Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kamoo U ka Sebetsanang le Bohoelea Kateng

Kamoo U ka Sebetsanang le Bohoelea Kateng

Kamoo U ka Sebetsanang le Bohoelea Kateng

“Ha ke hoeleketsa, kea tšoha ’me seo se etsa hore ke hoeleketse le ho feta. Ekare ke ka mokoting o tebileng, oo ke sa khoneng ho tsoa ka ho oona. Ka lekhetlo le leng, ke ile ka ea ho setsebi sa kelello ho ea kōpa thuso. Se ile sa re ke lokela ho ba le kharebe—ke robale le eona e le hore ke itšepe! E ile eaba ke qetetse ho ea ho sona. Ke mpa feela ke batla hore batho ba nkamohele kamoo ke leng kateng.”—Rafael ea lilemo li 32.

NAHANA hore na u ne u ka ikutloa joang ha u reka tekete ea bese ebe seo se etsa hore u tsoe mofufutso o batang ’me ha u bua u atisa ho hakoa ke mantsoe, ebe u pheta-pheta molumo o qalang. Boo ke boemo boo batho ba lehoelea ba limilione tse ka bang 60 lefatšeng ka bophara ba tobanang le bona, e leng motho a le mong ho ba lekholo. Ba atisa ho songoa le ho khetholloa. Ba ka ’na ba nkoa ba bile ba se bohlale hakaalo kaha ho e-na le ho sebelisa mantsoe a itseng a bitsehang ka thata, ba sebelisa ao ba ka a bitsang habonolo.

Ke’ng se etsang hore motho a be lehoelea? Na bohoelea bo ka phekoloa? Na ho na le seo motho a ka se etsang e le hore a bue phollatsi? Hona ba bang ba ka etsa’ng ho mo thusa?

Na re Tseba Sesosa?

Batho ba mehleng ea khale ba ne ba lumela hore bohoelea bo bakoa ke meea e litšila, e lokelang ho lelekoa. Ba Mehleng e Bohareng bona ba nka hore bothata bo lelemeng. Ba ne ba “bo phekola” joang? Ba ne ba sebelisa litšepe tse chesang le linōko! Ka lilemo tse makholo ka mor’a moo, lingaka li ne li khaola batho methapo ea kutlo le mesifa ea leleme li bile li ba ntša litemetoane ho phekola bohoelea. Empa mekhoa ena e bohloko ha ea ka ea sebetsa.

Liphuputso tse entsoeng morao tjena li bontša hore e ka ’na eaba ho na le mabaka a ’maloa a tlatsetsang hore motho a be lehoelea, ho fapana le hore ho na le sesosa se le seng feela. Lebaka le leng e ka ’na eaba ke tsela eo motho a itšoarang ka eona ha a imetsoe kelellong. Lebaka le leng e ka ’na eaba la lefutso, kaha hoo e ka bang batho ba 60 ho ba lekholo ba lehoelea, ba na le beng ka bona ba lehoelea. Ho feta moo, phuputso e entsoeng ho sebelisoa litšoantšo tsa boko, e bontša hore boko ba motho ea lehoelea bo hlophisa mantsoe ka tsela e fapaneng le ea batho ba bang. Bukeng ea hae e bitsoang Understanding Stuttering, Dr. Nathan Lavid o re, ba bang “ba ka ’na ba qala ho bua pele boko bo ba bolella hore na mantsoe a itseng a lokela ho bitsoa joang.” *

Kahoo, sesosa se ka sehloohong sa bohoelea e ka ’na eaba hase amane le kelello joalokaha pele batho ba ne ba nahana joalo. Buka ea No Miracle Cures e re: “Ka mantsoe a mang, bohoelea ha bo angoe ke seo motho a se lumelang, ’me batho ba lehoelea ba ke ke ba ‘susutlelloa’ hore ba bue phollatsi.” Leha ho le joalo, batho ba lehoelea ba ka ’na ba e-ba le mathata a kelello ka lebaka la boemo ba bona. Ka mohlala, ba ka ’na ba tšaba lintho tse itseng, tse kang ho bua ka pel’a batho kapa fonong.

Se ka Thusang Batho ba Lehoelea

Ho thahasellisang ke hore hangata batho ba lehoelea ba khona ho bina, ho hoeshetsa, ho bua ba le bang kapa le liphoofolo tseo ba li ruileng, ho buela hong le ba bang, kapa ho etsisa batho ba bang ba sa hoeleketse hakaalo kapa ba sa hoeleketse ka ho feletseng. Ho feta moo, qetellong lehoelea lea fela baneng ba 80 ho ba lekholo. Empa ho thoe’ng ka ba bang ba 20?

Kajeno ho na le mananeo a thusang batho ba nang le bothata ba ho bua e le hore ba bue phollatsi. Mekhoa e meng e akarelletsa ho se tiise mohlahare, molomo le leleme le ho hema butle. Batho ba nang le bothata ba ka ’na ba boela ba rutoa hore “ba qale butle,” seo se akarelletsa ho hula moea o seng mokae le ho o lokolla butle pele ba bua. Hape ba ka ’na ba khothalletsoa ho hula liluma-nosi le lilumisoa tse itseng. Tsela eo ba buang ka eona e ntlafala butle-butle ha lehoelea le ntse le fokotseha.

Ho ithuta mekhoa eo ho ka ’na ha nka lihora tse seng kae feela. Empa ho atleha ho sebelisa lintho tseo motho a ithutileng tsona, ha a se a le maemong a sithabetsang ho ka ’na ha hlokahala hore a qete lihora tse likete a ntse a ikoetlisa.

Ngoana o lokela ho qala ho koetlisoa neng? Na ke bohlale ho emela ho bona hore na ngoana o tla hlōla bothata ba ho ba lehoelea ha a hōla kapa che? Lipalo li bontša hore baneng ba lekholo ba hōlang ba le lehoelea, lea fela ho ba sa feteng 20 ha ba le lilemo tse hlano. Buka ea No Miracle Cures e re: “Ha ngoana a se a le lilemo li tšeletseng, ha ho bonolo hore a ka hlōla bothata boo ntle le hore a thusoe ho ntlafatsa tsela eo a buang ka eona.” Kahoo, buka eo e phaella ka ho re, “bana ba lehoelea ba lokela ho ea ho setsebi se thusang batho ba nang le mathata a puo kapele kamoo ba ka khonang.” Ho bana bao, ba 20 ho ba lekholo ba tla tsoela pele ba le lehoelea le ha ba se ba hōlile, ’me ba ka bang 60 ho isa ho 80 lekholong ba thusoa ke mananeo a thusang batho ba nang le mathata a ho bua. *

Talima Lintho ka Tsela ea Sebele

Robert Quesal eo e leng setsebi se thusang batho ba nang le mathata a puo ’me le eena a le lehoelea, o re ke ho sa utloahaleng hore batho ba bangata ba nang le bothata ba lehoelea ba lebelle hore ba tla bua phollatsi nako ena kaofela. Rafael ea boletsoeng qalong, o ntse a e-na le bothata boo, le hoja a batla a bua phollatsi. O re: “Bothata ba ka bo bonahala haholo ha ke bala kapa ke bua ke le ka pel’a batho kapa ha ke e-na le moroetsana ea motle. Ke ne ke itšoha kaha batho ba ne ba ntšeha. Empa morao tjena ke leka ho ikamohela le ho se inkele holimo haholo. Hona joale ha ke sitoa ho bitsa lentsoe le itseng, kea tšeha ebe ke leka ho phutholoha ’me ke tsoela pele.”

Seo Rafael a se buang se lumellana le mantsoe a Mokhatlo oa Amerika oa Batho ba Lehoelea, a reng “hangata ho hlōla bohoelea ke taba ea ho khaotsa ho tšosoa ke bona ho feta ho leka ka matla ho bo tlohela.”

Batho ba bangata ba nang le bothata bona ha ba bo lumelle hore bo ba sitise bophelong. Ba bang ba bona ba tumme, ho akarelletsa Sir Isaac Newton eo e neng e le setsebi sa fisiks, Winston Churchill eo e neng e le ralipolotiki oa Lebrithani le James Stewart eo e neng e le motšoantšisi oa Leamerika. Ba bang ba ithutile ho etsa lintho tse ling tse sa hlokeng hore ba bue, tse kang ho bapala seletsa, ho taka, kapa ho ithuta puo ea matsoho. Rōna ba seng lehoelea re lokela ho ananela boiteko bo matla bo etsoang ke batho ba lehoelea. Kahoo a re ba khothatseng le ho ba tšehetsa ka hohle kamoo re ka khonang kateng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 7 Le hoja likhopolo tse hlalosang lisosa tsa bohoelea le mekhoa e loketseng ea ho sebetsana le bona li e-na le lintlha tse itseng tse tšoanang, li ka ’na tsa se ke tsa lumellana kamehla. Tsoha! ha e buelle khopolo kapa phekolo ea mofuta o itseng ka ho khetheha.

^ ser. 13 Ka linako tse ling litsebi li ka ’na tsa khothalletsa hore ho sebelisoe mechine e etsang hore motho ea lehoelea a liehe ho utloa seo a se buileng kapa meriana e kokobetsang ho tšoenyeha ha a bua.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 13]

U Ka Thusa Motho Ea Lehoelea Joang?

● Etsa hore a ikutloe a phutholohile ’me u se ke ua mo potlakisa. Bophelo ba kajeno bo potlakileng le bo bakelang batho khatello e ngata bo atisa ho mpefatsa bothata bona.

● Ho e-na le ho bolella motho ea lehoelea hore a bue butle, mo behele mohlala ka hore uena u bue butle. Mo mamele u sa fele pelo. U se ke ua mo kena hanong. U se ke ua qetela seo a se buang. Khefutsa pele u bua.

● Qoba ho mo tšoaea liphoso le ho mo thusa hore na a re’ng. Bontša hore u thahasella seo a se buang, eseng tsela eo a buang ka eona ka hore u mo shebe mahlong ka sefahleho se phutholohileng, se sa bontšeng ho teneha.

● Bohoelea ha ea lokela ho ba taba e nenoang. Ho bososela ka botsoalle le hore ka linako tse ling u bue ka mosa ka bothata boo ho ka etsa hore motho ea lehoelea a phutholohe. U ka ’na ua re: “Hase kamehla ho leng bonolo ho bua seo re batlang ho se bua.”

● Ka holim’a tsohle, mo tiisetse hore ua mo rata.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 14]

“Butle-butle Ke Ile Ka Fokotsa Ho Ba Lehoelea”

Víctor ea qetileng lilemo tse ’maloa a le lehoelea nakong eo a neng a e-na le mathata a mangata a lelapa, o ile a khona ho hlōla bothata boo a sa ea mananeong a thusang batho ba nang le mathata a puo. Kaha ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, o ile a ingolisa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, se tšoaroang beke le beke liphuthehong tsohle. Le hoja sekolo seo se sa rereloa ho thusa batho ba nang le mathata a puo, se thusa liithuti hore li ntlafatse tsela eo li buang ka eona le hore li itšepe.

Ho sebelisoa buka e reng Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Tlas’a sehloohoana se reng “Ho Sebetsana ka Katleho le ho Hoeleketsa,” buka eo e re: “Ke habohlokoa hore a ’ne a tsoele pele ho leka. . . . Haeba u il’o fana ka puo, lokisetsa hantle. Ikakhele ka setotsoana nehelanong ea hao. . . . Ha u qala ho hoeleketsa ha u ntse u bua, leka ka hohle kamoo ho ka khonehang ho kokobetsa lentsoe la hao le mokhoa oa hao. U se ke ua tiisa mesifa ea mohlahare. Sebelisa lipolelo tse khutšoanyane. Fokotsa makhotsa a kang ‘eh’ le ‘mm.’”

Na sekolo see se ile sa thusa Víctor? O re: “Ke ne ke tsepamisa mohopolo ho seo ke neng ke tl’o se bua, eseng tseleng eo ke buang ka eona, hoo ke neng ke lebala hore ke na le bothata. Ke ne ke boetse ke itlhakisa haholo. Butle-butle ke ile ka fokotsa ho ba lehoeleha.”