Fetela boitsebisong

 Bacha Baa Botsa

Na ho Fosahetse ho Tuma?

Na ho Fosahetse ho Tuma?

Tlatsa lentsoe le nepahetseng polelong e latelang:

․․․․․ ho molemo hore motho a tume.

  1. A. Kamehla

  2. B. Ka linako tse ling

  3. C. Le ka mohla ha

KARABO e nepahetseng ke ea “B.” Hobane’ng? Hobane ho tuma ho bolela feela ho ratoa ke batho ba bangata—’me hase kamehla seo se fosahetseng! Bibele e ile ea bolela esale pele hore Bakreste e ne e tla ba “leseli la lichaba” ’me batho ba ne ba tla tla ho bona. (Esaia 42:6; Liketso 13:47) Ka kutloisiso ena, ho ka thoe Bakreste ba tumme.

Na u ne u tseba?

Jesu o ne a tumme. Esita le ha a sa le mocha, o ne “a amoheleha ho Molimo le ho batho.” (Luka 2:52) Bibele e re ha Jesu e se e le motho e moholo, ‘bongata bo boholo bo ile ba mo latela ho tsoa Galilea le Dekapolise le Jerusalema le Judea le ho tsoa ka lehlakoreng le leng la Jordane.’—Matheu 4:25.

Ke hobane’ng ha ho ne ho loketse hore a tume hakaale?

Ke hobane Jesu o ne a sa batle ho rorisoa ke batho kapa ho hahamalla botumo ’me o ne a se tsietsing ea ho batla ho amoheloa ke batho ba bang. Jesu o ne a etsa lintho tse nepahetseng—e leng se neng se etsa hore ka linako tse ling batho ba mo ele hloko. (Johanne 8:29, 30) Leha ho le joalo, Jesu o ile a lemoha hore batho bao ba neng ba atisa ho feto-fetoha, ba ne ba tla mo rata ka nakoana feela. O ne a tseba taba ea hore ha nako e ntse e ea, batho bao ba ne ba tla mo bolaea!—Luka 9:22.

Ntlha ea Bohlokoa:

Botumo bo tšoana le leruo. Hase kamehla e leng phoso ho ba le lona. Bothata e ba hore na batho ba etsa’ng e le hore ba le fumane—kapa ba lule ba e-na le lona.

Tlhokomeliso!

Bacha ba bangata ba ka etsa ntho leha e le efe e le hore ba tume. Ba bang ba rata ho khahlisa batho le ho latela bongata. Ba bang ke bo-mpoli ba lekang ho qobella batho ba bang hore ba ba rate—esita le haeba ba ba rata hobane feela ba ba tšaba. *

Maqepheng a latelang, re tla tšohla litsela tseo tse peli tse kotsi tse etsang hore motho a tume. Joale re ntan’o sheba tsela e molemo haholoanyane.

^ ser. 12 Bibele e bua ka bo-mpoli ba neng ba bitsoa “Banefilime,” bao hape ba bitsoang ‘banna ba tummeng.’ Ba ne ba amehile haholo ka ho hōlisa botumo ba bona.—Genese 6:4.