapalang lipapali tsena, ebe k’hemik’hale ena e etsa hore motho eo a natefeloe hoo a ka qetellang a se a “lemaletse” lipapali tsena. Phuputso e ’ngoe e bontšitse hore sena se ka etsahala ho batho ba fetang10 ho ba lekholo ba bapalang lipapali tsa video.

Hangata Barui “ba Ikutloa ba sa Sireletseha ba Bile ba Tšoenyehile”

Koranta ea Beijing ea China Daily, e re: “Batho ba nang le limilione tsa lichelete ba ikutloa ba sa sireletseha ba bile ba tšoenyehile.” Phuputso ena e ne e ile ea etsoa ho batho ba tsoang Chaena Bochabela le Chaena Boroa, bao ka karolelano leruo la bona le neng le tsamaela liranteng tse limilione tse likete tse 2,1. Bafuputsi bana ba ileng ba ithuta hore na barui ba na le “maikutlo afe ka bolumeli, lenyalo, bophelo, mesebetsi le chelete,” ba fumane hore “boholo ba bo-ralimilione ba rata chelete ba bile ba e hloile ka nako e tšoanang.” Boholo ba ba ileng ba arabela liphuputsong tsena ba boletse hore chelete e ba file boemo sechabeng ebile e entse hore ba utloe ho e-na le seo ba se finyeletseng, ntle ho moo “ntho e ka sehloohong eo ba e fumaneng cheleteng ke hore e felisa pelo.”

Mapolasi a Thusang Batho ba Nang le Lefu la Kelello

Haufinyane tjena litsebi tse fetang 100 tse tsoang linaheng tse 14 li ile tsa kopana Stavanger, Norway, ho ithuta ka tsela ea Ho Fumana Bophelo bo Botle ka Temo, e leng mokhoa oa ho kopanya temo, thuto le bophelo bo botle. Ho latela k’hamphani ea khaso ea NRK, batho ba bileng le lefu la kelello ka lilemo tse ngata eba ha ho sa hlokahala hore ba bolokoe litsing tse hlokomelang batho ba mofuta oo hang ha ba qala ho sebetsa mapolasing. Sena se “molemo kelellong le ’meleng.” Mapolasi a Norway a fetang 600 a ntseng a sebelisa mokhoa oa khale oa temo a sebelisana le ba thusang batho ho Fumana Bophelo bo Botle ka Temo ’me eo ke tsela eo hape a etsang chelete ka eona.

Ho Sebelisa Litora Tsa Likereke

Makasine ea Newsweek, e re: “Likereke tsa New Engeland [tse United States] li fumane mokhoa oa ho nyolla mokotla oa tsona: li hirisetsa lik’hamphani tse hlokang maqhubu a moeeng litora tsa tsona tse ntlehali bakeng sa ho fetisa melaetsa ea li-cell phone.” Ho na le leqeme la libaka tsa ho hloma litora tsa maqhubu a moeeng moo melaetsa ea li-cell phone e amoheloang le moo e fetisoang teng ka lebaka la melao e thibelang ho hlongoa ha litora tsa mofuta oo libakeng tse itseng tsa bolulo, kahobane baahi ba sa batle litora tseo tse sa shebahaleng hantle libakeng tsa bona. Ka lebaka leo, lik’hamphani tse fanang ka litšebeletso tsa li-cell phone li pata thepa ea tsona ka har’a litora tsa likereke. Mopresidente oa k’hamphani e ’ngoe e fanang ka boeletsi likerekeng o re: “Kereke ea pele eo re sebelitseng ho eona, hona joale e na le lieriale tsa lik’hamphani tse tharo ’me e fumana $74 000 [R567 000] ka selemo bakeng sa sebaka seo [ho neng] ho se na motho ea se sebelisang.”