Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Matlafatsa Boikemisetso ba Hao

Matlafatsa Boikemisetso ba Hao

Matlafatsa Boikemisetso ba Hao

“Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa e khethollang batho ba atlehang ho khaotsa ho tsuba ke boikemisetso bo matla.”—“Stop Smoking Now!”

KA MANTSOE a mang, haeba u batla ho khaotsa ho tsuba, bonyane u lokela ho ba le boikemisetso bo matla. U ka matlafatsa boikemisetso ba hao joang? Har’a tse ling, nahana kamoo ho khaotsa ho tsuba ho ka u tsoelang molemo kateng.

U tla baballa chelete. Ho tsuba pakete e le ’ngoe ka letsatsi ho ka u senyetsa liranta tse likete tse mashome ka selemo. “Ke ne ke sa hlokomele kamoo koae e ntšenyetsang chelete kateng.”—Gyanu oa Nepal.

U tla thabela bophelo haholoanyane. “Ke qalile ho thabela bophelo ka mor’a hore ke khaotse ho tsuba, ’me bo ntse bo ntlafala ho ea pele.” (Regina oa Afrika Boroa) Ha batho ba khaotsa ho tsuba, matla a bona a tatso le a ho fofonela aa ntlafala, ’me ba atisa ho ba sehlahlo le ho shebahala hantle.

Ho ka ’na ha u thusa hore u phele hantle ’meleng. “Ho khaotsa ho tsuba ho ntlafatsa bophelo ba banna le basali ba lilemo tsohle le hona kapele.”—Litsi Tsa Taolo le Thibelo ea Mafu Tsa United States.

U tla itšepa haholoanyane. “Ke khaolitse ho tsuba kaha ke ne ke sa batle ho laoloa ke koae. Ke ne ke batla ho laola ’mele oa ka.”—Henning oa Denmark.

Ba lelapa le metsoalle ba tla rua molemo. “Ho tsuba . . . ho senya bophelo ba batho ba haufi le uena. . . . Liphuputso li bontšitse hore mosi o hengoang ke batho ba sa tsubeng o bolaea ba likete selemo ka seng ka lebaka la kankere ea matšoafo le lefu la pelo.”—Mokhatlo oa Amerika oa Kankere.

U tla khahlisa ’Mōpi oa hao. “Baratuoa, a re itlhatsoeng litšila tsohle tsa nama.” (2 Bakorinthe 7:1) “Le hlahise ’mele ea lōna e le sehlabelo . . . se halalelang, se amohelehang ho Molimo.”—Baroma 12:1.

“Hang ha ke utloisisa hore Molimo ha a rate lintho tse silafatsang ’mele, ke ile ka etsa qeto ea ho khaotsa ho tsuba.”—Sylvia oa Spain.

Leha ho le joalo, hangata ho ba le boikemisetso feela ha hoa lekana. Ho ka ’na ha hlokahala hore re kōpe ba bang hore ba re thuse, ho akarelletsa ba lelapa le metsoalle. Ba ka re thusa joang?