Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Matšeliso ho ba Saretsoeng

Matšeliso ho ba Saretsoeng

 Matšeliso ho ba Saretsoeng

▪ Bukana e maqephe a 32 e nang le litšoantšo tse mebala-bala e reng Ha Eo U Mo Ratang A E- shoa e fana ka matšeliso. E ka thusa batho ba siameng ho utloisisa le ho mamella boikutlo bo bakoang ke lefu la motho eo ba mo ratang. Karolo e ’ngoe ea bukana ena e tšohla kamoo batho ba bang ba ka thusang ba siameng kateng.

Bukana ena e araba lipotso tse kang: Nka phela le ho sareloa ha ka joang? Na ho na le tšepo bakeng sa bafu? E bontša kamoo Bibele e hlalosang lefu le boemo ba bafu kateng. Ha bohlokoa le ho feta, e bua ka ho phethahala ha tšepiso ea Molimo ka Jesu Kreste, ea ho tsosetsa bafu lefatšeng le lokisitsoeng la paradeise.

Mohlomong u ka tšeliseha ka ho bala bukana ena, kapa ea tšelisa motho e mong eo u mo tsebang. Re u khothalletsa hore u kōpe bukana ea hao.

U ka kōpa bukana ena ka hore u tlatse setlankane se ka tlaase mona ebe u se romela atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.

□ Le hoja ke sa itlame ka letho, ke kōpa le nthomelle bukana ea Ha Eo U Mo Ratang A E- shoa.

□ Ke kōpa hore le nketele mabapi le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.