Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Etsahala’ng ha Pelo e Otla?

Ho Etsahala’ng ha Pelo e Otla?

Ho Etsahala’ng ha Pelo e Otla?

● Pelo ke khubu ea tsamaiso ea potoloho ea mali ’me e sebetsa ka thata ka tsela e ikhethang. Haeba u motho e moholo, e ka ’na eaba pelo ea hao e otla ka makhetlo a fetang 100 000 ka letsatsi. Esita le ha u phomotse, mesifa ea pelo e sebetsa ka thata—ka makhetlo a imenneng habeli, ha e le hantle joaloka mesifa ea maoto ha u matha. ’Me ha ho hlokahala, pelo e ka kopola lebelo leo e otlang ka lona le pele ho feta metsotsoana e mehlano. Ho batho ba baholo, lebelo leo pelo e pompang mali ka lona e ka ba lilithara tse 5 ho isa ho tse ka bang 20 ka motsotso ha motho a ikoetlisa—’me mali ao re nang le ’ona ’meleng e ka ba lilithara tse 5.

Ho otla ha pelo ho laoloa ke seo ka nepo se ’nileng sa bitsoa tsamaiso ea methapo e entsoeng ka tsela e hlollang. Tsamaiso ena e tiisa hore likarolo tse ka holimo li honyela ka potlako pele ho tse ka tlaase, ka ho li liehisa ka nako e ka tlaasana ho motsotsoana. Ho thahasellisang ke hore molumo oa ho otla ha pelo oo lingaka li o utloang ka stethoscope ke oa li-valve tse koalang tsa pelo, hase oa ho uba ha mesifa ea pelo.

E Otla ka Makhetlo a Bilione

Ka tloaelo, lebelo leo pelo e otlang ka lona liphoofolong lea fapana ho ea ka hore na li khōlō hakae—pelo ea liphoofolo tse khōlō e lieha ho otla. Ka mohlala, pelo ea tlou e otla ka makhetlo a ka bang 25 ka motsotso, ha ea nonyana e nyenyane e bitsoang canary e otla ka sekhahla ka makhetlo a ka bang 1 000 ka motsotso! Makhetlo ao pelo e otlang ka ’ona a tloha ho a ka bang 130 ha motho a hlaha, a theohela ho a ka bang 70 ha motho a se a le moholo.

Ho bonahala eka liphoofolo tse ngata tse anyesang li etselitsoe hore lipelo tsa tsona li otle ka makhetlo a ka bang bilione pele li shoa. Ka hona, kaha pelo ea toeba e otla ka makhetlo a 550 ka motsotso, e ka ’na ea phela lilemo tse ka bang 3; ha leruarua leo pelo ea lona e otlang ka makhetlo a ka bang 20 ka motsotso, le ka ’na la phela lilemo tse fetang 50. Batho ke mekhelo tabeng ena. Ho latela lebelo leo lipelo tsa rōna li otlang ka lona, re ne re tšoanetse ho phela lilemo tse ka bang 20. Empa pelo ea motho ea phetseng hantle, e ka ’na ea otla ka makhetlo a libilione tse tharo kapa ho feta ’me kahoo a phela lilemo tse fetang tse 70 kapa 80! *

Leha ho le joalo, ha ho le ea mong oa rōna ea batlang ho phela hore pelo ea hae e otle ka makhetlo a itseng feela, kaha batho ba na le takatso e matla ea ho phela ka ho sa feleng. Ha e le hantle, ke ha tlhaho ho ba le takatso ena, kaha ke Molimo ea re kentseng eona. Ho phaella moo, nako e ntse e atamela ka potlako, eo sebe—se bakang lefu—se tlang ho felisoa. (Baroma 5:12) Ke kahoo Tšenolo 21:3, 4 e reng “lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 6 Lipalo tsena ke likhakanyo. Lebelo leo pelo e otlang ka lona le lilemo tseo batho le liphoofolo ba li phelang li ka ’na tsa fapana hōle le karolelano ena e fanoeng.

[Setšoantšo se Qanollang/Setšoantšo se leqepheng la 29]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

SETŠOANTŠO SA PELO

Karolo e ka holimo ea pelo ka ho letona

Karolo e ka holimo ea pelo ka ho letšehali

Karolo e ka tlaase ea pelo ka ho letona

Karolo e ka tlaase ea pelo ka ho letšehali