Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Nka Etsa’ng Hore ke Itšepe Haholoanyane?

Nka Etsa’ng Hore ke Itšepe Haholoanyane?

Bacha Baa Botsa

Nka Etsa’ng Hore ke Itšepe Haholoanyane?

E CHE

Ha u icheba ka seiponeng, ◯ ◯

na u rata tsela eo u shebahalang ka eona?

Na u nahana hore u na ◯ ◯

le makhabane a itseng?

Na u khona ho mamella khatello ea lithaka? ◯ ◯

Na u khona ho mamella ha batho ◯ ◯

ba u nyatsa ka tšoanelo?

Na u khona ho mamella lintho tse ◯ ◯

mpe tseo ba bang li buang ka uena?

Na u ikutloa eka ua ratoa? ◯ ◯

Na u itlhokomela ’meleng? ◯ ◯

Na u thabela ho bona ba bang ba atleha? ◯ ◯

Na u inka u le motho ea atlehileng? ◯ ◯

Haeba u arabetse ka che, lipotsong tse ’maloa ho tsena tse ka holimo, e ka ’na eaba ho ikhalala ho entse hore u se ke ua hlokomela bokhoni ba hao. Sehlooho sena se tla u thusa hore u bo hlokomele!

BACHA ba bangata ba ikutloa ba sa kholiseha ka ponahalo ea bona le bokhoni ba bona le ka hore na ba tšoana le ba bang. Na le uena u ikutloa joalo? Haeba ho joalo, hase uena feela ea ikutloang ka tsela eo!

“Mefokolo ea ka ea ’nyahamisa. Ke lula ke itšoaea liphoso nako ena kaofela.”—Leticia. *

“Ho sa tsotellehe hore na u motle hakae, u tla lula u kopana le ba bang ba batle ho u feta.”—Haley.

“Ho hang ha ke phutholohe ha ke e-na le bacha ba bang. Ke tšaba hore ba tla nka hore ha ke motho oa bohlokoa.”—Rachel.

Haeba u ikutloa joaloka bacha bana ba qotsitsoeng ka holimo, u se ke ua nyahama. U ka fumana thuso. Nahana ka lintlha tse tharo tse tla u thusa hore u itšepe haholoanyane le hore u be le maikutlo a matle ka uena.

1. Etsa Metsoalle

Lengolo la sehlooho. “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.”—Liproverbia 17:17.

Seo le se bolelang. Motsoalle oa sebele a ka u thusa haholo nakong ea tlokotsi. (1 Samuele 18:1; 19:2) Esita le ho nahana feela hore ho na le motho ea u tsotellang ho ka u tsosa molota. (1 Bakorinthe 16:17, 18) Kahoo, atamela haufi le batho ba nang le tšusumetso e ntle ho uena.

“Metsoalle ea sebele e ke ke ea u tlohela hore u lule u nyahame.”—Donnell.

“Ka linako tse ling, ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke ho tseba hore ho na le motho ea u tsotellang e le kannete. Seo se ka etsa hore u ikutloe u le motho ua bohlokoa.”—Heather.

Temoso: Etsa bonnete ba hore metsoalle ea hao e u thusa hore u be seo u hlileng u leng sona—eseng hore feela u amohelehe ho eona. (Liproverbia 13:20; 18:24; 1 Bakorinthe 15:33) Ho etsa liketso tse mpe e le hore feela u khahlise ba bang ho tla etsa hore u ikutloe u tlotlolotsoe ebile u qhekeletsoe.—Baroma 6:21.

Ke nako ea hao. Ka tlaase mona, ngola lebitso la motsoalle ea ka u thusang hore u itšepe haholoanyane.

․․․․․

U khothalletsoa ho etsa litokisetso tsa hore u qete nako e itseng u e-na le motho eo. (Tlhokomeliso: Hase hore e tlameha ebe thaka ea hao.)

2. Thusa ba Bang

Lengolo la sehlooho. “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.”—Liketso 20:35.

Seo le se bolelang. Ha u thusa batho ba bang, le uena ua ithusa. Joang? Maele a Bibele a re: “Ea tsebang ho fana o tla nona; ea nosetsang o tla nosetsoa le eena.” (Liproverbia 11:25, Bibele ea Sesotho) Ke ’nete e ke keng ea latoloa hore ha u thusa batho ba bang, le uena u ikutloa u le motho oa bohlokoa! *

“Ke nahana ka seo nka se etsetsang ba bang ’me ke leka ho thusa ba bang ka phuthehong ea heso. Ho rata ba bang le ho qeta nako ke e-na le bona hoa ntlhasimolla.”—Breanna.

“Tšebeletso ea Bokreste ea thabisa kaha e u susumelletsa ho se amehe ka uena haholo empa ho ameha ka batho ba bang.”—Javon.

Temoso: U se ke ua thusa batho ba bang hobane feela u batla hore ba tle ba u buseletse. (Matheu 6:2-4) Ho fana ka sepheo se sebe ho ke ke ha u thusa ka letho. Hangata batho ba tla hlokomela ha u etsa lintho ka sepheo se sebe!—1 Bathesalonika 2:5, 6.

Ke nako ea hao. Nahana ka motho eo u ileng ua mo thusa nakong e fetileng. Motho eo ke mang, hona u ile ua mo etsetsa eng?

․․․․․

U ile ua ikutloa joang ka mor’a moo?

․․․․․

Nahana ka motho e mong hape eo u ka mo thusang ’me u ngole hore na u ka mo thusa joang.

․․․․․

3. U se ke Ua Tela ha U Etsa Liphoso

Lengolo la sehlooho. “Bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo.”—Baroma 3:23.

Seo le se bolelang. Ke ’nete hore ha ua phethahala. Sena se bolela hore ka linako tse ling u tla bua esita le ho etsa lintho tse fosahetseng. (Baroma 7:21-23; Jakobo 3:2) Le hoja u ke ke ua qoba ho etsa liphoso, u ka laola tsela eo u itšoarang ka eona ha u li entse. Bibele e re: “Ea lokileng a ka ’na a oa esita le ka makhetlo a supileng, ’me ka sebele o tla ema.”—Liproverbia 24:16.

“Ha re bapisa mefokolo ea rōna le bokhoni ba motho e mong, ka linako tse ling seo se etsa hore re se ke ra itšepa.”—Kevin.

“Motho e mong le e mong o na le makhabane le mefokolo. Re lokela ho ba motlotlo ka makhabane a rōna ’me re ntlafatse moo re fokolang teng.”—Lauren.

Temoso: U se ke ua sebelisa ho se phethahale e le lebaka la ho itloaetsa ho etsa sebe. (Bagalata 5:13) Ho etsa phoso ka boomo ho tla etsa hore u lahleheloe ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa—e leng kamano e ntle le Jehova Molimo!—Baroma 1:24, 28.

Ke nako ea hao. Ka tlaase mona, ngola tšobotsi eo u ka ratang ho e ntlafatsa.

․․․․․

Ngola letsatsi la kajeno pel’a tšobotsi eo u e ngotseng. Etsa lipatlisiso mabapi le hore na u ka e ntlafatsa joang ’me ka mor’a khoeli u hlahlobe hore na u hatetse pele hakae.

Ruri Ua Bohlokoa

Bibele e re: “Molimo o moholo ho lipelo tsa rōna.” (1 Johanne 3:20) Sena se bolela hore a ka bona kamoo u leng oa bohlokoa kateng esita le haeba uena u sa hlokomele. Empa na mefokolo ea hao e fetola seo? Nka hore u na le R100 ea pampiri empa e tabohile ho se hokae. Na u ne u tla e lahla kapa u bone e se ea bohlokoa hobane feela ho na le moo e tabohileng teng? Che! E ntse e le R100—ebang e tabohile kapa ha ea taboha.

Hoa tšoana le kamoo Molimo a u talimang u le oa bohlokoa kateng. O hlokomela boiteko boo u bo etsang ba ho mo khahlisa ebile oa bo ananela, ho sa tsotellehe hore na uena u nka bo fokola hakae! Ka sebele, Bibele e re tiisetsa hore “Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae.”—Baheberu 6:10.

Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 15 Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.

^ ser. 30 Haeba u e mong oa Lipaki Tsa Jehova, nahana kamoo u tla thaba kateng ha u bolella batho ba bang molaetsa oa ’Muso.—Esaia 52:7.

SEO U KA NAHANANG KA SONA

U tla etsa’ng ha u ikutloa u nyahame hobane

● Lithaka tsa hao li u nyatsa?

● U ikutloa eka ha u tšoane le ba bang?

● U bona mefokolo ea hao feela?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 27]

“Motho a ka ba motle haholo empa a ’na a ikutloa eka o mobe. Kapa motho a ka ’na a se ke a ba motle hakaalo empa a inka hore o motle ho feta batho kaofela. Ke taba feela ea hore na o ikutloa joang.”—Alyssa

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 27]

SEO BACHA BA BANG BA SE BUANG

“Esita le mohaho o matla ka ho fetisisa o lokela ho hlokomeloa ’me ka linako tse ling o be o lokisoe. Hangata ke ne ke khothatsoa ke mantsoe a lerato a motsoalle esita le ha a bososela feela kapa a nkopa ka matsoho.”

“Ho e-na le ho honohela ba bang ka makhabane ao ba nang le ’ona, re ka rua molemo ho ’ona—feela joalokaha le bona ba ka rua molemo ho a rōna.”

[Litšoantšo]

Aubrey

Lauren

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Boleng ba chelete ha bo theohe hobane feela e tabohile. Ka ho tšoanang, tsela eo u leng oa bohlokoa ka eona mahlong a Molimo ha e fetoloe ke ho se phethahale.