Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tsa Mona le Mane

Tsa Mona le Mane

Tsa Mona le Mane

Mopapa Benedict XVI o ile a re lengolong leo a neng a le ngoletse babishopo bohle ba K’hatholoke: “Ho hlokahala ka tieo hore ho etsoe liphetoho Mokhatlong oa Machaba a Kopaneng, hammoho le mekhatlong ea moruo le tsamaisong ea machaba ea lichelete, e le hore taba ena ea hore lichaba li ikopantse e tiee.”—L’OSSERVATORE ROMANO; mongolo o tšekaletseng ke oa bona.

“Motho a le mong ho ba bararo Ukraine o tsuba hoo e ka bang pakete ea lisakarete ka letsatsi.”—EXPRESS, UKRAINE.

Bashanyana ba 44 ho ba lekholo, United States, bao ho buisanoeng le bona ba boletse hore “bonyane ba bone setšoantšo se le seng sa ngoanana eo ba kenang le eena ka tlelaseng a hlobotse, Inthaneteng kapa selefounong.”—TIME, U.S.A.

“Li Hloele Mekoalaba”

Associated Press e re lintoa, komello, ho se tsitse ha maemo a lipolotiki, theko e phahameng ea lijo le bofutsana “li hloele mekoalaba.” Hona joale batho ba lapang lefatšeng ba feta bilione. Josette Sheeran oa Lenaneo la Lefatše la Lijo la Machaba a Kopaneng o re, “sechaba se lapileng se kotsi haholo. . . . Ha batho ba se na lijo, ho na le lintho tse tharo feela tseo ba ka li etsang: Ba ka etsa merusu, ba falla kapa ba shoa. Ha ho le e ’ngoe ea tsona e amohelehang.” Ho feta moo, palo ea batho ba lapang e eketseha ka sekhahla ho feta ea baahi ba lefatše. Esita le linaheng tse tsoetseng pele, palo ea batho ba haelloang ke phepo e ntle e eketsehile ka karolo ea 15,4 lekholong.

Ho Bala Pele Motho a Robala ho Molemo

Ha batsoali ba balla bana pele ba robala, hase feela ho ba koieetsa. Bafuputsi ba re seo se ntlafatsa bokhoni ba bana ba puo, se ba ruta ho tšoara ha ba ntse ba phetla maqephe ’me se ba chorisa likelello. Koranta ea The Guardian e re: “Empa habohlokoa le ho feta ke hore . . . ho balla holimo ho etsa hore motsoali le ngoana ba qete nako ba arolelana maikutlo. Sena se ba susumelletsa hore ba rate ho bala.” ’Me ho ea ka Moprofesa Barry Zuckerman, ea neng a eteletse phuputso eo pele, “qetellong bana ba ithuta ho rata libuka kaha ba li bala le motho eo ba mo ratang.”

Likhomo Tse Khotsofetseng, Lia Sisa

Bo-rasaense ba Univesithing ea Newcastle, Engelane, ba re: “Khomo e rehiloeng lebitso e sisa ho feta khomo e se nang lona. Ha e le hantle, ho tšoara likhomo ka bo-mong ho ka eketsa lebese la tsona ka hoo e ka bang lilithara tse 250 ka selemo. Hobane’ng? Dr. Catherine Douglas oa univesithi ea Temo, Lijo le Ntlafatso ea Mahae o re: “Feela joalokaha batho ba arabela hantle ha ba angoa, likhomo le tsona lia thaba le ho phutholoha ha li bontšoa ka bo-mong hore lia ratoa.” O re: “Seo phuputso ea rōna e se bontšitseng ke seo e leng khale lihoai tse ngata tse hlomphehang le tse tsotellang li se lumela. Ka ho bontša khomo hore ke ea bohlokoa, mohlomong ka ho e bitsa ka lebitso kapa ka ho e tsoakanya le tse ling, re ka e thusa ho atleha le ho talima batho ka tsela e fapaneng ’me ra etsa hore e sise.”