Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kōpa Thuso

Kōpa Thuso

Kōpa Thuso

“Haeba e mong a ne a ka hlōla a le mong feela ka matla, ba babeli ba leng hammoho ba ne ba ka ema khahlanong le eena.”—Moeklesia 4:12.

HA RE e-na le batho ba re thusang, ho na le monyetla o moholoanyane oa hore re hlōle sera—ho sa tsotellehe hore na sera seo ke mang kapa ke eng. Kahoo haeba u batla ho hlōla tloaelo ea ho tsuba, u lokela ho kōpa ba lelapa le metsoalle hore ba u thuse—kapa motho leha e le ofe ea tla u tšehetsa e le kannete le ea nang le mamello.

Kōpa batho ba hlōtseng bothata bona hore ba u thuse, kaha ba ka ’na ba u utloela bohloko ’me ba u tšehetsa. Mokreste e mong oa Denmark ea bitsoang Torben, o re: “Ke ile ka thusoa haholo ke tšehetso ea ba bang.” Abraham ea lulang India, o re: “Lerato la sebele leo ba lelapa le Bakreste-’moho ba mpontšitseng lona le ile la nthusa hore ke khaotse ho tsuba.” Empa ka linako tse ling esita le tšehetso ea ba lelapa le metsoalle ha ea lekana.

Monna e mong ea bitsoang Bhagwandas o re: “Ke qetile lilemo tse 27 ke tsuba, empa ka mor’a hore ke ithute seo Bibele e se rutang ka mekhoa e sa hloekang, ke ile ka etsa qeto ea ho khaotsa. Ke ile ka leka ho fokotsa ho tsuba. Ka fetola metsoalle. Ka ea ho litsebi tse fanang ka keletso. Lintho tsena kaofela ha lia ka tsa nthusa. Qetellong, ka le leng bosiu ke ile ka rapela Jehova Molimo, ka mo tšollela pelo ea ka ’me ka mo kōpa hore a nthuse ho khaotsa ho tsuba. Ka mor’a moo, ke ile ka atleha!”

Ntho e ’ngoe ea bohlokoa eo u lokelang ho e etsa ke ho itokiselletsa mathata ao u ka ’nang ua tobana le ’ona. Ke afe? Sehlooho se latelang se tla a hlalosa.

[Lebokose le leqepheng la 5]

NA U LOKELA HO SEBELISA MERIANA?

Meriana e thusang batho ho khaotsa ho tsuba, e kang listikara tse nang le bokoali, e fetohile khoebo e kenyang liranta tse libilione. Pele u rera ho e sebelisa, ipotse lipotso tse latelang:

E na le melemo efe? Mekhoa e mengata e sebelisoang ho thoe e eketsa monyetla oa hore u khaotse ho tsuba ka hore e kokobetse matšoao a bang teng ha motho a khaotsa ho tsuba. Leha ho le joalo, ho na le ho se lumellane mabapi le molemo oa eona oa nako e telele.

E na le likotsi life? Meriana e meng e ka bakela batho bothata bo kang ba ho nyekeloa ke pelo, ho tepella maikutlo le ho nahana ho ipolaea. U lokela ho hopola hore meriana e meng e nkelang bokoali sebaka e mpa e fetola boleng ba sethethefatsi seo feela, ’me le eona e ntse e le kotsi. Kahoo, bonneteng motho ea e sebelisang o ntse a lemalletse sethethefatsi seo.

Motho a ka etsa’ng ntle le ho sebelisa meriana? Phuputso e ’ngoe e bontša hore ho batho ba lekholo, ba 88 ba ileng ba atleha ba re ba ile ba khaotsa ho tsuba hang-hang, ba sa sebelise meriana.