Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

3. Boitsebiso ba Eona Boa Lumellana

3. Boitsebiso ba Eona Boa Lumellana

Mabaka a ho Tšepa Bibele

3. Boitsebiso ba Eona Boa Lumellana

Ak’u nahane u kōpa banna ba 40 ba tsoang limelong tse sa tšoaneng hore ba ngole buka, ka bomong ba ngola likarolo tse itseng tsa eona. Bangoli bana ba lula libakeng tse sa tšoaneng ebile ba bang ha ba tsebane. Ba bang ha ba tsebe seo ba bang ba se ngotseng. Na u ne u ka lebella hore buka e ngotsoeng ka tsela eo e lumellane?

BUKA eo ke Bibele. * E ngotsoe maemong a sa tloaelehang le ho feta a hlalositsoeng ka holimo, empa boitsebiso bo ka ho eona bo lumellana ka tsela e hlollang.

Maemo a ikhethang. Bibele e ngotsoe ka lilemo tse ka bang 1 600, ho tloha ka 1513 B.C.E. ho isa ho hoo e ka bang ka 98 C.E. Ka hona, ba bangata ba bangoli ba eona ba ka bang 40 ba phetse makholong a sa tšoaneng a lilemo. Ba ne ba etsa mesebetsi e sa tšoaneng. Ba bang e ne e le batšoasi ba litlhapi, ba bang e le balisa kapa marena, ’me e mong e le ngaka.

Molaetsa o lumellanang. Bangoli ba Bibele ba ngotse ka taba e le ’ngoe e ka sehloohong: ho tlosoa ha qoso tokelong ea Molimo ea ho busa moloko oa batho le ho phethahatsoa ha morero oa hae ka ’Muso oa hae oa leholimo, e leng puso e tla busa lefatše. Taba eo e qala ho Genese, e qaqisoa ke libuka tse latelang, ’me e fihla tlhōrōng ho Tšenolo.—Bona sehlooho se reng “Bibele e Bua ka Eng?” leqepheng la 19.

Lintlha tse lumellanang. Bangoli ba Bibele baa lumellana le lintlheng tse sa reng letho, ’me ho hlakile hore hangata ba lumellana joalo e se ka morero. Ka mohlala, ak’u nahane ka sena. Johanne mongoli oa Bibele o re bolella hore ha bongata bo ne bo tlile ho Jesu ho tla mo mamela, Jesu o ile a botsa Filipi ka ho khetheha hore na ba ka reka bohobe hokae e le hore ba tle ba fepe batho bao. (Johanne 6:1-5) Tlalehong e tšoanang le eo, Luka o re seo se etsahetse haufi le motse oa Bethsaida. Pejana bukeng ea hae, Johanne o hlalositse hore Filipi o ne a tsoa Bethsaida. (Luka 9:10; Johanne 1:44) Kahoo ke ho utloahalang hore ebe Jesu o ile a botsa motho ea tsoang haufi le moo. Lintlha tsena lia lumellana—empa ho hlakile hore e ne e se ka morero hore li lumellane. *

Ho se tšoane ho utloahalang. Ho na le ho se tšoane ho itseng litlalehong tse ling, empa na ha rea lokela ho lebella seo? A re nke hore batho ba ’maloa ba bona ketso e itseng ea tlōlo ea molao. Haeba kaofela ha bona ba hlalosa se etsahetseng ka mantsoe a tšoanang, na u ne u sa tl’o nahana hore ba ipuile? Ke ho ka lebelloang hore e mong le e mong oa bona a fane ka bopaki ka tsela e batlang e fapane le ea e mong ho latela hore na o ne a eme hokae. Ho joalo le ka bangoli ba Bibele.

Nahana ka mohlala ona. Na letsatsing leo Jesu a bolauoeng ka lona o ne a apere seaparo se pherese, joalokaha Mareka le Johanne ba tlaleha? (Mareka 15:17; Johanne 19:2) Kapa o ne a apere se sekareleta, joalokaha Matheu a bolela? (Matheu 27:28) Ha e le hantle, kaofela ha bona ba nepile. Bopherese bo na le ’mala o mofubelu. Mebala e meng e ka ’na ea shebahala ka tsela e ’ngoe ho itšetlehile ka hore na motho ea e shebileng o eme hokae, ho na le khanya e kae le hore na ke mebala efe e meng e haufi, e leng ho ka etsang hore seaparo se shebahale eka ke sa ’mala o itseng. *

Ho lumellana ha bangoli ba Bibele le ho fapana ha bona lintlheng tseo ba neng ba sa ikemisetsa ho se tšoane ho tsona ho tiisa hore mangolo a bona aa tšepahala.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 4 Bibele ke pokello ea libuka kapa libukana tse 66, ho qala ka Genese ho ea ho Tšenolo.

^ ser. 7 Ho fumana mehlala e eketsehileng ea ho lumellana ho joalo, bona leqephe la 16-17 bukaneng ea Buka ea Batho Bohle, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

^ ser. 9 Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, bona khaolo ea 7 e reng, “Na Bibele E-ea Ikhanyetsa?,” bukeng ea Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

 [Setšoantšo se leqepheng la 7]

Na Jesu o ne a apere seaparo se pherese kapa se sekareleta?