Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Itokisetse ho Tobana le Mathata

Itokisetse ho Tobana le Mathata

Itokisetse ho Tobana le Mathata

“Ke ile ka etsa qeto ea ho khaotsa ho tsuba molemong oa leseanyana la rōna. Kahoo ke ile ka beha letšoao le reng ‘Ha ho Tsujoe’ ka tlung. Ka mor’a hora feela, ke ile ka ba le takatso e matla ea ho tsuba, eaba ke hotetsa sakerete.”—Yoshimitsu oa Japane.

JOALOKAHA phihlelo ea Yoshimitsu e bontša, ho khaotsa ho tsuba ho na le mathata. Ho phaella moo, liphuputso li bontša hore hoo e ka bang karolo ea 90 lekholong ea batho ba khutlelang mokhoeng oo ba tsoela pele ba tsuba. Kahoo haeba u leka ho khaotsa, u ka ’na ua atleha haeba u itokiselitse ho tobana le mathata. Ke mathata afe a atisang ho hlaha?

Takatso e matla ea bokoali: E atisa ho ba teng matsatsing a pele a mararo u khaolitse ho tsuba ’me ea kokobela ka mor’a libeke tse ka bang peli. Motho e mong ea neng a tsuba o re, “takatso eo e tla ka linako tse itseng; ha e lule e le teng.” Esita le ka mor’a lilemo, takatso eo e ntse e ka ’na ea u tlela ka tšohanyetso. Ha seo se etsahala, u se ke ua inehela. Leta metsotso e ka bang mehlano, ’me takatso eo e tla feta.

Matšoao a mang a bang teng ha motho a khaotsa ho tsuba: Qalong, batho ba bang ba thatafalloa ho lula ba falimehile kapa ba tsepamisitse mohopolo ’me ba ka ’na ba nona. Hape ba ka ’na ba opeloa, ba hlohloneloa ’meleng, ba fufuleloa, ba khohlola le ho ba le maikutlo a feto-fetohang ’me seo ba se bonahatsa ka hore e be lifela-peloana, e leng se etsang hore ba halefe lefeela, kapa ba tepelle maikutlo. Leha ho le joalo, matšoao a mangata aa kokobela le pele ho feta libeke tse ’nè ho ea ho tse tšeletseng.

Nakong ena e thata ho na le lintho tseo u ka li etsang tse ka u thusang. Ka mohlala:

● Robala haholoanyane.

● E-noa metsi a mangata kapa juse. E-ja lijo tse matlafatsang.

● Ikoetlise ka ho lekaneng.

● Hema haholo ebe u ipona u tlatsa matšoafo ka moea o hloekileng.

Lintho tse u lakalisang ho tsuba: Tsena ke lintho kapa maikutlo a u tsosetsang takatso ea ho tsuba. Ka mohlala, mohlomong u ne u tloaetse ho tsuba ha u ntse u e-noa seno se itseng. Haeba ho joalo, ha u khaotsa ho tsuba, u se ke ua nka nako e telele u noa seno seo. Ke ’nete hore hamorao u tla thabela ho noa seno seo u sa potlaka.

Ha e le hantle, lintho tse ka kelellong tse u lakalisang ho tsuba li ka ’na tsa hanella le ha u se u se na bokoali ’meleng. Torben ea qotsitsoeng pejana o re: “Le hoja ke se ke qetile lilemo tse 19 ke sa tsube, ke ntse ke lakatsa ho tsuba nakong ea khefu ea kofi.” Empa hangata lintho tse itseng tseo kelello e li amahanyang le ho tsuba li tla felloa ke matla ha nako e ntse e ea ebe ha li sa u susumetsa hakaalo.

Boemo bo fapane mabapi le joala. Ke ’nete hore ha u ntse u leka ho khaotsa ho tsuba, ho ka ’na ha hlokahala hore u tlohele joala le ho qoba ho ea libakeng tseo bo rekisoang ho tsona, kaha batho ba bangata ba khutlela ho tsubeng ha ba ntse ba e-noa. Ke hobane’ng ha ho le joalo?

● Esita le ho noa joala bo seng bokae ho ka etsa hore motho a natefeloe ke bokoali le ho feta.

● Batho ba noang e le sehlopha ba atisa ho tsuba.

● Joala bo sitisa motho ho ba le kahlolo e molemo ’me bo mo hlokisa boitšoaro. Ka nepo Bibele e re: ‘Veine e tlosa tšusumetso e ntle.’—Hosea 4:11.

Metsoalle: E khethe ka bohlale. Ka mohlala, qoba ho kopana ho sa hlokahale le batho ba tsubang kapa ba ka ’nang ba u khothalletsa ho tsuba. Hape tsamaella hōle le batho ba nyatsang boiteko boo u bo etsang ba ho khaotsa ho tsuba, mohlomong ka ho u soma.

Maikutlo: Phuputsong e ’ngoe, hoo e ka bang batho ba babeli ho ba bararo ba khutletseng ho tsubeng ba ne ba sithabetse kapa ba halefile pele ba tsuba. Haeba boikutlo bo itseng bo etsa hore u batle ho tsuba, mohlomong u ka noa metsi, oa hlafuna chepisi, kapa ua thapolla maoto e le hore u fapose kelello. Leka ho nahana ka lintho tse hahang, mohlomong u rapele Molimo kapa u bale maqephe a seng makae a Bibele.—Pesaleme ea 19:14.

U se ke ua Ikemela

Ke tla hula hanngoe feela.

Nete: Ho hula mosi hanngoe feela ho ka khotsofatsa ka lihora tse tharo, hoo e ka bang karolo ea 50 lekholong ea methapo e itseng ea boko e amohelang bokoali. Hangata sena se khutlisetsa motho ho tsubeng ka ho feletseng.

Ho tsuba ho nthusa ho itebatsa mathata.

Nete: Liphuputso li bontša hore ha e le hantle bokoali bo eketsa lihormone tse bang teng ha motho a sithabetse. Boikutlo leha e le bofe ba ho imoloha ho sithabeleng, e ka ’na eaba bo bakoa ke ho kokobela ka nakoana ha matšoao a bang teng ha motho a khaotsa ho tsuba.

Ke khale ke tsuba, nke ke ka khona ho khaotsa.

Nete: Ho felloa ke tšepo hoa nyotobetsa. Bibele e re: “Na u iponahalitse u nyahame letsatsing la mahlomola? Matla a hao a tla fokola.” (Liproverbia 24:10) Kahoo, u se ke ua nahana hore u tla hlōleha. Mang le mang ea batlang ho khaotsa ho tsuba ’me a latela melao-motheo e sebetsang, e kang e hlalositsoeng makasineng ena, a ka atleha.

Ha nka qeta nako ke sa tsube, ke ikutloa ke kula.

Nete: Ha e le hantle, matšoao a bang teng ha motho a khaotsa ho tsuba a matla, empa aa kokobela ka mor’a libeke tse seng kae feela. Kahoo tsepamisa mohopolo! Haeba u tsoheloa ke takatso ea ho tsuba ka mor’a likhoeli kapa lilemo u khaolitse, e tla feta mohlomong ka mor’a metsotso e seng mekae—haeba u sa hotetse sakerete.

Ke na le lefu la kelello.

Nete: Haeba u e-na le lefu la kelello, le kang la ho tepella maikutlo kapa la ho ferekana kelellong, kōpa ngaka hore e u thuse u khaotse ho tsuba. Ngaka eo e ka ’na ea thabela ho u thusa, mohlomong ka ho u fa meriana e meng e le hore qeto eo u e entseng e se ke ea mpefatsa lefu le u tšoereng kapa ea sitisa meriana eo u e noang hore e sebetse ka tsela e loketseng.

Haeba ke khutlela ho tsubeng, ke tla nka hore ke hlōlehile.

Nete: Haeba u khoptjoa ’me u tsuba—e leng se etsahallang batho ba bangata ba lekang ho khaotsa ho tsuba—u se ke ua nyahama. Ema ’me u tsoele pele. Ho khoptjoa ha ho bolele hore u hlōlehile. Motho ea hanellang fatše ke eena ea hlōlehileng. Kahoo tsoela pele u leka. Qetellong u tla atleha!

Nahana ka se etsahetseng ka Romualdo, ea qetileng lilemo tse 26 a tsuba ’me ho se ho fetile lilemo tse 30 a khaolitse. O re: “Ha ke tsebe hore na ke lekile ka makhetlo a makae ho khaotsa ho tsuba empa ke ntse ke khutlela morao. Nako le nako ke ne ke ikutloa ke ferekane eka ha ke na thuso. Empa hang ka mor’a hore ke ikemisetse hore ke batla ho ba le kamano e ntle le Jehova Molimo ’me ke mo rapela ka makhetlo hore a nthuse, ke ile ka khona ho khaotsa ho tsuba.”

Sehloohong se qetellang letotong lena, re tla tšohla litlhahiso tse seng kae tse sebetsang tse ka ’nang tsa u thusa hore u khaotse ho tsuba ’me u thabe.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]

E KOTSI KA MEFUTA EOHLE EA EONA

Koae e sebelisoa ka litsela tse ngata. Lihlahisoa tse ling tsa koae li bile li rekisoa mabenkeleng a lijo tse fanang ka bophelo bo botle le a meriana ea litlama. Leha le ho joalo, Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o re: “Mefuta eohle ea koae e kotsi.” Batho ba ka ’na ba bolaoa ke maloetse a bakoang ke koae, a kang kankere le lefu la pelo le methapo. Bo-’mè ba tsubang le bona ba ka ’na ba ntša bana ba bona ba e-s’o hlahe kotsi. Lihlahisoa tsa koae li atisa ho sebelisoa ka litsela life?

Li-bidi: Lisakerete tsena tse nyenyane tse thatetsoe ka letsoho li tloaelehile linaheng tsa Asia. Li-bidi li ntša tar, bokoali le carbon monoxide e ngata ho feta lisakerete tse tloaelehileng.

Li-cigar: Ke koae e thatetsoeng ka lisolong tse entsoeng ka makhasi a koae kapa ka pampiri e entsoeng ka koae. Alkaline e seng kae ea koae e ho li-cigar ha e bapisoa le asiti ea koae e lisakereteng e etsa hore bokoali bo kene esita leha motho a momme cigar e sa hotetsoa.

Li-kretek, kapa lisakerete tsa li-clove: Hangata karolo ea 60 lekholong ea tsona ke koae ’me ea 40 lekholong ke li-clove. Li ntša tar, bokoali le carbon monoxide e ngata ho feta lisakerete tse tloaelehileng.

Lipeipi: Ho tsuba peipi le hona ha hoa sireletseha joaloka ho tsuba sakerete, kaha ka bobeli li ka baka mefuta e tšoanang ea likankere le maloetse a mang.

Koae e se nang mosi: E akarelletsa koae e hlafunoang, senifi le gutkha e nang le tatso, e sebelisoang karolong e ka Boroa-bochabela ho Asia. Bokoali bo kena maling le ka hanong. Koae e se nang mosi e kotsi joaloka mefuta e meng ea koae.

Lipeipi tsa metsi (li-bong, li-hookah, li-narghile, li-shisha): Ha motho a sebelisa lipeipi tsena, mosi oa koae o feta ka metsing pele a o hema. Leha ho le joalo, seo ha se fokotse kotsi ea mosi o kenang ka matšoafong, o nang le lintho tse bakang kankere.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 8]

HO THUSA MOTHO E MONG HO KHAOTSA HO TSUBA

E ba le boikutlo bo botle. Ho mo thoholetsa le ho mo babatsa ho molemo ho feta ho mo omanya le ho mo emella. Ho e-na le ho re, “U hlōlehile hape!” ho ka ba molemo ha u ka re, “Ke nahana hore u tla atleha ha u ka leka hape.”

E ba ea tšoarelang. Leka ka matla ho iphapanyetsa motho ea lekang ho khaotsa ho tsuba ha a u halefela kapa a ferekane. Mo bolelle mantsoe a mosa a kang, “Kea tseba hore ho thata, empa ke thabela hore ebe ua leka.” U se ke ua re, “Ho ne ho bile ho le betere ha u tsuba!”

E ba motsoalle oa sebele. Bibele e re: “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.” (Liproverbia 17:17) Ha e le hantle, leka ho bontša mamello le lerato “ka linako tsohle” ho motho ea lekang ho khaotsa—ho sa tsotellehe hore na ke nako mang kapa o ikutloa joang.