“Mochine o Matla ka ho Fetisisa Bokahohleng o Khonang ho Ithuta”
“Mochine o Matla ka ho Fetisisa Bokahohleng o Khonang ho Ithuta”
BOKO ba ngoana bo ’nile ba bitsoa “mochine o matla ka ho fetisisa bokahohleng o khonang ho ithuta,” ’me e le ka lebaka le utloahalang. Lesea le tsoaloa le loketse ho bona, ho utloa le ho lemoha lintho tse le potolohileng.
Ho phaella moo, lesea le thahasella batho ba bang—lifahleho tsa bona, mantsoe a bona le ho sikoa. Buka ea Babyhood, e ngotsoeng ke Penelope Leach, e re: “Ho entsoe liphuputso tse ngata tsa lintho tseo masea a thahasellang ho li bona, melumo e a khahlang e bileng e hapang thahasello ea ’ona ka nako e telele le lintho tseo ho hlakileng hore a rata ho lula a li etsa. Lesea le ka lula le fumana lintho tsena tsohle habonolo ho motho e moholo ea le hlokomelang.” Ha ho makatse hore ebe batsoali ba phetha karolo ea bohlokoa hakana khōlong ea ngoana!
“Ke ne ke Bua Joaloka Lesea”
Batsoali le lingaka tsa bana, ba hlolloa ke tsela eo lesea le sa tsoa tsoaloa le ithutang puo ka eona ka hore feela le e mamele. Bafuputsi ba fumane hore ka mor’a matsatsi a seng makae feela le qeta ho tsoaloa, lesea le tloaela lentsoe la ’m’a lona ’me le batla ho utloa lona feela ho e-na le la motho eo le sa mo tsebeng; ’me ka mor’a libeke, le khona ho utloa phapang pakeng tsa molumo oa puo eo batsoali ba lona ba e buang le oa lipuo tse ling; ’me ka mor’a likhoeli le khona ho utloa ha motho a bua ka tsela e tloaelehileng le ka tsela ea papali.
1 Bakorinthe 13:11, Modern King James Version) Lesea le bua joang? Ka tloaelo le bua lintho tse ngata tse sa hlakang. Na le etsa lerata feela le sa reng letho? Che! Bukeng ea hae e reng What’s Going On in There?—How the Brain and Mind Develop in the First Five Years of Life, Dr. Lise Eliot o re hopotsa hore ho bua ke “tšebetso e rarahaneng, e hlokang hore ka potlako ho hokahanngoe mesifa e mengata e laolang lipounama, leleme, mahalapa esita le qoqotho.” O phaella ka ho re: “Le hoja ho bua ha lesea lintho tse sa hlakang ho bonahala eka ke tsela eo le batlang ho eloa hloko ka eona, seo se boetse se le koetlisetsa karolo e rarahaneng haholo ea ho hokahana ha mesifa ha le bua.”
Moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a ngola a re: “Ha ke ne ke le lesea, ke ne ke bua joaloka lesea.” (Ha lesea le bua, batsoali ba arabela ka ho le buisa ka tsela ea papali ’me sena le sona se phetha karolo ea bohlokoa. Puo ea papali e susumeletsa lesea hore le arabele. Puisano e joalo e thusa lesea hore le ithute mekhoa ea puisano—e leng bokhoni boo le tla bo sebelisa bophelong bohle ba lona.
Karolo eo Batsoali ba e Phethang ea Fetoha
Batsoali ba lesea ba lula ba phathahane ka ho hlokomela litlhoko tsa lona tsa letsatsi le letsatsi. Ha lesea le lla, ho na le ea le fang lijo. Ha lesea le lla, ho na le ea le chenchang leleiri. Ha lesea le lla, ho na le ea le sikang. Ho loketse ebile hoa hlokahala hore lesea le hlokomeloe ka tsela eo. Ke tsela e ka sehloohong eo ka eona batsoali ba phethang karolo ea bona ea ho ba bahlokomeli.—1 Bathesalonika 2:7.
Motheong oa se boletsoeng ka holimo, ke ha tlhaho hore ngoana a nahane hore ke eena feela motho oa bohlokoa lefatšeng le hore batho ba baholo—haholo-holo batsoali—ba tšoanetse ba utloe ka eena. Eo ke pono e fosahetseng empa hoa utloahala hore na ke hobane’ng ha a nahana joalo. Hopola hore ka nako e fetang selemo, ngoana o ’nile a fuoa tlhokomelo e khethehileng. Ho ea ka eena, ke morena ea nang le ’muso oo ho oona ho nang le batho ba baholo ba lokelang ho mo sebeletsa. Moeletsi oa malapa, e leng John Rosemond o re: “Ho nka nako e ka tlaase ho lilemo tse peli hore batsoali ba tlohele ngoana a e-na le khopolo ena e fosahetseng; ho nka bonyane lilemo tse 16 hore ba lokise khopolo eo! Ntho e makatsang ke hore, ke mosebetsi oa batsoali hore qalong ba lumelle ngoana ho nahana hore a ka ba laola, ebe hamorao a sa lebella ba mo ruta hore ha ho joalo.”
Ha a le lilemo tse ka bang peli, ngoana o qala ho ithuta bophelo ba sebele, kaha motsoali o fetola karolo eo a e phethang ea ho ba mohlokomeli ’me e se e e-ba morupeli. Joale ngoana oa hlokomela hore batsoali ha ba sa utloa ka eena; ho e-na le hoo, ba lebeletse hore a utloe ka bona. ’Muso oa hae o oele, ’me a ka ’na a se ke a thabela seo. Oa ferekana, ebe o leka ho laola batsoali. Joang?
Ho Sebetsana le Ngoana ea Ithaburanyang
Ha bana ba le lilemo tse ka bang peli, boitšoaro ba bona bo fetoha ka ho feletseng, e ba lifela-peloana ’me sena se akarelletsa ho ithaburanya. Ena ke nako e ferekanyang batsoali haholo ’me e ’nile ea bitsoa nako e thata ka ho fetisisa ea ha ngoana a le lilemo li peli. Kapele feela, ngoana o se a rata ho re “Che!” kapa “Ha ke batle!” A ka ’na a ikoatela a ba a koatela batsoali ba hae, hobane a thatafalloa ho sebetsana le maikutlo a loantšanang. O batla ho ba hōle le uena, empa hape o batla ho ba haufi le uena. Ho batsoali ba ferekaneng, ho bonahala eka ha ho letho leo ba le etsang le atlehang. Ho etsahala’ng?
Nahana kamoo lintho li fetohileng kateng bophelong ba ngoana. Ho fihlela hona joale, sohle seo a neng a lokela ho se etsa ke ho tsetsela, ebe motho e moholo oa mo phallela. Joale o se a qala ho elelloa hore “’muso” oa hae e ne e le oa nakoana ’me ho na le lintho tseo bonyane a lokelang ho iketsetsa tsona. Ha nako e ntse e ea, oa utloisisa hore o lokela ho mamela, e leng seo Bibele e se bolelang ha e re: “Bana, le mamele batsoali ba lōna nthong e ’ngoe le e ’ngoe.”—Bakolose 3:20.
Nakong ena e thata, batsoali ba lokela ho tiisa hore ba laola ngoana oa bona. Haeba ba etsa joalo ba tiile empa e le ka lerato, ngoana o tla ikamahanya le boemo bona bo bocha. ’Me lintho tseo a ithutang tsona, li tla mo thusa hore a lokele mehato e latelang ea ho hōla.
Ho Bontša Mekhoa e Metle
Liphoofolo, esita le mechine, li khona ho lemoha mantsoe le ho etsisa tsela eo ho buuoang ka eona. Empa motho ke eena feela ea khonang ho itlhahloba. Kahoo, ha ngoana a le lilemo tse ka bang peli kapa tse tharo, o khona ho bontša boikhohomoso, ho soaba, ho ikutloa a le molato le lihlong. Ena ke mehato ea pele e bontšang hore e tla ba motho e moholo ea nang le boitšoaro bo khabane—ea emelang se nepahetseng ka tieo, esita leha ba bang ba etsa lintho tse fosahetseng.
Mothating ona, batsoali ba thabela ho bona ntho e ’ngoe e hlollang. Ngoana oa bona o se a ela hloko maikutlo a batho ba bang. Le hoja ha a le lilemo li peli, a ne a bapala le bana ba bang hobane feela ba bapala, hona joale e ka ’na eaba o bapala le bona hobane a batla. O boetse oa elelloa ha batsoali ba hae ba thabile ’me o batla ho ba khahlisa. Kahoo, ho ka ’na ha e-ba bonolo ho mo ruta.
Ho feta leha e le neng pele, ngoana ea lilemo li tharo o se a qala ho ithuta phapang pakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng, se setle le se sebe. Ho hlakile hore ena ke nako ea hore batsoali ba koetlise bana ba bona, ka morero oa ho ba thusa hore e be batho ba baholo ba nang le boikarabelo.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]
Ka mor’a matsatsi a seng makae feela le qeta ho tsoaloa, lesea le tloaela lentsoe la ’m’a lona ’me le batla ho utloa lona feela ho e-na le la motho eo le sa mo tsebeng
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
Ho feta leha e le neng pele, ngoana ea lilemo li tharo o se a qala ho ithuta phapang pakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng, se setle le se sebe
[Lebokose le leqepheng la 6]
SE ETSANG HORE BA LULE BA ITHABURANYA
John Rosemond o ile a ngola tjena ho New Parent Power: “Batsoali ba bang ba nahana hore bana ba bona ba ithaburanya hobane ba ba hanetse ka ntho e itseng eo ba neng ba e batla. Ka ho utloahalang, ha batsoali ba nka hore e ka ’na eaba ke bona ba phoso, ba leka ho lokisa bothata boo kapele kamoo ba ka khonang. Kahoo, ba fa ngoana seo ba neng ba mo hanetse ka sona qalong. Haeba ba mo shapile ba ka mo qekisa ka hore ba mo fe lintho tse fetang tseo a neng a li batlile e le hore ba ikutloe ba se molato. Sena sea ba sebeletsa. Ngoana o khaotsa ho ithaburanya, motsoali oa imoloha ’me ngoana o ithuta hore ho ithaburanya ke tsela e atlehang ea hore a fumane lintho tseo a li batlang, joale o tla ithaburanya le ho feta.”