Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Le ka Atleha!

Le ka Atleha!

“Ke thaba haholo ha baralinyana ba ka ba babeli ba nkopa ke sa lebella ’me ba re, ‘Rea u rata ’Mè.’”—ANNA, ’MÈ EA SE NANG MOLEKANE, POLAND.

“Hangata ke ikutloa ke khotsofetse ha ke bona bana ba ka ba ananela lintho tseo ke ba etsetsang tsona. Ka linako tse ling ba mpha limpho tse nyenyane tse kang, litšoantšo tseo ba li takileng. Sena se etsa hore ke bone kamoo boiteko boo ke bo etsang bo ananeloang kateng.”—MASSIMO, NTATE EA SE NANG MOLEKANE, ITALY.

“Ka linako tse ling ha ke ikutloa ke nyahame, e mong oa bara ba ka o ee a nkope, a ntšune ’me a mpolelle kamoo a nthatang kateng.”—YASMIN, ’MÈ EA SE NANG MOLEKANE, AFRIKA BOROA.

TSENA ke tse ling tsa litlhaloso tseo Tsoha! e ileng ea li fumana ha e ne e buisana le batsoali ba bangata ba se nang balekane, phuputsong e entsoeng lefatšeng ka bophara. Batsoali ba bangata ba se nang balekane, haholo-holo bo-’mè, ba ile ba bolela kamoo ba labalabelang kateng ho fumana tšehetso ea molekane ea lerato. * Leha ho le joalo, lintho tseo ba ileng ba li bua ba sa pate letho, li ile tsa boela tsa bontša hore ba se ba tloaetse boemo boo ba phelang ho bona.

Ke’ng e thusitseng batsoali baa hore ba ikamahanye le maemo a bona le ho atleha ho phetha boikarabelo ba bona bo boima? Lihloohong tse latelang, re tla hlahloba likeletso tse ngata tse ka sebelisoang tseo ba faneng ka tsona le lintho tseo ba li buileng ka botšepehi, hammoho le melao-motheo ea bohlokoa e ba thusitseng ho hōlisa bana ba bona. Haeba u motsoali ea se nang molekane, re tšepa hore lihlooho tsena li tla u thusa, eseng feela hore u atlehe ho phetha boikarabelo ba hao bo hlokang boiteko, empa hape hore u bo phethe u thabile ebile u khotsofetse. Ka sebele, ha ho bonolo ho hōlisa bana lefatšeng lena le ntseng le fetoha le le sa tsitsang. *

Lihlooho tsena li tla tšohla haholo likarolo tse tšeletseng. Kamoo batsoali ba se nang balekane ba ka

  1.   Fumanang tšehetso e eketsehileng
  2.   Atlehang ho buisana le bana ba bona
  3.   Etsang hore lintho tsa bohlokoa li tle pele
  4.   Behang lithibelo tse hlakileng
  5.   Behang melao e hlomphehang ea boitšoaro
  6.   Eteletsang Molimo pele kateng malapeng a bona

^ ser. 5 Lefatšeng ka bophara, bongata ba batsoali ba se nang balekane ke basali—e leng ’nete e bontšitsoeng letotong la lihlooho tsena.

^ ser. 6 Melao-motheo e mengata e boletsoeng letotong lena la lihlooho, e ka boela ea thusa le malapa a nang le batsoali ka bobeli.