Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Thabela Lebala la Hao la Letlalo

Thabela Lebala la Hao la Letlalo

Thabela Lebala la Hao la Letlalo

● Batho ba bang ba Afrika, Asia Boroa, Caribbean le Bochabela bo Hare ba amahanya batho ba lebala le khanyang le katleho le ho ba fesheneng. Ka lebaka lena, banna le basali ba bangata libakeng tseo ba sebelisa litlolo tse soeufatsang letlalo—empa ka linako tse ling seo se ba ntša kotsi.

Litlolo tse ling tse soeufatsang letlalo li na le hydroquinone, e leng sesoeufatsi se khinang tlhahiso ea melanin, e leng ho fokolisang matla a letlalo a ho itšireletsa mahlaseling a kotsi. Hydroquinone e kena letlalong ’me e ka ’na ea senya lisele ka tsela e ke keng ea lokisoa. Seo se etsa hore motho a tsofale ka pele. K’hemik’hale eo e ka boetse ea baka kankere. Litlolo tse ling li na le mercury, eo le eona e leng kotsi.

Ho feta moo, ho sebelisa litlolo tseo ka nako e telele ho ka ntša motho makhopho a tšabehang, mabali ’me ha fokolisa letlalo hoo le ke keng la rokoa haeba motho a sehiloe. ’Me haeba lik’hemik’hale tse litlolong tsena li kena maling, li ka senya sebete, liphio kapa boko—esita le litho tse ling.

Ho makatsang ke hore le hoja batho ba bang ba lebala le letšo ba batla ho ba basoeu, batho ba bangata ba lebala le khanyang ba leka ka matla hore ba be lefifi. Ke ’nete hore ho qeta nako e itseng motho a le letsatsing ho ka mo tsoela molemo. Ka mohlala, ho ka mo thusa hore a hlahise vithamine D. Empa ho qeta nako e ngata a le letsatsing, haholo-holo ha letsatsi le tsoile, ho ka ba kotsi. Ha letlalo le fifatsoa ke ho chesoa ke letsatsi, ha e le hantle seo se bontša hore le se le ntse le senyehile ’me le leka ho itšireletsa mahlaseling a mang a kotsi. Empa ha le khone ho itšireletsa ka ho feletseng. Ka mohlala, ha letlalo la motho ea lebala le khanyang le fifatsoa ke ho ba letsatsing, le fana ka tšireletso e ka tlaase ho tekanyo ea ’nè ea matla a sireletsang letlalo letsatsing. Le hoja ho sebelisa litlolo tse sireletsang letlalo letsatsing ho ka ’na ha thusa, ha ho sireletse letlalo ka ho feletseng le hona ho thibela mefuta e itseng ea kankere, ho akarelletsa melanoma.

Kahoo, Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o khothalletsa hore “ho fanoe ka molaetsa o matla oa hore motho e mong le e mong o lokela ho thabela lebala la hae la letlalo,” e leng “mohato oa bohlokoa o thusang batho hore ba itšireletse tšenyong e ka bakoang ke letsatsi.” Empa ba hlalefileng e le kannete ba amehile haholo ka seo Bibele e se bitsang “motho ea ka sephiring oa pelo,” eo ho fapana le letlalo le tsofalang, a ka ntlafalang ha nako e ntse e ea.—1 Petrose 3:3, 4; Liproverbia 16:31.