Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Leqephe la Bobeli

Leqephe la Bobeli

Leqephe la Bobeli

Ho Hōlisa Bana ba Nang le Boikarabelo

E ka ’na eaba batsoali ha ba nahane ka seo ha ba shebile lesea la bona le letle le sa tsoa tsoaloa. Empa ’nete ke hore: Qetellong, leseanyana leo le tla hōla ’me e be motho e moholo ea ikemetseng. Ke kamoo lintho li lokelang ho ba kateng, etsoe Bibele e re ‘monna o tla siea ntat’ae le ’m’ae.’ (Genese 2:24) Ho hlakile hore ho ka boleloa se tšoanang le ka mosali.

Leha ho le joalo, ha letsatsi le thabisang empa le boetse le le bohloko la hore mora kapa morali ea seng a hōlile a tlohe lapeng le fihla, batsoali ba bangata baa tšoenyeha. Baa ipotsa, ‘Na ke hōlisitse ngoana oa ka ka tsela e loketseng?’ ‘Na o tla khona ho tšoarella mosebetsing, ho hlokomela ntlo le ho phela ka chelete eo a nang le eona?’ Ka holim’a tsohle, ‘Na ngoana oa rōna o tla phela tumellanong le melao ea boitšoaro eo re lekileng ho mo ruta eona?’—Liproverbia 22:6; 2 Timothea 3:15.

Makasine ena e khethehileng ea Tsoha! e tla bontša kamoo keletso ea Bibele e ka thusang batsoali mohatong ka mong oa khōlo ea ngoana.