TSOHA! November 2012 | U ka Atleha Leha U le Motsoali ea se Nang Molekane!

Ke eng e thusitseng batsoali ba bang ba se nang balekane hore ba atlehe ho phetha boikarabelo ba bona bo boima?

SEHLOOHO SE KA NTLE

Le ka Atleha!

Lefatšeng ka bophara, batsoali ba se nang balekane baa atleha ho hōlisa bana ba bona. Bala seo ba se buang.

SEHLOOHO SE KA NTLE

Kōpa Thuso

U ka etsa lethathamo la batho ba ka u tšehetsang joang, haholo-holo nakong eo u hlileng u hlokang thuso ea bona?

SEHLOOHO SE KA NTLE

Tseba Litsela Tsa ho Buisana le Bana

Ke melao-motheo efe ea Bibele e ka le thusang hore le lule le buisana le bana ba lōna?

SEHLOOHO SE KA NTLE

Etelletsa Lintho Tsa Bohlokoa Pele

Batlisisang hore na ke lintho life tseo e hlileng e leng tsa bohlokoa ho lōna le ho bana ba lōna, ’me le li etelletse pele.

SEHLOOHO SE KA NTLE

Beha Lithibelo Tse Hlakileng

Ho behela bana lithibelo hase ntho e bonolo. U ka atleha joang hore u etse see?

SEHLOOHO SE KA NTLE

Beha Melao ea Boitšoaro e Nepahetseng

Melao-motheo ea Bibele e ka u thusa joang hore u rute bana ba hao melao ea boitšoaro e molemo?

SEHLOOHO SE KA NTLE

Kōpa Thuso ho Molimo

Na ehlile Molimo oa u tsotelle le hoja u le motsoali ea se nang molekane? Bala kamoo batho ba bangata ba ikutloelang kateng hore Molimo o molemo.

NA E ENTSOE?

Mapheoana a Etsang Hore Ntsintsi e Fofe Hantle

Na u kile ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha ho le thata hakaale ho tšoara ntsintsi? Hlokomela seo bo-rasaense ba se fumaneng.

Bibele—Buka ea Boprofeta bo Nepahetseng—Karolo ea 7

Bibele e bolela esale pele hore ho tla felisoa bokhopo bohle. See se tla etsahala joang, hona neng?

Seinoli—Nonyana e Llang ka Tsela e Ikhethang

Na u kile ua utloa tsela eo seinoli se llang ka eona? Ak’u ithute haholoanyane ka melumo e sa tšoaneng eo se e etsang.

BACHA BAA BOTSA

Nka Etsa Joang Hore ke se ke ka Imeloa Kelellong?

Ithute ka lintho tse khōlō tse bakang ho imeloa kelellong le mehato eo u ka e nkang hore u sebetsane le tsona.

PALE EA BOPHELO

Ha Baa ka ba Ntela le ka Mohla

Ke’ng e ileng ea thusa monna ea neng a rata joala le pefo hore a fetole bophelo ba hae?

SEO BIBELE E SE BUANG

Na ho Loketse ho Etsa Mponeng ka Seo U Nang le Sona?

Na u batla metsoalle e u ratang ka lebaka la seo u nang le sona kapa seo u leng sona?

Litsebi Tsa Mehleng e Bohareng Tsa Mechine

Mechine ee ea othomathike, e qalile ho ba teng neng? Mohlomong u tla makala ha u utloa karabo ea potso eo.

Tsela ea ho Utloisisa Bibele

Ho hlahloba Bibele ho ea ka taba eo ho buuoang ka eona ho ka u thusa hore u hlakeloe haholoanyane ke lithuto tsa eona tsa motheo. Joang?

Tsa Mona le Mane

Lihlooho li akarelletsa tse latelang: Ho lemala hlooho papaling ea bolo, likotsi tsa likoloi tsa motlakase le mafura le litšenyehelo tse bakoang ke likoluoa tsa tlhaho.

Se ka Tšohloang ke Lelapa

Khoeling ena ithute ka lintho tseo Molimo a li bōpileng, kamoo Jonathane a ileng a sireletsa Davida kateng le ka Lipaki Tsa Jehova naheng ea Myanmar.