Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U ka Atamela Haufi le Molimo Joang?

U ka Atamela Haufi le Molimo Joang?

U ka Atamela Haufi le Molimo Joang?

Bibele e re: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.” (Jakobo 4:8) Na u lumela hore batho ba ka ba le kamano e haufi le e mofuthu le ’Mōpi? Pele u araba potso eo, u lokela ho fumana likarabo tse nepahetseng lipotsong tsa bohlokoa le ho feta. Ka mohlala:

Na Molimo o teng?

Haeba o teng, na o kile a buisana le batho? Joang?

Na Bibele ke bopaki ba hore o kile a buisana le bona? Re ka tseba see joang?

Tsena e ka ’na eaba ke lipotso tsa bohlokoa ka ho fetisisa tseo re ka li botsang, ’me li tla tšohloa puong ea phatlalatsa e nang le sehlooho se reng “U ka Atamela Haufi le Molimo Joang?” E tla fanoa Likopanong Tsa Setereke tsa Lipaki Tsa Jehova tsa “Lulang le le Haufi le Jehova!” tse tla tšoaroa lefatšeng lohle ’me Afrika Boroa teng li tla qala ka August.

U mengoa ka mofuthu hore u be teng kopanong e tla tšoareloa sebakeng se haufi le uena. Ho fumana lintlha tse tobileng, ikopanye le Lipaki Tsa Jehova sebakeng sa heno kapa u ngolle bahatisi ba makasine ena.