Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Se ka Tšohloang Ke Lelapa

Se ka Tšohloang Ke Lelapa

Se ka Tšohloang Ke Lelapa

Na e Bile Qeto e Molemo?

Balang Mareka 14:66-72. Joale shebang setšoantšo sena, ebe le ngola likarabo meleng e ka tlaase.

1. Ketsahalo e setšoantšong see e etsahetse hokae?

NTLHA E THUSANG: Balang Mareka 14:53, 54.

․․․․․

2. Petrose o ile a etsa qeto efe, ha batho ba ne ba mo tsebahatsa e le molateli oa Jesu?

․․․․․

3. Ho ile ha etsahala’ng ha mokōkō o qeta ho lla ka lekhetlo la bobeli?

․․․․․

SE KA TŠOHLOANG:

U nahana hore ke hobane’ng ha Petrose a ile a etsa seo a ileng a se etsa? U ka qoba joang ho etsa phoso e tšoanang?

LE TSEBA’NG KA MORENA JOSAFATE?

4. Josafate o ile a ntlafatsa tsamaiso ea boahloli joang Juda?

NTLHA E THUSANG: Balang 2 Likronike 19:5-11.

․․․․․

5. Josafate o ile a etsa phoso efe?

NTLHA E THUSANG: Balang 2 Likronike 18:1-3; 19:1-3.

․․․․․

SE KA TŠOHLOANG:

U ka ithuta eng mohlaleng oa Josafate ha u khetha metsoalle?

NTLHA E THUSANG: Balang 1 Bakorinthe 15:33.

BANA BATLANG LITŠOANTŠO

Na le ka fumana litšoantšo tsee makasineng ee? Hlalosang ka mantsoe a lōna se etsahalang setšoantšong ka seng.

TSE HLAHANG MAKASINENG ENA

Arabang lipotso tsena, le be le fane ka temana kapa litemana tsa Bibele tse sa tlatsoang.

LEQEPHE 4 Re lokela ho itlhatsoa eng? 2 Bakorinthe 7:․․․

LEQEPHE 5 Batho ba babeli ba leng hammoho ba ka etsa eng? Moeklesia 4:․․․

LEQEPHE 19 Batho ba bohlale ha ba behe tšepo ea bona hokae? 1 Timothea 6:․․․

LEQEPHE 27 U tla thaba haholoanyane ha u etsa eng? Liketso 20:․․․

● Likarabo li leqepheng la 24

Likarabo Bakeng Sa Leqephe La 31

1. Lebaleng la ntlo ea moprista ea phahameng.

2. Petrose o ile a etsa qeto ea ho latola hore o tseba Jesu.

3. Petrose o ile a lla.

4. Josafate o ile a beha baahloli ba tšabang Molimo metseng le Balevi le baprista Jerusalema.

5. O ile a etsa selekane le Morena Akabe ea khopo.