Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Seo Batsoali ba Bang ba se Buang

Seo Batsoali ba Bang ba se Buang

Seo Batsoali ba Bang ba se Buang

Lilemo tsa bocha li tlisetsa batsoali ba bangata liphephetso tse ncha ka ho feletseng. U ka thusa ngoana oa hao joang hore a atlehe karolong ee ea bophelo—eo mohlomong e tlisang pherekano ho eena esita le ho uena? Hlokomela seo batsoali ba bang lefatšeng ka bophara ba se buileng.

LIPHETOHO

“Ha mora oa ka a sa le monyenyane, o ne a mamela likeletso tsa ka a sa botse letho. Empa ha a se a le lilemong tsa bocha, o ne a bonahala a se a sa ntšepe. O ne a tšoaea phoso lintho tseo ke li buang le tsela eo ke li buileng ka eona.”—Frank oa Canada.

“Mora oa ka ha a sa bua haholo joaloka pele. Ke se ke lokela ho lula ke mo botsa hore na o nahana eng ho e-na le hore eena a mpolelle feela. O arabela lipotso tseo ke mo botsang tsona ka thata. Ho nka nako hore a arabele.”—Francis oa Australia.

“Mamello ke ea bohlokoa haholo. Ka linako tse ling re ee re ikutloe eka re ka omanya bana ba rōna, empa ho khoba matšoafo le ho buisana le bona, ke tharollo e molemohali kamehla!”—Felicia oa United States.

PUISANO

“Ka linako tse ling morali oa ka ea lilemong tsa bocha o rata ho ikemela ha ke mo khalemela, ’me o nahana hore ke mo tšoaea liphoso ho sa hlokahale. Ke lokela ho lula ke mo hopotsa hore kea mo rata, le hore ke batla hore a atlehe!”—Lisa oa United States.

“Ha bana ba ka ba ne ba sa le banyenyane, ba ne ba mpolella ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ho ne ho le bonolo ho tseba se ka likelellong tsa bona. Hona joale ke tlameha ho leka ho ba motho ea utloisisang le ho bontša hore ke siela e mong le e mong oa bona seriti. Ke ka tsela eo feela ba ka mphetlelang lifuba tsa bona.”—Nan-hi oa Korea.

“Ha hoa lekana ho thibela bacha ho etsa lintho tse itseng feela. Re lokela ho behelana mabaka le bona le ho buisana le bona ka tsela e tla ba ama lipelo. Hore seo se khonehe, re lokela ho ikemisetsa ho mamela seo ba se buang, esita le haeba ke lintho tseo re sa batleng ho li utloa.”—Dalila oa Brazil.

“Haeba ke tlameha ho khalemela morali oa ka, ke leka ho etsa seo moo re leng babeli, eseng moo ho nang le batho ba bang.”—Edna oa Nigeria.

“Ka linako tse ling ha ke ntse ke qoqa le mora oa ka, ho ba le mesebetsi e meng ea lapeng eo ke e etsang e sitisang moqoqo oa rōna, ebe ha ke mo fe tlhokomelo ea ka kaofela. O elelloa seo, ’me ke nahana hore ke le leng la mabaka a etsang hore a se ke a hlola a qoqa le ’na khafetsa. Ke lokela ho leka ho mo fa tlhokomelo e eketsehileng ha re qoqa e le hore a tsoele pele ho ntša maikutlo.”—Miriam oa Mexico.

BOLOKOLOHI

“Kamehla ke ne ke tšaba ho fa bana ba ka ba lilemong tsa bocha bolokolohi ’me seo se ne se baka likhohlano pakeng tsa rōna. Ke ile ka lokoloha ho buisana le bona ka taba ena. Ka ba hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha ke tšaba, eaba le bona baa hlalosa hore na ke hobane’ng ha ba lakatsa ho fuoa bolokolohi. Re ile ra fihlela tumellano ea hore ba ka fumana bolokolohi bo eketsehileng feela tlas’a meeli e itseng eo ke e behileng.”—Edwin oa Ghana.

“Mora oa ka o ne a batla ho ba le sethuthuthu. Ke ne ke nyatsa khopolo eo ea hae hoo ke ileng ka iphumana ke se ke mo omanya ’me ke mo bontša likotsi tsohle tsa ho ba le sona, ke sa mo fe le monyetla oa hore a itlhalose. Seo se ile sa mo halefisa ’me sa etsa hore a ikemisetse ho se fumana le ho feta pele! Ke ile ka etsa qeto ea hore ke fetole maoa. Ke ile ka khothalletsa mora oa ka hore a etse lipatlisiso tse keneletseng ka taba ena, ho akarelletsa likotsi, litšenyehelo le se hlokahalang hore a fumane mangolo a sona le ho lula a a nchafatsa. Ke ile ka boela ka mo khothalletsa hore a batle keletso ho Bakreste ba hōlileng moeeng ka phuthehong. Ke ile ka hlokomela hore ho fapana le ho hatella mora oa ka, ho ne ho le molemo hore ke mo lumelle hore a ntše maikutlo ka bolokolohi. Ka tsela eo ke ne ke tla finyella pelo ea hae.”—Hye-young oa Korea.

“Re ne re beha meeli, empa hape re ne re fana ka bolokolohi butle-butle. Ha bana ba rōna ba sebelisa bolokolohi boo re ba fileng bona hantle, re ne re ba fa bo eketsehileng. Re ne re ba fa monyetla oa hore ba be le bolokolohi bo itseng, ’me re ba bontša hore le rōna re thabela ha ba lokoloha; leha ho le joalo ba ne ba tla lokela ho latsoa liphello haeba ba sebelisa bolokolohi boo hampe.”—Dorothée oa France.

“Ke ne ke sa nyehlise melao eo ke e behileng. Empa ha bana ba ka ba ne ba mamela, ke ne ke ba fa bolokolohi bo itseng. Ka mohlala, ka linako tse ling ke ne ke ba fa nako e eketsehileng eo ba ka e qetang ba se lapeng. Empa haeba ba tlōla nako eo habeli kapa ho feta, liphello e ne e e-ba tse bosula.”—Il-hyun oa Korea.

“Haeba mohiruoa a mamela a bile a na le boikarabelo, hangata mohiri oa hae oa mo nahanela. Ka ho tšoanang, mora oa ka oa bona hore haeba a e-na le boikarabelo ’me a mamela melao eo re mo fileng eona, hanyane ka hanyane o tla fumana tokoloho e eketsehileng. Mora oa ka oa tseba hore feela joalokaha mohiruoa a ka fumana khalemelo haeba a sa phethe mosebetsi oa hae, le eena a ka lahleheloa ke bolokolohi boo a nang le bona haeba a bo sebelisa hampe.”—Ramón oa Mexico.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 22]

“Ruta bana tsela eo ba tšoanetseng ho phela ka eona, ’me ba tla e hopola bophelo bohle ba bona.”—Liproverbia 22:6, Good News Translation

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 23]

PALE EA LELAPA LE LENG

“Ho Hōlisa Bana ba Lilemong Tsa Bocha ke Phihlelo e Babatsehang”

Joseph o re: Barali ba ka ba babeli ba baholo, ba lilemong tsa bocha ’me ke hlokometse hore ke habohlokoa hore ke ba mamele le ho ananela maikutlo a bona. Ha ke lumela liphoso tsa ka—’me ke bua le bona ka tlhompho—seo se re thusa hore re lule re buisana ka bolokolohi. Ka bokhutšoanyane feela, nka re ho hōlisa bana ba lilemong tsa bocha ke phihlelo e babatsehang ka lebaka la tataiso eo re e fumanang Lentsoeng la Molimo, e leng Bibele.

Lisa o re: Ke hlokometse hore ha morali oa rōna oa letsibolo a kena lilemong tsa bocha, o ne a hloka tlhokomelo ea ka ka ho eketsehileng. Ke hopola ke qeta nako e telele ke mo mametse, re qoqa ebile ke mo khothatsa. ’Na le monna oa ka re etsa hore barali ba rōna ba tsebe hore ba ka ntša maikutlo a bona le hore re tla a hlompha. Ke leka ho sebelisa keletso e ho Jakobo 1:19, e reng ke “potlakele ho utloa, [ke] liehe ho bua.”

Victoria o re: ’Mè oa ka ke motsoalle oa ka oa hlooho ea khomo. Ha ke e-s’o bone motho ea mosa le ea tsotellang joaloka eena—’me o tšoara batho bohle ka tsela e tšoanang. Nka re ke motho ea tsotellang batho ba bang e le kannete. Ke ananela ’mè oa ka haholo.

Olivia o re: Ntate oa ka ke motho ea tsotellang ’me o seatla se bulehileng. O lula a itella ho thusa batho ba bang le hoja re e-na le ho honyenyane. O nka lintho ka botebo, empa o boetse o tseba ho ithabisa. Ntate oa ka oa ikhetha, ’me ke thabile hore ebe ke ntate oa ka!

“Ha re na Nako ea ho Jeoa ke Bolutu!”

Sonny o re: Haeba barali ba na le bothata, re lula fatše ebe re buisana ka bothata boo re le lelapa. Kamehla re buisana ka bolokolohi ’me re etsa liqeto re itšetlehile ka melao-motheo ea Bibele. Hape ’na le Ynez re tiisa hore barali ba rōna ba na le metsoalle e molemo le e hōlileng moeeng. Metsoalle ea rōna ke metsoalle ea bona, ’me ea bona ke ea rōna.

Ynez o re: Re lula re tšoarehile, ’me re etsa lintho hammoho re le lelapa. Joaloka Lipaki Tsa Jehova, re lula re tšoarehile ka mosebetsi oa boboleli, ka thuto ea motho ka mong le thuto ea Bibele ea lelapa, le ka mesebetsi ea boithaopo—e akarelletsang ho thusa libakeng tse bileng le likoluoa le ho haha Liholo Tsa ’Muso. Re boetse re leka-lekanya lintho ka hore re be le nako e monate ea boithabiso. Ha re na nako ea ho jeoa ke bolutu!

Kellsie o re: Ntate oa ka o khona ho mamela, ’me kamehla o rerisana le lelapa lohle pele a etsa liqeto tse khōlō. ’Mè oa ka o lula a ntšehetsa nako le nako ha ke hloka thuso—kapa ke hloka ho bua.

Samantha o re: ’Mè oa ka o etsa hore ke ikutloe ke khethehile, ke ratoa ebile ke le oa bohlokoa—esita leha a sa elelloe seo. Oa mamela. Oa tsotella. Ke motsoalle ea molemo ka ho fetisisa.

[Litšoantšo]

Foto ea lelapa: Joseph, Lisa, Victoria, Olivia, le Isabella

Lelapa la ha Zapata: Kellsie, Ynez, Sonny, le Samantha

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Batsoali ba ka ’na ba fana ka bolokolohi bo itseng, empa hape ba beha meeli e loketseng