John Foxe—Linako Tse Mabifi Tsa Mehleng ea Hae
John Foxe—Linako Tse Mabifi Tsa Mehleng ea Hae
NA BATHO ba ithuta liphosong tseo ba li entseng nakong e fetileng? Nahana ka potso ena ha u ntse u hlahloba bophelo ba John Foxe, e leng monna oa Lenyesemane ea ileng a ngola buka a tšepile hore babali ba eona ba tla lahla liketso tse sehlōhō tse neng li atile mehleng ea hae.
Litlaleho tsa John Foxe, tse ngotsoeng nakong ea Phetohelo Khahlanong le Lithuto Tsa K’hatholike, li ile tsa fela tsa e-ba le tšusumetso e khōlō ho batho ba Engelane ka lilemo tse makholo. O ile a nka lilemo tse fetang 25 hore a phethe buka ea hae e reng, Acts and Monuments of the Church. Batho ba bang ba bolela hore ha e bapisoa le Bibele ea Senyesemane, ke buka ea bobeli e bileng le tšusumetso e khōlō puong le setsong sa Manyesemane.
Lilemo Tse Mabifi
John Foxe o hlahetse Boston, Engelane, ka 1516 kapa 1517, hoo e ka bang nako eo ka eona Martin Luther a ileng a kokotela pampiri e ngotsoeng likhopolo tsa hae tse 95, lemating la kereke e Wittenberg, Jeremane. Kahoo, Foxe ea hlahetseng lelapeng le kenang kereke ea Roma e K’hatholike, o hlahile nakong eo Bafetoheli ba Lithuto Tsa K’hatholike ba neng ba le khahlanong le puso le lithuto tsa Kereke e K’hatholike.
Foxe e ne e le seithuti Univesithing ea Oxford, ’me lithuto tsa hae li ne li akarelletsa Segerike le Seheberu, e leng lipuo tse ileng tsa mo thusa hore a bale Bibele ka lipuo tseo e neng e ngotsoe ka tsona pele. Ho bonahala eka ke eona ntho e ileng ea etsa hore a qale ho belaella lithuto tsa K’hatholike. Ha e le hantle, liithuti-’moho le eena li ile tsa belaela hore e se e le Moprostanta ’me tsa tsebisa baokameli ba univesithi eo. Ka mor’a moo, Foxe o ile a behoa leihlo.
Ka mor’a hore a fumane lengolo la hae la master’s degree ka 1543, Foxe o ne a ka khetheloa boprista. Empa o ile a bo hana hobane a ne a sa lumellane le molao oa boitlami oa boprista. Sena se ile sa etsa hore a tlamehe ho etsa qeto. Foxe o ile a itokolla mosebetsing oa hae univesithing ka 1545, hobane a ne a belaelloa ka hore ke mokhelohi—e leng pelaelo eo haeba e ne e e-na le bopaki e neng e ka fella ka hore a bolaoe. Ha Foxe a qeta ho itokolla mosebetsing oo, e ile ea e-ba morupeli oa lelapa le leng le haufi le motse oa Stratford-upon-Avon, Warwickshire, e leng moo a ileng a nyala mosali e mong ea bitsoang Agnes Randall.
Agnes eo e neng e le moahi oa motseng o haufi le moo oa Coventry, o ile a bolella Foxe ka mohlolohali e mong ea bitsoang Smith (kapa Smythe), ea ileng a ruta bana ba hae Melao e Leshome le thapelo ea mohlala ea Jesu, eo hangata e bitsoang Thapelo ea Morena. Empa mohlolohali eo o ile a ruta bana ba hae ka Senyesemane ho e-na le hore a ba rute ka Selatine. Ka lebaka la “tlōlo eo ea molao,” eena hammoho le banna ba bang ba tšeletseng ba neng ba qosoa ka ntho e tšoanang ba ile ba bolaoa ka ho chesetsoa thupeng. Kaha batho ba ile ba halefisoa ke ketso eo e bontšang ho hloka toka, mobishopo oa sebakeng seo o ile a hasa taba ea hore batho bao ba chesitsoe hobane ba e ntse “tlōlo e khōlō ea molao” ka hore ba je nama ka Labohlano le ka matsatsi a mang a ho itima lijo.
* Malollard a ne a tsamaea a tšoere likarolo tsa Mangolo, ’me a li balla batho. Ka lebaka leo, Paramente e ile ea leka ho thibela mosebetsi oo. Ka 1401, e ile ea fa babishopo molao o ba fang matla a hore ba tšoare bakhelohi bao le ho ba chesetsa thupeng.
Ho tlile joang hore bashoela-tumelo bao ba tsebe likarolo tse itseng tsa Bibele ka Senyesemane? Lilemo tse ka bang 150 pele ho moo, ho sa tsotellehe khanyetso ea kereke, Bibele e ile ea fetoleloa ho tloha Selatineng ho ea Senyesemaneng ke John Wycliffe, ea ileng a boela a koetlisa baboleli ba bang ba bahahlauli ba bitsoang Malollard.Ka lebaka la ho tšaba ho tšoaroa, Foxe o ile a fallela London le lelapa la hae, e leng moo hamorao a ileng a tšehetsa Boprostanta. Ke moo a ileng a fetolela lipampitšana tse neng li tsoa ho Bafetoheli ba Kereke ea K’hatholike ba Majeremane, a li fetolela ka Senyesemane le ’me a fetolela le tse ling tse ngotsoeng ka Selatine. O ile a boela a ingolla lipampitšana tse ling.
Ho phaella moo, Foxe o ile a qala ho kopanya tlaleho ea histori ea Malollard a le Engelane, ’me a e qeta ka 1554. Tlaleho ena e ile ea hatisetsoa Strasbourg, e leng motse o Fora kajeno, e le moqolo o monyenyane oa Selatine o nang le maqephe a 212. Ha e le hantle, ona e ne e le moqolo oa pele oa buka ea hae ea Acts and Monuments of the Church. Lilemo tse hlano hamorao, o ile a eketsa moqolo oo hore o be le maqephe a ka holimo ho 750.
Ho se Mamellane Litabeng Tsa Bolumeli ho Fella ka Lipolao
Ho ile ha bolaoa banna, basali le bana ba likete nakong ea Bofetoheli Khahlanong le Lithuto Tsa K’hatholike Europe. Ka 1553, Mok’hatholike e mong ea neng a cheseha ka ho feteletseng ea neng a tsejoa ka hore ke Mary ea Khenathetseng Mali, o ile a behoa boreneng Engelane. Kaha Paramente ea Manyesemane e ne e khaotse maqhama ’ohle a eona le Roma ka 1534, o ne a ikemiselitse ho busetsa Engelane tlas’a taolo ea Bopapa hape. Lilemong tse hlano tsa puso ea Mary, banna le basali ba ka bang 300, ba akarelletsang baeta-pele ba kereke ea Prostanta, ba ile ba chesetsoa bokhelohi. Ba bang ba bangata ba ile ba shoela teronkong.
Foxe o ile a pholoha mehla eo, hobane o ile a fallela motseng oa Basel o Switzerland, le lelapa la hae kapele ka mor’a hore Mary a behoe boreneng. Ka 1559, selemo ka mor’a hore ausi oa Mary, * o boele o sebelisoe, e leng se ileng sa mo etsa ’Musisi ea Phahameng oa Kereke. Ka lebaka leo, Mopapa Pius V o ile a leleka Elizabeth kerekeng ka 1570. Ka mor’a nakoana, ’momori oa machaba khahlanong le Engelane o ile oa utulloa, ho akarelletsa maano a ho bolaea mofumahali oa Moprostanta. Ka lebaka leo, Mak’hatholike a makholo a ile a qosoa ka bohlabaphio ’me a bolaoa ka taelo ea Elizabeth.
e leng Elizabeth oa Moprostanta a behoe bofumahaling, Foxe o ile a khutlela Engelane hammoho le babalehi ba bang. Selemong sona seo, Elizabeth o ile a etsa hore Molao oa BophahamoKa sebele, likereke tsa Bokreste-’mōtoana—tsa K’hatholike le Boprostanta li suthetse hōle le lithuto tsa Jesu Kreste! O ile a ruta a re: “Tsoelang pele ho rata lira tsa lōna le ho rapella ba le hlorisang.” (Matheu 5:44) Kaha Mak’hatholike le Maprostanta a hlokomolohile molao-motheo ona o hlakileng, a nyelisitse Bokreste—e leng seo Bibele e ileng ea se bolela esale pele. Moapostola Petrose o ile a ngola a re: “Tsela ea ’nete e tla nyefoloa,” ka lebaka la batho ba iketsang eka ke Bakreste.—2 Petrose 2:1, 2.
Foxe o Qetella Mosebetsi oa Hae
Ha Foxe a ntse a le Engelane, o ile a qalisa mosebetsi oa ho atolosa khatiso ea tlaleho ea hae, e buang ka lintho tseo e ka ’nang eaba babali ba hae ba bang ba li bone ha li etsahala. Ka 1563, o ile a ngola moqolo oa hae oa pele oa Senyesemane—o maqephe a ka bang 1 800 le litšoantšo tse ngata tse hatisitsoeng tsa lehong ’me ka potlako feela oa rekoa haholo.
O ile a ngola buka ea bobeli lilemo tse supileng ka mor’a moo. Meqolo ea eona e ’meli, e ne e e-na le maqephe a fetang 2 300 le litšoantšo tse hatisitsoeng ka lehong le fatiloeng tse 153. Selemo hamorao, Kereke ea Chache e ile ea laela hore buka ea Foxe e behoe pel’a Bibele likerekeng tsohle tsa Manyesemane le malapeng a bahlomphehi ba kereke molemong oa basebeletsi le baeti. Ka mor’a nakoana, lipharishe tsa likereke le tsona li ile tsa latela mohlala oo. Esita le batho ba sa tsebeng ho bala le ho ngola ba ne ba rua molemo bukeng eo, ka lebaka la litšoantšo tsa eona tse neng li ba ama ka botebo ’me ba sa li lebale.
Ka nako eo, Foxe o ne a se a ikopantse le Maphurithane a Maprostanta a neng a nka hore ha hoa lekana ho ikarola feela kerekeng ea Roma. A ne a ruta hore lithuto tsohle tsa K’hatholike li lokela ho felisoa—e leng maikutlo ao ka ho makatsang a neng a etsa hore a se ke a utloana le Maprostanta a Kereke ea Chache, e neng e ntse e sebelisa lineano le lithuto tse ngata tsa K’hatholike.
Kaha John Foxe o ile a pepesa liketso tse ngata tse sehlōhō tsa bolumeli tse neng li etsahala mehleng ea hae e mabifi, mosebetsi oa hae o ile oa fetola tsela eo batho ba Engelane ba talimang bolumeli le lipolotiki ka eona lilemo tse makholo ka mor’a moo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
^ ser. 9 Sheba sehlooho se reng “The Lollards, Courageous Bible Preachers,” se Molula-Qhooeng oa Senyesemane oa August 1, 1980.
^ ser. 14 The Leading Facts of English History, ea D. H. Montgomery, e bolela hore ka 1534, Paramente e ile ea fana ka Molao oa Bophahamo, “o neng o bolela hore ntle ho khanyetso ea letho Henry o lokela ho ba hlooho ea Kereke, e leng se etsang hore ea hanyetsanang le seo a be molato oa bohlabaphio. Ha Morena a saena molao oo, o ile a felisa lineano tse ’nileng tsa e-ba teng ka lilemo tse likete, ’me Engelane ea tšehetsa Kereke ea Naha ka sebete e se tlas’a Mopapa.”
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 28]
BUKA EA BASHOELA-TUMELO EA FOXE
Ha Kereke e K’hatholike e ntse e loantša Phetohelo Khahlanong le Lithuto Tsa K’hatholike, litsebi tse ngolang litlaleho ka bashoela-tumelo, tse kang Jean Crespin, li ile tsa bokella litlaleho tsa mahloriso le tsa bashoela-tumelo linaheng tsa habo bona. * Ka lebaka leo, buka ea Foxe ea Acts and Monuments of the Church e ile ea bitsoa hore ke Buka ea Bashoela-tumelo ea Foxe. Hamorao, ha ho se ho etsoa likhatiso tse ntlafalitsoeng le tse khutsufalitsoeng, sehlooho seo se seng molaong se ile sa nkela se neng se khethiloe ke Foxe sebaka.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
^ ser. 26 Sheba sehlooho se reng “Buka ea Bashoela-Tumelo ea Jean Crespin” Tsoheng! ea March 2011.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Classic Vision/age fotostock
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
John Wycliffe o ile a roma baboleli ba bahahlauli ba bitsoang Malollard
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
From the book The Church of England: A History for the People, 1905, Vol. II
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
© Classic Vision/age fotostock
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 26]
From Foxe’s Book of Martyrs