Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Beha Lithibelo Tse Hlakileng

Beha Lithibelo Tse Hlakileng

Tiea, ’me u lule lentsoeng la hao

“Ho hōlisa bana o le mong ha ho bonolo—haholo-holo ha ba kena lilemong tsa bocha ’me ba fumana khatello ea hore ba se ke ba mamela batsoali.”—DULCE, AFRIKA BOROA.

Bothata.

Bibele e boletse esale pele hore “matsatsing a ho qetela,” bana e tla ba “ba sa mameleng batsoali.”—2 Timothea 3:1, 2.

Litlhahiso.

Hlokomela hore “bana ba lokela ho tseba melao le se lebeletsoeng ho bona e le hore ba atlehe.” (The Single Parent Resource, ea Brook Noel) Setsebi sa kelello se eletsang malapa le bana e leng Barry G. Ginsberg o re: “Likamano ka lapeng lia ntlafala ebile ha ho be le likhohlano haeba ho behiloe lithibelo tse hlakileng.” O ile a phaella ka ho re: “Ha lithibelo li hlakile haholoanyane, ’me li utloahala, ho ba le kutloano ka lapeng.” U ka beha lithibelo tse hlakileng joang?

Tiea, ’me u lule lentsoeng la hao. (Matheu 5:37) Phuputso e ’ngoe ea Australia e senotse hore hangata bana ba tsoa taolong haeba batsoali ba hlōleha ho ba khalemela le ha ba lula ba ba lumella hore ba iketsetse borata. Joalokaha Bibele e bolela: “Moshanyana [kapa ngoanana] ea itaolang o tla hlabisa ’m’ae lihlong.”—Liproverbia 29:15.

U se ke ua lumella hore ho ikutloa u le molato ka lebaka la ho ba motsoali ea se nang molekane ho etse hore u tetese bana. Yasmin ea qotsitsoeng pejana o re: “Ka linako tse ling, ntho ea pele eo ke e etsang ke ho utloela bara ba ka ba babeli bohloko hobane ba hōlela lelapeng la motsoali a le mong.” Le hoja boikutlo bo joalo bo sa fosahala, re tla bona kamoo a sa kang a bo lumella kateng hore bo mo sitise ho sebetsa litaba ka tsela e nepahetseng.

U se ke ua feto-fetoha. American Journal of Orthopsychiatry e re: “Ha bana ba tseba hore ha ba itšoara ka tsela e sa lokelang ba tla khalemeloa kapa ba beheloe lithibelo tse itseng, seo se tla etsa hore ba itšoare hantle.” Yasmin o re: “Ke ile ka lula fatše le bashemane ba ka ’me ra buisana ka hore na ke tla ba khalemela joang. Ha ba etsa phoso, ke leka ho etsa seo ke se buileng. Leha ho le joalo, ke ithutile hore ke mamele seo ba se buang pele, ebe ke ba hlalosetsa ke khobile matšoafo hore na seo ba se entseng se amme lelapa joang. Ka mor’a moo ke hona ke ba khalemelang ka tsela eo re ileng ra buisana ka eona nakong e fetileng.”

Leka-lekanya; u se ke ua ba khalemela u halefile. Le hoja ho hlokahala hore u tiee e le hore u emele se nepahetseng, ho boetse ho hlokahala hore u tenyetsehe ha boemo bo hloka hore u etse joalo. Jakobo 3:17 e re: “Bohlale bo tsoang holimo”—ke hore bo tsoang ho Molimo—bo na le “kahlolo e molemo.” Batho ba nang le kahlolo e molemo ha ba etse lintho ka lepotlapotla kapa ho nkoa ke khalefo. Ebile ha ba ‘khomarele molao’ ba thatafalitse lipelo. Ho e-na le hoo, ba nahana pele, mohlomong le ho rapella taba, ebe ba khona ho nka bohato bo nepahetseng ba khobile matšoafo.

Ho se feto-fetohe, ho tiea le ho leka-lekanya—hammoho le mohlala oa hao o motle—ho tla etsa hore u behe lithibelo tse tla etsa hore lehae la hao e be sebaka se sireletsehileng ho bana ba hao.