Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U ka Atleha!

U ka Atleha!

U ka Atleha!

NAKO e fihlile ea hore u be “sebete ’me u nke bohato.” (1 Likronike 28:10) Ke mehato efe ea ho qetela eo u ka e latelang e le hore u eketse monyetla oa hore u atlehe?

Ipehele letsatsi. Lefapha la Bophelo le Litšebeletso Tsa Sechaba, United States, le khothalletsa hore ha u se u entse qeto ea ho khaotsa ho tsuba, u behe letsatsi ’me u etse bonnete ba hore ha ho fete libeke tse peli u ntse u tsuba. Ka tsela eo, u tla lula u e-na le boikemisetso bo matla. Tšoaea letsatsi leo k’halendareng, le bolelle metsoalle ’me u le khomarele esita le haeba maemo a hao a ka fetoha.

Ngola karete e tla u hopotsa. E ka ’na ea e-ba le boitsebiso bo latelang hammoho le bo bong bo ka ’nang ba matlafatsa boikemisetso ba hao:

● Mabaka ao u khaotsang ho tsuba ka ’ona

● Linomoro tsa batho bao u ka ba founelang ha u utloa eka u ka ’na ua inehela

● Lintho tseo u ka nahanang ka tsona—mohlomong ho akarelletsa litemana tsa Bibele tse kang Bagalata 5:22, 23—tse tla u thusa ho finyella sepheo sa hao

Lula u e-na le karete ena ’me u e bale ka makhetlo a ’maloa ka letsatsi. Esita le ka mor’a hore u khaotse ho tsuba, u ’ne u hlahlobe karete ena nako le nako ha u tleloa ka takatso ea ho tsuba.

Fetola tsela eo u tloaetseng ho etsa lintho ka eona. Pele letsatsi leo u khaotsang ho tsuba ka lona le fihla, qala ho fetola mekhoa leha e le efe e amanang le ho tsuba. Ka mohlala, haeba u tsuba hang-hang ha u tsoha hoseng, ema hoo e ka bang hora pele u tsuba. Haeba u tsuba ha u e-ja kapa hang ka mor’a lijo, etsa se fapaneng. Qoba ho ea libakeng tseo ho nang le batho ba tsubang. Ha u le mong, itloaetse ho re ka lentsoe le phahameng: “Kea leboha. Ha ke sa tsuba.” Mehato e kang ena e tla u thusa hore u itokiselletse letsatsi leo u khaotsang ho tsuba ka lona. E tla boela e u hopotse hore haufinyane u tla ba motho ea khaolitseng ho tsuba.

Itokisetse. Ha letsatsi leo u le behileng le atamela, reka lintho tse jeoang tseo u tla li sebelisa, tse kang: lihoete, lichepisi, linate le tse ling. Hopotsa metsoalle le ba lelapa ka letsatsi leo le kamoo ba ka u tšehetsang kateng. Pele le fihla, lahla literei tsa molora, lintho tse hotetsang koae le lintho leha e le life tse ka u hohelang—tse joaloka lisakerete tse oetseng ka tlung, ka koloing le moo u sebeletsang teng. Ha e le hantle, ho thata ho kōpa motsoalle hore a u fe sakerete kapa ho reka pakete ho feta ho nka e ka laeng! Hape, tsoela pele u rapella tšehetso ea Molimo, haholo ka mor’a hore u tsube ea ho qetela.—Luka 11:13.

Batho ba bangata ba “khaohane” le motsoalle eo oa bona oa bohata le ea sehlōhō, e leng koae. Le uena u ka atleha. U ka lebella ho phela hantle ’meleng le ho ikutloa u lokolohile haholoanyane.

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Lula u e-na le karete e tla u hopotsa ’me u e bale ka makhetlo a ’maloa ka letsatsi