Lingaka Tse Ipabolang Tsa Mehleng e Bohareng
MEKHOA e mengata ea phekolo ea morao-rao ke khale e le teng ho feta kamoo u nahanang kateng. Ha e le hantle, mekhoa e meng e tsebahalang kajeno ea ho phekola, e ne e sebelisoa linaheng tse ling lilemong tse makholo tse fetileng. Ka mohlala, nahana ka histori ea bongaka Bochabela bo Hare, mehleng e bohareng.
Ka 805 C.E., CALIPH HARUN AR-RASHID o ile a haha sepetlele motse-moholong oa hae oa Baghdad. Ho tloha lekholong la borobong la lilemo ho ea ho la bo13, pusong eohle ea Maislamo babusi ba bang ba ile ba haha lipetlele ’me tsa lula li le teng, ho tloha Spain ho ea fihla India.
Barui le bafutsana ba tsoang malumeling ’ohle ba ne ba phekoloa lipetleleng tsena. Lingaka li ne li sa phekole bakuli feela, empa li ne li boetse li etsa liphuputso le ho koetlisa lingaka tse ncha. Ho ne ho e-na le likamore tse beheletsoeng ka thōko moo ho sebetsanoang le maloetse a amang litho tse ka hare tsa ’mele, moo ho phekoloang mahlo, moo ho lokisoang masapo, moo ho buuoang bakuli, moo ho phekoloang maloetse a tšoaetsanoang le moo ho phekoloang mafu a kelello. Hoseng ho hong le ho hong lingaka li ne li hlahloba bakuli li e-na le liithuti tsa tsona, ebe li laela bakuli hore na ba je eng le hore ba sebelise meriana efe. Hape, litsebi tsa metsoako ea meriana tse neng li sebetsa sepetlele li ne li aba meriana. Ba neng ba okametse sepetlele ba ne ba ikarabella ka ho boloka litlaleho, tšebeliso ea lichelete, ho hlokomela kamoo lijo li lokisoang kateng le ho hlokomela mesebetsi e meng ea tsamaiso ea sepetlele—joalokaha ho etsoa kajeno.
Bo-rahistori ba lumela hore lipetlele tsena “ke tse ling tsa lintho tse khōlō tse ileng tsa finyelloa ke Maislamo mehleng e bohareng.” Howard R. Turner eo e leng mongoli le rahistori o ile a re, ho theosa le histori ea ’muso oa Maislamo,“joaloka setsi, sepetlele se ’nile sa ntlafatsoa e le hore ho be le liphetoho litabeng tsa bophelo bo botle le ho hlokomela bakuli ho tla fihlela mehleng ea rōna.”
RHAZES, o hlahile mahareng a lekholo la borobong la lilemo, a hlahela motseng oa khale oa Rayy, eo kajeno e seng e le motse-toropo oa Tehran. O ne a bitsoa “ngaka e phekolang le ea mafu a kelello e ipabolang ka ho fetisisa ea Maislamo, Mehleng e Bohareng.” E le hore lingaka tse ling li rue molemo, rasaense enoa ea hloahloa, o ile a ngola fatše mekhoa ea phekolo eo a ileng a e leka, liphello tsa mekhoa eo, lithulusi tseo a ileng a li sebelisa le lintho tseo a li fumaneng litekong tsa hae tsa saense. O ile a eletsa lingaka kaofela hore li ikamahanye le liphetoho tsa morao-rao lefapheng la bongaka.
Rhazes o ile a finyella lintho tse ngata. Ka mohlala, libuka tsa hae tsa bongaka tse kentsoeng pokellong ea libuka tse 23 tse bitsoang Al-Hawi (Libuka Tse Fupereng Boitsebiso Bohle), li balelloa har’a libuka tse molemo ka ho fetisisa tsa bongaka. Ho boleloa hore buka ena e bua ka ho qaleha ha bongaka ba ho pepisa, ho phekola mafu a tšoarang basali le ho buoa mahlo. Har’a libuka tsa hae tse 56 tse buang ka bongaka, ho na le litlhaloso tsa khale tse ka tšeptjoang tsa sekholopane le maselese. Rhazes o ile a boela a fumana hore feberu ke tsela eo ’mele o itšireletsang ka eona likokoana-hlokong.
Ho feta moo, e ne e le mookameli oa lipetlele tsa Rayy le Baghdad, moo ho sebetsana ha hae le batho ba kulang kelellong ho ileng ha etsa hore a bitsoe setsebi sa kelello le phekolo ea mafu a kelello. Ho phaella litabeng tsa bongaka, Rhazes o ile a boela a fumana nako ea ho ngola libuka tsa k’hemistri, botsebi ba linaleli, thuto ea lipalo, filosofi le thuto ea bolumeli.
AVICENNA ke e mong oa ba ileng ba ipabola litabeng tsa bongaka, o ne a tsoa Bukhara, e Uzbekistan kajeno. E bile e mong oa litsebi tsa mafu a kelello, bo-rafilosofi, litsebi tsa linaleli le tsa thuto ea lipalo tsa lekholong la bo11 la lilemo. Avicenna o ile a ngola encyclopedia e bitsoang, The Canon of Medicine, e neng e bua ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e amanang le tsebo ea bongaka.
Bukeng eo ea hae, Avicenna o ile a ngola hore lefuba lea tšoaetsana, a re boloetse bo ka nama ka metsi kapa ka mobu, hore maikutlo a ama bophelo ba motho le hore methapo e tsamaisa bohloko le ho fetisa maqhubu a etsang hore mesifa e honyele. Buka ena ea The Canon e ile ea hlalosa litsela tse 760 tsa ho etsa meriana—hore e entsoe ka eng, e ka tšoara batho joang le hore e ka tsejoa joang—’me ea fana ka melao ea ho etsa liteko tsa meriana e mecha. E ile ea fetoleloa ka Selatine, ’me ea tsoela pele ho sebelisoa likolong tsa bongaka tsa Europe ka makholo a lilemo.
ALBUCASIS le eena oa ipabola historing ea bongaka. Moqapi enoa oa lekholong la bo10 la lilemo ea tsoang Andalusia e Spain mehleng ea kajeno, o ile a ngola libuka tse 30 ho akarelletsa le e ’ngoe e nang le maqephe a 300 e mabapi le ho buuoa. Bukeng ena o ile a hlalosa mekhoa e tsoetseng pele ea ho roka motho ka hare a sebelisa hareng e thata e entsoeng ka mala a nku, ho ntša majoe ka senyeng ka thulusi e kenngoang tselaneng ea mosese, ho tlosa tšoelesa ea qoqotho le ho tlosa lera le fifatsang pono.
Albucasis o ile a sebelisa mekhoa e hlalosoang e le “mekhoa ea phekolo ea morao-rao” ho nolofatsa mekhoa ea pelehi e rarahaneng le ho busetsa malulong lehetla le tsoileng lenonyellong. O ile a qala ho sebelisa k’hothone ho hloekisa maqeba le samente ho lokisa masapo a robehileng. O ile a boela a hlalosa mokhoa oa ho busetsa meno a tsoileng, ho etsa meno a maiketsetso, ho lokisa meno a lutseng hampe le ho tlosa bosehla bo menong.
Buka ea Albucasis ea ho buuoa, e ile ea boela ea bontša ka lekhetlo la pele lithulusi tseo lingaka tse buoang li li sebelisang. E ile ea bontša ka ho hlakileng litšoantšo tsa lithulusi tse ka bang 200 tsa ho buoa, ea ba ea fana ka litaelo tsa kamoo li ka sebelisoang kateng. Lithulusi tsa hae tse ling li ’nile tsa fetoloa mona le mane ho theosa le lilemo tse sekete.
Tsebo e Namela ka Bophirimela
Lekholong la bo11 le la bo12 la lilemo, litsebi li ile tsa qala ho fetolela libuka tsa bongaka tsa Maarabo ka Selatine haholo-holo Toledo, Spain, Monte Cassino le Salerno, Italy. Eaba lingaka li ithuta libuka tseo liunivesithing tse karolong ea Europe moo ho buuoang Selatine. Ehsan Masood e leng mongoli oa litaba tsa saense o re, makholong a latelang a lilemo “thuto ea bongaka ea Bochabela bo Hare, e ile ea kenella hare Europe, mohlomong le ho feta saense leha e le efe ea Maislamo.”
Ka ho hlakileng, lintho tse sibollotsoeng le tse qapiloeng ke lingaka tse ipabolang tsa mehleng e bohareng tse kang Rhazes, Avicenna, Albucasis le tse ling tse phetseng mehleng ea tsona, ke ka nepo li bitsoang motheo oa seo kajeno re se bitsang bongaka ba morao-rao.