Seo Batsoali ba ka se Etsang
“Liithuti li ne li petetsane ka tlelaseng! Ho ne ho se na lifene ’me mocheso e le o bipetsang.”—Luis, Bolivia.
“Matichere a ne a le ’maloa sekolong sa rōna, kahoo a sa khone ho ba le nako ea seithuti ka seng. Ho ne ho se na li-’mapa, lisebelisoa tsa laboratori le laebrari.”—Dorcus, Myanmar.
“Matichere a ka a mangata a ne a thatafalloa ho laola liithuti ka tlelaseng. Ka linako tse ling, liithuti li ne li tsoa taolong, e leng se neng se etsa hore ho be boima haholo ho ithuta.”—Nina, Afrika Boroa.
JOALOKAHA lipolelo tse ka holimo li bontša, maemo a likolong tse ling a etsa hore ho be boima ho ithuta. Joaloka motsoali, u ka thusa bana ba hao joang hore ba rue molemo haholo lithutong tsa sekolo ho sa tsotellehe mathata? Litlhahiso tse ’maloa ke tsena.
Nka bohato.
Ho e-na le hore u tsepamise kelello mathateng—ao a mangata a ’ona u ke keng ua khona ho a laola—e tsepamise linthong tseo u ka khonang ho li etsa. Haeba ngoana oa hao a hlōleha thutong e itseng kapa a sithabetsoa ke mosebetsi o mongata oa sekolo oo a o fuoang, buisana le eena ka boemo boo ’me le leke ho fumana tharollo. Ka mohlala, na le ka fumana sebaka se loketseng seo a ka ballang ho sona ka lapeng? Na ngoana oa hao o hloka thuso e le hore a etse kemiso e tla mo thusa hore a atlehe ho etsa mesebetsi ea bohlokoa? Na o hloka ho ba le motho ea ka mo thusang thutong e mo hlōlang? E le hore u fumane litlhahiso tse eketsehileng, mohlomong u ka buisana le tichere ea ngoana kapa le moeletsi oa liithuti. Talima batho bana e le bathusi ba hao, eseng e le lira.
Thusa ngoana hore a tsepamise maikutlo morerong oa ho fumana thuto.
Thuto e lokela ho etsa hore ngoana oa hao a hōle ho ba motho e moholo ea nang le kelello le boikarabelo. Ngoana oa hao ha a lokela ho ithuta feela hobane a batla ho ba morui. Leha ho le joalo, phuputso e bontša hore bacha ba bangata ba phehella thuto ka morero o le mong feela—hore e be barui. Bibele e khothalletsa batho hore ba shebe lintho tse bonahalang ka tsela e leka-lekaneng. Le hoja Bibele e lumela hore ‘chelete ke tšireletso,’ e boetse e lemosa hore “ba ikemiselitseng ho rua” ba ke ke ba fumana thabo ea sebele.—Moeklesia 7:12; 1 Timothea 6:9.
Thuto e lokela ho etsa hore ngoana oa hao a hōle ho ba motho e moholo ea nang le kelello le boikarabelo
Lumella ngoana oa hao hore a ithute leha ho e-na le mathata.
Matichere a mangata a re le hoja liithuti tse ling li etsa hore a thatafalloe ho etsa mosebetsi oa ’ona, batsoali ba bang ba etsa hore ho be thata le ho feta. Batsoali ba bang ba potlakela ho buella bana ba bona le ho ipelaetsa ha bana ba kena mathateng kapa ba sebelitse hampe tlhahlobong. Ka mohlala, tlaleho e ’ngoe ea makasine ea Time, e bua ka moprofesa oa k’holejeng e ’ngoe ea kileng a ruta liithuti tse neng “li letsetsa batsoali ka selefouno li le ka tlelaseng ho tletleba ka limaraka tse tlaase tseo li li fumaneng, ebe tlelase e ntse e tsoela pele li fa moprofesa founo hobane batsoali ba batla ho bua le eena. Moprofesa eo o re batsoali ba bang ba ne ba mo bolella hore ba lefa chelete e ngata haholo thutong ea bana ba bona hore ba ka fumana limaraka tse tlaase joalo.”
Matichere a mangata a re le hoja liithuti li etsa hore a thatafalloe ho etsa mosebetsi oa ’ona, batsoali ba ka etsa hore ho be thata le ho feta
Batsoali ba joalo ha ba thuse bana ba bona ka letho. Bukeng ea hae e reng The Self-Esteem Trap, Polly Young-Eisendrath o re, ha e le hantle, ho e-na le hore “batsoali bao ba ntše” bana ba bona mathateng, ba ba sitisa hore “ba ithute ho iketsetsa liqeto, ba hlōlehe bophelong le ho ba sitisa hore ba kotule seo ba se jetseng.” O phaella ka ho re: “Haeba batsoali ba lula ba rarollela bana ba bona mathata ha bana bona ba sa etse letho, batsoali ba tla khona ho sebetsana le maemo a boima, empa bana ba tla sitoa ho itharollela mathata ha ba se ba lula ba le bang, hobane ha baa ka ba koetlisetsoa ho etsa joalo.”
E-ba ea leka-lekaneng ha u hahamalla thuto.
Joalokaha ho boletsoe pejana, thuto e ka lokisetsa ngoana oa hao hore e be motho e moholo ea nang le boikarabelo. (Genese 2:24) Empa ngoana o hloka ho ruteha hakae e le hore a finyelle seo?
U se ke ua nahana hore ngoana oa hao o lokela ho ea univesithing e le hore a fumane bophelo bo betere. Ho na le lintho tse ling tseo a ka li etsang tse sa hlokeng chelete e ngata. Ha e le hantle, maemong a mang, batho ba ithutileng mosebetsi oa matsoho, ba khona ho sebetsa mosebetsi o ba lefang hantle joaloka ba fumaneng mangolo a univesithi.
Ntlha ea bohlokoa: Likolo hase libaka tse phethahetseng, ’me kajeno bana ba tobana le mathata a neng a le sieo lilemo tse mashome tse fetileng. Empa ka tšehetso ea hao, ngoana a ka atleha sekolong! Le le lelapa, ke hobane’ng ha le sa tšohle litlhahiso tse leqepheng la boraro ho ea ho la bosupa la makasine ee?