Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kopana le Merabe e Thahasellisang ea Leralleng la Thailand

Kopana le Merabe e Thahasellisang ea Leralleng la Thailand

Kopana le Merabe e Thahasellisang ea Leralleng la Thailand

Hoa phethesela limmarakeng tsa Chiang Mai. Batho ba ea holimo le tlaase maphepheng a ka thōko ho tsela, ao ho rekisoang thepa e ikhethang ho ’ona. Ka har’a lerata leo, bareki ba kōpa litheolelo. Baeti ba tlileng sebakeng sena se phetheselang se karolong e ka leboea ea Thailand, ba kopana le merabe e thahasellisang ea leralleng la Thailand.

BAAHI ba Thailand ba limilione tse 65 ba akarelletsa merabe e 23 e menyenyane eo ho thoeng ke ea leralleng. Boholo ba merabe eo e lula karolong e ka leboea ea Thailand, e leng sebaka se nang le lithaba, linōka le liphula tse nonneng, tse nammeng ho ea fihla Myanmar le Laos.

Boholo ba merabe ea leralleng ea Thailand e fihlile moo lilemong tse ka tlaase ho tse 200 tse fetileng. Makarene, e leng morabe o moholo ka ho fetisisa ho e tšeletseng e meholo, a ne a tsoa Myanmar. Malahu, Malisu le Maakha a ne a tsoa Yunnan, e leng sehlaba se ka boroa-bophirimela ho Chaena. Mahmong le Mamiene a ne a tsoa Chaena bohareng. *

Ntho e ka sehloohong e entseng hore merabe ena e falle, e ne e baleha lintoa, mathata a kahisano le ho tseka masimo a nonneng. * E ile ea fumana setšabelo se setle karolong e ka leboea ea Thailand, kaha moo ho ne ho le hōle, ho le lithaba ebile ho na le sebaka se seholo se se nang baahi. Thailand e ile ea amohela bajaki bao. Nakoana ka mor’a moo, metse ea merabe e sa tšoaneng ea leralleng e ile ea tlala sebakeng seo, e leng se ileng sa fella ka hore ho be le litso le lipuo tse sa tšoaneng.

Moaparo o Ikhethang le Meetlo e Thahasellisang

Morabe ka mong oa leralleng o ka khetholloa ka moaparo oa oona o ikhethang. Ka mohlala, basali ba Maakha ba roala lituku tse khabisitsoeng ka silevera, tse kang litora tse ntle tse nang le litjellane tse tlanngoeng mafito, mokhabiso le lichelete tsa tšepe. Lintho tse ling tseo ba li roaloang hloohong li shebahala joaloka lihelmete tse entsoeng ka makhekhebu kapa likotoana tsa tšepe, tse khabisitsoeng ka likonopo, lifaha le libolo tse phatsimang. Basali ba Mamiene ba shebahala ba le batle ha ba tenne marikhoe a bona a khabisitsoeng ka tsela e rarahaneng, a ka ’nang a nka lilemo tse hlano ho a qeta. Ba qetella ka ho roala lituku tse ikhethang, ho apara mese e fihlang maqaqailaneng e nang le lik’holloro tse khubelu le linyepa tse bopherese bo isang boputsoeng.

Ha ba khabile ka ho feletseng, basali ba merabe ea leralleng ba kenya mekhabiso ea silevera e benyang le ho phatsima, ho bontša boemo ba bona le hore ke barui ho bashebelli ba nkehileng maikutlo le ho bahlankana ba batlang likharebe. Mekhabiso e meng e fesheneng e ka ’na ea etsoa ka khalase, lehong le khoele e ohliloeng.

Baahi ba bangata ba sehlabeng ba motlotlo ka meetlo ea bona. Ka mohlala, bacha ba Makarene baa itereka ha ba ea mafung, ho feta ha ba ea ketsahalong leha e le efe e ’ngoe. Hobane’ng? Bacha ba bangata ba ea moo ba tšepile hore ba tla fumana balekane ba ka moso. Ka shoalane, bacha bana ba tšoarana ka matsoho e le banana le bashanyana ebe ba pota-pota mofu ba iketlile ’me ba qeta bosiu ba ntse ba bina lipina tsa moetlo tsa lerato.

Bacha ba Mahmong bona ba laetsana papaling e ’ngoe e ikhethang e bapaloang moketeng oa Selemo se Secha. Banana le bashanyana bao e ka ’nang eaba e mong o rata e mong, ba ema ba shebane meleng e qaqolohaneng. Ebe ba kapisana bolo e entsoeng ka masela. Ha e mong a liha bolo eo—ebang ke ka boomo kapa ke ka phoso—o fa e mong nthonyana e itseng e khabisang. Ha e se e le mantsiboea, mong’a mokhabiso a ka boetse a o fumana empa o lokela hore a bine pele. Haeba e le kheleke, a ka ’na a khahla letšoele ’me seo se ka ’na sa mo thusa hore a hape e mong maikutlo.

Ho Sebetsana le Liphetoho

Mehleng ea pejana, merabe e mengata ea leralleng e ne e lema ka ho khethula lifate le ho li chesa, e rema moru o mocha ebe e lema lijalo le ho rua liphoofolo. Mokhoa ona o ile oa senya tikoloho haholo. Empa hona joale merabe eo e sebelisa sebaka ka tsela e nang le boikarabelo, e leng se hlahisang molemo.

Merabe e mengata ea leralleng e lulang sebakeng se akarelletsa likarolo tse ling tsa Thailand, Laos le Myanmar, e ne e lema matekoane. Empa hona joale e lema kofi, meroho, litholoana le lipalesa, ’me sena se entse hore lelapa la boreneng la Thailand le mekhatlo ea machaba ea liphallelo e fane ka lichelete ho tšehetsa mananeo a nkelang temo ea matekoane sebaka. Baahi ba bangata ba sehlabeng ba boetse ba rekisa thepa le ho etsetsa bahahlauli ba ntseng ba eketseha litšebeletso ’me ba ba rekisetsa lintho tsa moetlo tse entsoeng ka matsoho.

Leha ho le joalo, bofutsana, ho hlokeha ha tsamaiso ea likhoerekhoere le ho se tsebe ho bala le ho ngola ho thatafalletsa ba bangata bophelo. Mathata a mang a akarelletsa ho fokotseha ha lirafshoa, ho fetoha ha moetlo, khethollo ea merabe, tšebeliso e mpe ea tahi le lithethefatsi. Baholo-holo ba merabe ea leralleng ba ile ba balehela Thailand ho phema mathata a kang ao. Empa ba ka balehela hokae kajeno?

Setšabelo sa ’Nete

Baahi ba bangata ba sehlabeng ba fumane setšabelo se molemo ho feta tsohle—e leng Jehova Molimo oa ’nete. Ho Pesaleme ea 34:8, Bibele e re: “Latsoang ’me le bone hore Jehova o molemo; ho thaba monna ea shahlileng ea tšabelang ho eena.” Jawlay oa morabe oa Malahu, o re: “Ha ke le lilemo li 19, ke ne ke se ke nyetse ’me ke le letahoa ke bile ke lemaletse lithethefatsi. Ke ne ke sa khone ho sebetsa ka ntle ho lithethefatsi, ’me ha ke sa sebetse ke sa be le chelete. Mosali oa ka, Anothai, o ne a ikutloa a lahliloe kherehloa. Re ne re lula re ngangisana.

“Ka mor’a hore morali oa rōna, Suphawadee, a hlahe, Anothai o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Ke ne ke mathela ka morung nako le nako ha Lipaki li tla lapeng la rōna. Empa ka mor’a nakoana, boitšoaro ba mosali oa ka bo ile ba qala ho ntlafala. O ne a mpuisa ka tsela e nang le tlhompho a bile a hlokomela lelapa hantle. Kahoo ke ile ka lumela ha a nkhothalletsa hore ke ithute Bibele.

“Ke ile ka ’na ka hatela pele butle-butle, ha lithuto tsa Bibele li nkama pelo. Qetellong, ka thuso ea Molimo, ke ile ka hlōla mekhoa eo ke neng ke e lemaletse. Hona joale ba lelapa la ka ba thabile, kaha re fumane tsela e molemo ka ho fetisisa bophelong! Re boetse re thabela ho bolella batho ba merabe ea leralleng lithuto tse molemo tsa Bibele.”

Mantsoe a Jawlay a re hopotsa boprofeta bo ka Bibeleng bukeng ea Tšenolo, bo reng matsatsing a ho qetela a lefatše lena le khopo, “litaba tse molemo tse sa feleng” li tla boleloa “ho sechaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng le batho ba bang le ba bang.” (Tšenolo 14:6) Lipaki Tsa Jehova li nka e le tokelo ho kopanela mosebetsing oo, o tiisang hore Molimo o rata batho bohle, ho akarelletsa merabe e thahasellisang ea leralleng la Thailand.—Johanne 3:16.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 4 Merabe ena e ka ’na eaba e bitsoa ka litsela tse ’maloa. Ka mohlala, linaheng tse ling, Mamiene a bitsoa Malu Miene, Mamiane, Mayao, Madao, Mazao, kapa Mamane.

^ ser. 5 Boholo ba batho ba merabe ea leralleng bo ntse bo lula Chaena, hammoho le Vietnam, Laos le Myanmar. Morao tjena, batho ba bang ba bangata ba merabe ea leralleng ba jakile Australia, Fora, United States le linaheng tse ling.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 16]

NA LITERATA TSE THATELOANG MOLALENG LIA O SAROLLA?

Basali ba bangata ba Makayane ba etsa boiteko bo khethehileng ba ho ikhabisa, ka hore ba ithatele molaleng ka literata tse phatsimang tsa brase, tse bolelele ba lisenthimithara tse ka bang 38. * Banana ba qala ho ithatela ka tsona ha ba le lilemo li hlano. Ka mor’a lilengoana tse seng kae, lia ntšoa ebe ho kenngoa tse ling tse teletsana, tse boima ho feta tsa pele ho fihlela ha e se e le batho ba baholo, li thateloa ka makhetlo a ka bang 25, ’me li le boima ba lik’hilograma tse ka bang 13! Literata tseo ha li sarolle melala joalokaha e shebahala. Ho e-na le hoo, literata tseo li sutumelletsa lesapo la molala tlaase ’me li hatella likhōpo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 25 Makayane a tlile Thailand a tsoa Myanmar, moo a ka bang 50 000 a ntseng a phela teng. Moo a bitsoa Padaung e bolelang “Melala e Melelele.”

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Hilltribe Museum, Chiang Mai

[Lebokose le leqepheng la 17]

LITŠŌMO TSA MOROALLO O MOHOLO

Malisu le Mahmong a na le litšōmo tse buang ka moroallo o moholo. Tšomong e ’ngoe ea Mahmong, ho thoe “Morena oa Sepakapaka” o ile a lemosa bara ba babeli ba motho hore haufinyane moroallo o tla aparela lefatše. Eaba o laela mora e moholo ea mabifi hore a hahe sekepe sa tšepe ’me a re e monyenyane ea bonolo a hahe sekepe sa lehong. A ntan’o re mora e monyenyane a kene ka sekepeng le khaitseli ea hae hammoho le phoofolo e tona le e tšehali mofuteng ka mong le lipeō tse peli tsa semela ka seng.

Ha moroallo o fihla, sekepe sa tšepe se ile sa teba, empa sa lehong sa phaphamala. Eaba drakone e bōpehileng joaloka mookoli e omisa lefatše. Qetellong, mora e monyenyane a nyala khaitseli’e ’me bana ba bona ba boela ba tlatsa lefatše ka baahi. Hlokomela ho tšoana ho teng pakeng tsa tšōmo ena le tlaleho e hlakileng e ka Bibeleng e Halalelang, ho Genese khaolo ea 6 ho ea ho ea 10.

[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]

Basali ba merabe ea leralleng ba khabile ka se hahabo bona

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Hilltribe Museum, Chiang Mai

[Litšoantšo tse leqepheng la 17]

Jawlay le ba lelapa la hae

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 15]

Both pictures: Hilltribe Museum, Chiang Mai